Buka ea Ethere
Lingoliloeng tsa Ba-Jarede, li nkuoe ho tsoa matlapeng a mashome a mabeli a metso e mene a thotsoeng ke sechaba sa Limhi matsatsing a Morena Mosaia.
Khaolo ea 1
Moroni o khutsufatsa lingoliloeng tsa Ethere—Lesika la Ethere lea hlalosoa—Puo ea Ba-Jarede ha e ferekanngoe Toreng ea Babele—Morena o ts’episa ho ba etella ho ea lefats’eng le khethehileng le ho ba etsa sechaba se seholo.
1 ‘Me joale ‘na, Moroni, ke tsoelapele ho fana ka pale ea baahi bao ba khale ba ileng ba timetsoa ke letsoho la Morena holim’a sefahleho sa naha ena ea leboea.
2 ‘Me ke nka pale ea ka ho tsoa matlapeng a mashome a mabeli a metso e mene a ileng a fumanoa ke sechaba sa Limhi, ao a bitsoang buka ea Ethere.
3 ‘Me joaloka ha ke nahana hore karolo ea pele ea lingoliloeng tsena, eo e buang malebana le popo ea lefats’e, ‘me hape le ea Adama, le pale ea ho tloha nakong eo esita le ho ea toreng e kholo, le lintho li fe kapa li fe tse etsahetseng har’a bana ba batho hofihlela nako eo, li teng har’a Ba-Juda—
4 Ka baka leo ha ke ngole lintho tseo tse ileng tsa etsahala ho tloha matsatsing a Adama hofihlela nakong eo, empa li teng matlapeng ao; ‘me mang kapa mang ea li fumanang, ea ts’oanang o tla ba le matla a hore a ke a fumane paleng e feletseng.
5 Empa bonang, ha ke le fe pale e feletseng, empa ke fana ka karolo ea pale eo, ho tloha toreng ho ea tlase hofihlela ba ile ba timetsoa.
6 ‘Me ke ka tsela ena ke fanang ka pale. Ea ngotseng lingoliloeng tsena e ne e le Ethere, ‘me e ne e le setloholo sa Koriantore.
7 Koriantore e ne e le mora oa Morone.
8 ‘Me Morone e ne e le mora oa Etheme.
9 ‘Me Etheme e ne e le mora oa Aha.
10 ‘Me Aha e ne e le mora oa Setha.
11 ‘Me Setha e ne e le mora oa Shiblone.
12 ‘Me Shiblone e ne e le mora oa Kome.
13 ‘Me Kome e ne e le mora oa Koriantume.
14 ‘Me Koriantume e ne e le mora oa Amnigadda.
15 ‘Me Amnigadda e ne e le mora oa Aarone.
16 ‘Me Aarone e ne e le setloholo sa Hethe, eo e neng e le mora oa Hearthome.
17 ‘Me Hearthome e ne e le mora oa Libe.
18 ‘Me Libe e ne e le mora oa Kishe.
19 ‘Me Kishe e ne e le mora oa Corome.
20 ‘Me Corome e ne e le mora oa Levi.
21 ‘Me Levi e ne e le mora oa Kime.
22 ‘Me Kime e ne e le mora oa Moriantone.
23 ‘Me Moriantone e ne e le mora oa Riplakishe.
24 ‘Me Riplakishe e ne e le mora oa Sheze.
25 ‘Me Sheze e ne e le mora oa Hethe.
26 ‘Me Hethe e ne e le mora oa Kome.
27 ‘Me Kome e ne e le mora oa Koriantume.
28 ‘Me Koriantume e ne e le mora oa Emere.
29 ‘Me Emere e ne e le mora oa Homere.
30 ‘Me Homere e ne e le mora oa Shule.
31 ‘Me Shule e ne e le mora oa Kibe.
