Mangolo a halalelang
Ethere 7


Khaolo ea 7

Oriha o busa ka ho loka—Har’a bokhopo le liqabang, mebuso ea ba lireng ea Shule le Cohore e ea thehoa—Baporofeta ba nyatsa bokhopo le borapeli ba lits’oants’o ha sechaba, seo joale se bakang.

1 ‘Me ho ile ha etsahala hore Oriha o ile a phethisa kahlolo holim’a lefats’e leo ka ho loka matsatsi ‘ohle a hae, eo matsatsi a hae a neng a le mangata ka ho fetisisa.

2 ‘Me o ile a tsoala bara le barali; ee, o ile a tsoala mashome a mararo le motso o mong, har’a bao e neng e le bara ba mashome a mabeli a metso e meraro.

3 ‘Me ho ile ha etsahala hore hape o ile a tsoala Kibe botsofaling ba hae. ‘Me ho ile ha etsahala hore Kibe o ile a busa bakeng sa hae; ‘me Kibe o ile a tsoala Corihore.

4 ‘Me ha Corihore a le lilemo tse mashome a mararo a metso e ‘meli o ile a fetohela khahlanong le ntat’ae, ‘me a tsamaea ho ea lula lefats’eng la Nehore; ‘me o ile a tsoala bara le barali, ‘me ba ile ba fetoha ho ba batle ka ho fetisisa; ka baka leo Corihore o ile a hulela batho ba bangata ho ea kamor’a hae.

5 ‘Me ha a se a bokelletse hammoho sesole o ile a nyolohela lefats’eng la Morone moo morena a neng a lula teng, ‘me a mo nkela litlamong, ho ile ha tlisa hore ho etsahale polelo ea moholoane oa Jarede hore ba tla tlisoa ho ea litlamong.

6 Joale lefats’e la Morone, moo morena a neng a lula teng, le ne le le haufi le lefats’e le neng le bitsoa Lesupi ke Ba-Nefi.

7 ‘Me ho ile ha etsahala hore Kibe o ile a lula litlamong, le sechaba sa hae tlas’a Corihore, ho fihlela a tsofala ka ho fetisisa; le ha ho le joalo Kibe o ile a tsoala Shule lilemong tsa hae tsa botsofali, ha a ne a ntse a le litlamong.

8 ‘Me ho ile ha etsahala hore Shule o ne a halefetse moholoane oa hae; ‘me Shule o ile a ba matla, ‘me a fetoha ho ba matla haholo joaloka matla a motho; ‘me hape o ne a le matla haholo kahlolong.

9 Ka baka leo, o ile a tla leralleng la Efraime, ‘me o ile a a qhebelihisa ho tsoa leralleng leo, ‘me a etsa lisabole tsa ts’epe bakeng sa bao a ileng a ba hulela ho tsamaea le eena; ‘me kamorao hore a ba hlomelle ka lisabole o ile a khutlela motseng oa Nehore, ‘me a fana ka ntoa ho moholoane oa hae Corihore, ka mokhoa oo a ileng a hapa puso ‘me a e tsosolosetsa ho ntat’ae Kibe.

10 ‘Me joale ka lebaka la ntho eo Shule a ileng a e etsa, ntat’ae o ile a mo abela puso; ka baka leo o ile a qala ho busa bakeng sa ntat’ae.

11 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a phethisa kahlolo ka ho loka; ‘me o ile a jala puso ea hae holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo, hobane sechaba seo se ile sa fetoha bongata bo fetisisang.

12 ‘Me ho ile ha etsahala hore Shule hape o ile a tsoala bara le barali ba bangata.

13 ‘Me Corihore o ile a bakela lintho tse mpe tse ngata tseo a ileng a li etsa; ka baka leo Shule o ile a mo fa matla ‘musong oa hae.

14 ‘Me ho ile ha etsahala hore Corihore o ne a e-na le bara le barali ba bangata. ‘Me har’a bara ba Corihore ho ne ho e-na le emong eo lebitso la hae e neng e le Noe.

