Khaolo ea 15
Limilione tsa Ba-Jarede li bolaoa ntoeng—Shize le Koriantumere ba bokanya sechaba sohle ho ntoa e isang lefung—Moea oa Morena o emisa ho ba le bona—Sechaba sa Ba-Jarede se timetsoa ka botlalo—Ho sala Koriantumere feela.
1 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha Koriantumere a se a folile maqebeng a hae, o ile a qala ho hopola mantsoe ao Ethere a ileng a a bolela ho eena.
2 O ile a bona hore ho se ho bolailoe ka sabole bonyane limilione tse peli tsa sechaba sa habo, ‘me o ile a qala ho ba masoabi pelong ea hae; ee, ho ne ho se ho bolailoe limilione tse peli tsa banna ba matla, ‘me hape le basali ba bona le bana ba bona.
3 O ile a qala ho bakela bobe boo a bo entseng; o ile a qala ho hopola mantsoe a ileng a boleloa ka molomo oa baporofeta bohle, ‘me o ile a bona hore a phethehile ho fihlela joana, lintho tsohle; ‘me moea oa hae o ile oa lla ‘me oa hana ho ts’eliseha.
4 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a ngola lengolo ho Shize, a beha ho eena takatso ea hore a ke a qenehele sechaba, ‘me o tla nehelana ka puso molemong oa bophelo ba sechaba.
5 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha Shize a se a fumane lengolo la hae o ile a ngolla lengolo ho Koriantumere, hore haeba o tla inehela, hore a ke a mo bolaee ka sabole ea hae, hore a ke a qenehele bophelo ba sechaba.
6 ‘Me ho ile ha etsahala hore sechaba seo ha sea ka sa bakela bokhopo ba sona; ‘me sechaba sa Koriantumere se ile sa hlohleletsoa ho halefa khahlanong le sechaba sa Shize; ‘me sechaba sa Shize se ile sa hlohleletsoa ho halefa khahlanong le sechaba sa Koriantumere; ka baka leo, sechaba sa Shize se ile sa fana ka ntoa ho sechaba sa Koriantumere.
7 ‘Me ha Koriantumere a bona hore o ne a le haufi le ho oela o ile a baleha hape ka pele ho sechaba sa Shize.
8 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a tla metsing a Ripliankame, ao, ka tlhaloso, a maholo, kapa ho fetisa ohle; ka baka leo, ha ba fihla metsing ana ba ile ba hloma litente tsa bona; ‘me Shize le eena o ile a hloma litente tsa hae pel’a bona; ‘me ka baka leo ka hosasa ba ile ba tla ho tla loana.
9 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba loana e fetisisang ka bohloko ntoa, eo ka eona Koriantumere a ileng a lemala hape, ‘me o ile a akheha ke tahlehelo ea mali.
10 ‘Me ho ile ha etsahala hore mabotho a Koriantumere a ile a petetsa holim’a mabotho a Shize hore ba ile ba ba otla, hore ba ile ba etsa hore ba balehe ka pele ho bona; ‘me ba ile ba balehela ho leba boroa, ‘me ba ile ba hloma litente tsa bona sebakeng se neng se bitsoa Ogathe.
11 ‘Me ho ile ha etsahala hore sesole sa Koriantumere se ile sa hloma litente tsa sona pel’a leralla la Rama; ‘me e ne e le leralla le ts’oanang moo ntate Mormone a ileng a pata lingoliloeng ho Morena, tse neng li halalela.
12 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba bokella hammoho sechaba sohle holim’a sefahleho sa lefats’e leo, se neng se sa ka sa bolaoa, ha e ne e se Ethere.
13 ‘Me ho ile ha etsahala hore Ethere o ile a bona liketso tsohle tsa sechaba seo; ‘me o ile a bona hore sechaba seo e neng e le sa Koriantumere se ne se bokelletsoe hammoho le sesole sa Koriantumere; ‘me le sechaba seo e neng e le sa Shize se ne se bokelletsoe hammoho le sesole sa Shize.
14 Ka baka leo, ka sebaka sa lilemo tse ‘ne ba ne ba ntse ba bokella hammoho sechaba, hore ba ke ba fumane bohle ba neng ba le holim’a sefahleho sa lefats’e leo, ‘me hore ba ke ba fumane matlafalo eohle eo ho neng ho khoneha hore ba ka e fumana.
15 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha ba ne ba bokane hammoho kaofela, e mong le e mong ho sesole seo a se batlang, ka basali ba bona le bana ba bona—banna, basali le bana ba ne ba hlometsoe ka libetsa tsa ntoa, ba na le lithebe, le lits’ireletso tsa sefuba, le matlapa a hlooho, ‘me ba apesitsoe ka mokhoa oa ntoa—ba ile ba hoantela pele ba bang khahlanong le ba bang ho loana; ‘me ba ile ba loana letsatsi leo lohle, ‘me ba sitoa ho hlola.