32 ‘Me Kibe e ne e le mora oa Oriha, eo e neng e le mora oa Jarede;
33 Jarede eo a ileng a tla pele le moena oa hae le malapa a bona, le ba bang le malapa a bona, ho tsoa toreng e kholo, ka nako eo Morena a ileng a ferekanya puo ea batho, ‘me a ikana ka khalefo ea hae hore ba tla hasana holim’a sefahleho sohle sa lefats’e; ‘me ho latela lentsoe la Morena batho ba ile ba hasangoa.
34 ‘Me moholoane oa Jarede eo e neng e le monna oa senatla ea matla, ‘me monna ea ratiloeng haholo ke Morena, Jarede, moena oa hae, o ile a re ho eena: Hoelehetsa ho Morena, hore a tle a se ke a re ferekanya hore re sitoe ho utloisisa mantsoe a rona.
35 ‘Me ho ile ha etsahala hore moholoane oa Jarede o ile a hoelehetsa ho Morena, ‘me Morena o ile a ba le kutloelo bohloko holim’a Jarede; ka baka leo ha a ka a ferekanya puo ea Jarede; ‘me Jarede le ngoana’bo ba ne ba sa ferekanngoa.
36 Joale Jarede o ile a re ho moholoane oa hae: Hoelehetsa hape ho Morena, ‘me e ka ba hore o tla tlosa khalefo ea hae ho bona bao e leng metsoalle ea rona, hore a se ferekanye puo ea bona.
37 ‘Me ho ile ha etsahala hore moholoane oa Jarede o ile a hoelehetsa ho Morena, ‘me Morena o ile a ba le kutloelo bohloko holim’a metsoalle ea bona le malapa a bona hape, hore ha ba ka ba ferekanngoa.
38 ‘Me ho ile ha etsahala hore Jarede o ile a bua hape ho moholoane oa hae, a re: Tsamaea o lo botsa Morena hore na o tla re khannela kantle ho lefats’e leo, ‘me haeba o tla re khannela ho tsoa lefats’eng leo, hoelehetsa ho eena hore na re tla ea kae. ‘Me ke mang ea tsebang empa Morena o tla re jarela pele ho kena lefats’eng le khethehileng ka holimo ho lefats’e lohle? ‘Me haeba ho ba joalo, ha re tlaleng tumelo ho Morena, hore re ke re le amohele bakeng sa bojalefa ba rona.
39 ‘Me ho ile ha etsahala hore moholoane oa Jarede o ile a hoelehetsa ho Morena ho latela seo se ileng sa boleloa ke molomo oa Jarede.
40 ‘Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a utloa moholoane oa Jarede, ‘me a ba le kutloelo bohloko holim’a hae, ‘me a re ho eena:
41 Tsamaea ‘me u bokelle hammoho likhuts’oane tsa hau, ka bobeli botona le bots’ehali, tsa mefuta eohle; ‘me hape le peo ea lefats’e ea mefuta eohle; le malapa a hau; ‘me hape le Jarede moena oa hau le lelapa la hae; ‘me hape le metsoalle ea hau le malapa a bona, le metsoalle ea Jarede le malapa a bona.
42 ‘Me ha u se u entse sena u tla tsamaea ka hlohong ho bona ho ea tlase ho kena phuleng e lebesitseng leboea. ‘Me moo ke tla kopana le lona, ‘me ke tla tsamaea ka pele ho lona ho kena lefats’eng le khethehileng holim’a mafats’e oohle a lefats’e.
43 ‘Me moo ke tla u hlohonolofatsa le peo ea hau, ‘me ke phahamisetse holimo ho ‘na sechaba se seholo, ka peo ea hau, le peo ea moena oa hau, le bao ba tlang ho tsamaea le uena. ‘Me ha hona ho ba le sechaba se seng se seholo seo ke tlang ho se phahamisetsa ho ‘na sa peo ea hau, holim’a sefahleho sa lefats’e. ‘Me ke joana ke tlang ho etsa hobane ka nako ena e telele u ile ua hoelehetsa ho ‘na.