15 ‘Me ho ile ha etsahala hore Noe o ile a fetohela khahlanong le Shule, e leng morena, hape le ho ntat’ae Corihore, ‘me a hulela hole moholoane oa hae Cohore, hape le bana babo le ba bangata ba sechaba seo.

16 ‘Me o ile a fana ka ntoa ho Shule, morena, mo teng a ileng a hapa lefats’e la bojalefa ba pele ba bona; ‘me o ile a fetoha morena holim’a karolo eo ea leftas’e.

17 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a fana ka ntoa hape ho Shule, e leng morena, ‘me o ile a nka Shule, e leng morena, ‘me a mo nkela hole litlamong ho kena Morone.

18 ‘Me ho ile ha etsahala hore joaloka ha a ne a le haufi le ho mo bolaea, bara ba Shule ba ile ba nyonyobela ka tlung ea Noe bosiu ‘me ba mo boalea, ‘me ba robela lemati la chankana fats’e ‘me ba nts’a ntat’a bona, ‘me ba mo beha holim’a terone ‘musong oa hae.

19 Ka baka leo, mora oa Noe o ile a aha ‘muso oa hae bakeng sa hae; le ha ho le joalo ha ba ka ba hlola ba fumana matla holim’a Shule oa morena, ‘me sechaba se neng se le tlas’a puso ea Shule oa morena se ile sa atleha ka ho fetisisa le ho ba matla.

20 ‘Me naha e ne e arohane; ‘me ho ne ho na le ‘mebuso e ‘meli, ‘muso oa Shule, le ‘muso oa Cohore, mora oa Noe.

21 ‘Me Cohore, mora oa Noe, o ile a etsa hore sechaba sa hae se tle se fane ka ntoa ho Shule, e leng moo Shule a ileng a ba otla ‘me o ile a bolaea Cohore.

22 ‘Me joale Cohore o ne a e-na le mora ea neng a bitsoa Nimrode; ‘me Nimrode o ile a nehelana ka puso ea Cohore ho Shule, ‘me o ile a fumana mohau mahlong a Shule; ka baka leo Shule o ile a abela melemo e meholo holim’a hae, ‘me o ile a etsa ‘musong oa Shule ho latela litakatso tsa hae.

23 ‘Me hape pusong ea Shule ho ile ha tla baporofeta har’a sechaba seo, ba neng ba rometsoe ho tsoa ho Morena, ba porofeta hore bokhopo le khumamelo ea lits’oants’o ha sechaba seo ho ne ho tlisa thohako holim’a lefats’e leo, ‘me ba tla timetsoa haeba ba sa bake.

24 ‘Me ho ile ha etsahala hore sechaba seo se ile sa rohaka khahlanong le baporofeta, ‘ma ba ile ba ba sotla. ‘Me ho ile ha etsahala hore morena Shule o ile a phethisa kahlolo khahlanong le bohle ba ileng ba rohaka khahlanong le baporofeta.

25 ‘Me o ile a phethisa molao hohle ka har’e lefats’eng leo lohle, ho ileng ha fana ka matla ho baporofeta hore ba tle ba ee kae kapa kae moo ba ka batlang; ‘me ka lebaka lena sechaba se ile sa tlisoa pakong.

26 ‘Me hobane sechaba seo se ile sa bakela bokhopo ba sona le ho khumamela lits’oants’o morena o ile a ba qenehela, ‘me ba ile ba qala ho atleha hape lefats’eng leo. ‘Me ho ile ha etsahala hore Shule o ile a tsoala bara le barali botsofaling ba hae.

27 ‘Me ho ne ho se ho se na lintoa matsatsing a Shule; ‘me o ile a hopola lintho tse kholo tseo Morena a ileng a li etsa bakeng sa bontat’ae ka ho ba tlisa ho ts’ela botebo bo boholo ho ea kena lefats’eng la pallo; ka baka leo o ile a phethisa kahlolo ka ho loka matsatsi oohle a hae.