16 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha e se e le bosiu ba ne ba khathetse, ‘me ba phomolela likampong tsa bona; ‘me kamora hore ba phomolele likampong tsa bona ba ile ba nkela holimo ho bokolla le ho meketsa bakeng sa tahlehelo ea ba bolailoeng ba sechaba sa bo bona; ‘me li ne li le kholo hoo lillo tsa bona, ho bokolla le ho lla, hore ba ile ba hlaba moea ka ho fetisisa.
17 ‘Me ho ile ha etsahala hore ka hosasa ba ile ba tsamaea hape ho ea loana, ‘me le ne le le leholo le ho ts’abeha letsatsi leo, le ha ho le joalo, ba ile ba sitoa ho hlola, ‘me ha bosiu bo fihla hape ba ile ba hlaba moeeng ka lillo tsa bona, le ka ho bokolla ha bona, le ho lla ha bona, bakeng sa tahlehelo ea ba bolailoeng ba sechaba sa bona.
18 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ile a ngola hape lengolo ho Shize, a beha takatso ea hae hore a se ke a tla hape ho tla loana, empa hore o tla nka puso, ‘me a qenehele bophelo ba sechaba.
19 Empa bonang, Moea oa morena o ne o emisitse ho ba le bona, ‘me Satane o ne a na le matla a tletseng holim’a lipelo tsa sechaba; hobane ba ne ba nehetsoe ho ho thatafala ha lipelo tsa bona, le ho ho foufala ha likelello tsa bona hore ba ke ba timetsoe; ka baka leo ba tsamaea hape ho ea loana.
20 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba loana letsatsi lohle, ‘me ha bosiu bo fihla ba ile ba robala holim’a lisabole tsa bona.
21 ‘Me ka hosasa ba ile ba loana esita le ho fihlela bosiu bo e-tla.
22 ‘Me ha bosiu bo fihla ba ne ba tahiloe ke khalefo, esita le joaloka motho a tahiloe ke veine; ‘me ba ile ba robala hape holim’a lisabole tsa bona.
23 ‘Me ka hosasa ba ile ba loana hape; ‘me ha bosiu bo fihla bohle ba ne ba oetse ka sabole ntle le ba neng ba le mashome a mahlano le metso e ‘meli ba sechaba sa Koriantumere le mashome a ts’eletseng le metso e robong ba sechaba sa Shize.
24 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba robala holim’a lisabole tsa bona bosiu, ‘me ka hosasa ba ile ba loana hape, ‘me ba ile ba loants’ana matleng a bona ka lisabole tsa bona le ka lithebe tsa bona, letsatsi leo lohle.
25 ‘Me ha bosiu bo fihla ho ne ho e-na le ba mashome a mararo le metso e ‘meli ba sechaba sa Shize, le ba mashome a mabeli le metso e supileng ba sechaba sa Koriantumere.
26 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba ja ‘me ba robala, ‘me ba lokisetsa lefu ka hosasa. ‘Me e ne e le banna ba matla ba baholo ho ea ka matla a batho.
27 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba loana bakeng sa sebaka sa lihora tse tharo, ‘me ba ile ba akheha ke tahlehelo ea mali.
28 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha banna ba Koriantumere ba se ba fumane matla a lekaneng hore ba ka tsamaea, ba ne ba le haufi le ho baleha bakeng sa bophelo ba bona; empa bonang, Shize o ile a tsoha, hape le banna ba hae, ‘me o ile a ikana ka khalefo ea hae hore o tla bolaea Koriantumere kapa o tla timela ka sabole.
29 Ka baka leo, o ile a ba latella, ‘me ka hosasa o ile a ba ts’oara; ‘me ba ile ba loana hape ka sabole. ‘Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba oele bohle ka sabole, ntle le Koriantumere le Shize, bonang Shize o ne a ile a akheha ke tahlehelo ea mali.
30 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha Koriantumere a ne a its’etlehile ka sabole ea hae, hore o ne a ile a phomola hanyane, o ile a khaola hlooho ea Shize.
31 ‘Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore a khaole hlooho ea Shize, hore Shize o ile a phahamisa matsoho a hae ‘me a oela; ‘me kamorao hore a loanele ho hema, o ile a shoa.
32 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ile a oela fats’e, ‘me a fetoha joaloka ha eka o ne a se na bophelo.
33 ‘Me Morena o ile a bua ho Ethere, ‘me a re ho eena: Tsamaea. ‘Me o ile a tsamaea ‘me a bona hore mantsoe a Morena a ne a phethahalitsoe kaofela; ‘me o ile a qeta lingoliloeng tsa hae; (‘me le karolo ea lekholo ha kea e ngola) ‘me o ile a li pata ka mokhoa oa hore sechaba sa Limhi se ile sa li fumana.
34 Joale mantsoe a ho qetela a ngotsoeng ke Ethere ke ana: Hore na Morena o tla batla hore ke nkoe ke eso bone lefu, kapa hore ke mamelle thato ea Morena nameng, ha ho na taba, haeba feela e le hore kea pholosoa ‘musong oa Molimo. Amen.