Mangolo a halalelang
Ethere 14


Khaolo ea 14

Bokhopo ba sechaba bo tlisa thohako holima lefats’e—Koriantumere o kena ntoeng khahlanong le Gileade, eaba Libe, ‘me eaba Shize—Mali le lipolao li aparela lefats’e.

1 ‘Me joale ho ile ha qala ho ba le thohako e kholo holim’a lefats’e leo lohle ka lebaka la bokhopo ba sechaba, boo ka bona, haeba monna a ne a tlameha ho beha sesebelisoa sa hae kapa sabole ea hae holima raka, kapa holim’a sebaka seo a neng a ka e boloka ho sona, bonang, ka hosasa, o ne a sitoa ho e fumana, e ne e le kholo joalo thohako holima lefats’e leo.

2 Ka baka leo monna e mong le e mong o ile a ts’oarella ho seo e leng sa hae, ka matsoho a hae, ‘me o ne a keke a alima leha e le ho alimana; ‘me monna e mong le e mong o ile a boloka mofeng oa sabole ea hae ka letsohong la hae le letona, ts’ireletsong ea thepa ea hae le ea bophelo ba hae le ba basali ba hae le bana.

3 ‘Me joale, kamora sebaka sa lilemo tse peli, ‘me kamora lefu la Sherede, bonang, ho ile ha tsoha moena oa Sherede ‘me o ile a fana ka ntoa ho Koriantumere, eo ka eona Koriantumere a ileng a mo otla ‘me a mo latella ho ea lefelleng la Akishe.

4 ‘Me ho ile ha etsahala hore moena oa Sherede o ile a fana ka ntoa ho eena lefelleng la Akishe; ‘me ntoa eo e ile ea fetoha ho ba bohloko ka ho fetisisa, ‘me likete tse ngata li ile tsa oela ka sabole.

5 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ile a beha thibello lefelleng; ‘me moena oa Sherede o ile a hoantela pele ho tsoa lefelleng ha e le bosiu, ‘me a bolaea karolo ea sesole sa Koriantumere, joaloka ha ba ne ba tauoe.

6 ‘Me o ile a tla lefats’eng la Morone, ‘me a ipeha holim’a terone ea Koriantumere.

7 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ile a lula le sesole sa hae lefelleng bakeng sa sebaka sa lilemo tse peli, tseo ka tsona a ileng a fumana matlafalo e kholo ea sesole sa hae.

8 Joale moena oa Sherede, eo lebitso la hae e neng e le Gileade, le eena o ile a fumana matlafalo e kholo ea sesole sa hae, ka lebaka la liketso tsa sekhukhu.

9 ‘Me ho ile ha etsahala hore moprista oa hae e moholo o ile a mo bolaea joaloka ha lutse teroneng ea hae.

10 ‘Me ho ile ha etsahala hore e mong oa liketso tsa sekhukhu o ile a mo bolaela tseleng ea lekunutu ‘me a ikhapela ho eena puso; ‘me lebitso la hae e ne e le Libe; ‘me Libe e ne e le monna oa seemo se seholo, ho feta monna o fe kapa o fe har’a sechaba sohle.

11 ‘Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa pele sa Libe, Koriantumere o ile a nyolohela lefats’eng la Morone, ‘me a fana ka ntoa ho Libe.

12 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a loana le Libe, moo Libe a ileng a mo otla sephakeng hore o ile a lemala; leha ho le joalo, sesole sa Koriantumere se ile sa petetsa ho ea pele holim’a Libe, hore o ile a balehela malibohong a holim’a lebopo la leoatle.

13 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ile a mo latella; ‘me Libe o ile a fana ka ntoa ho eena holim’a lebopo la leoatle.

14 ‘Me ho ile ha etsahala hore Libe o ile a otla sesole sa Koriantumere, hore ba ile ba balehela lefelleng la Akishe.

15 ‘Me ho ile ha etsahala hore Libe o ile a mo latella hofihlela a tla lithoteng tsa Agoshe. ‘Me Koriantumere o ne a nkile sechaba sohle le eena ha a baleha ka pele ho Libe karolong eno ea lefats’e moo a ileng a balehela.

16 ‘Me ha a se a tlile lithoteng tsa Agoshe o ile a fana ka ntoa ho Libe, ‘me o ile a mo otla ho fihlela a shoa; leha ho le joalo, moena oa Libe o ile a tla khahlanong le Koriantumere bakeng sa hae hona teng, ‘me ntoa eo e ile ea fetoha ho ba bohloko ka ho fetisisa, eo ka eona Koriantumere a ileng a baleha hape ka pele ho sesole sa moena oa Libe.

17 Joale lebitso la moena oa Libe o ne a bitsoa Shize. ‘Me ho ile ha etsahala hore Shize o ile a latella kamora Koriantumere, ‘me o ile a ketola metse e mengata, ‘me o ile a bolaea ka bobeli basali le bana, ‘me a chesa metse eo.

18 ‘Me ho ile ha tsamaea ts’abo ea Shize ho tsoa lefats’eng leo lohle; ee, sello se ile sa tsamaea hohle ho tsoa lefats’eng leo—Ke mang ea ka emang ka pele ho sesole sa Shize? Bonang, o fiela lefats’e ka pele ho eena!

19 ‘Me ho ile ha etsahala hore sechaba se ile sa qala ho bokana hammoho ka mabotho, hohle ho tsoa sefahlehong sohle sa lefats’e leo.

20 ‘Me ba ne ba arohane; ‘me karolo ea bona e ile ea balehela sesoleng sa Shize, ‘me karolo e ‘ngoe ea bona ea balehela sesoleng sa Koriantumere.

21 ‘Me e ne e ile ea ba kholo ‘me ea e-ba telele joalo ntoa eo, ‘me e bile telele joalo pono ea ts’ollo ea mali le polao, hore sefahleho sohle sa lefats’e leo se ne se apesitsoe ka ‘mele ea bafu.

22 ‘Me e ne e tatile ‘me e le lebelo joalo ntoa eo hore ho ne ho se na mang ea setseng ho pata ba shoeleng, empa ba ile ba hoantela pele ho tsoa ts’ollong ea mali hoea ts’ollong ea mali, ba sia ‘mele ea banna, basali le bana e jalehile holim’a sefahleho sa lefats’e, ho fetoha phofu ho liboko tsa nama.

23 ‘Me monko oa teng o ile oa tsamaea holim’a sefahleho sa lefats’e, esita le holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo; ka baka leo sechaba se ile sa khathatseha bosiu le mots’eare, ka lebaka la monko oa teng.

24 Le ha hole joalo, Shize ha a ka ba a emisa ho latella Koriantumere, hobane o ne a ikanne ho iphetetsa holim’a Koriantumere ka mali a moholoane oa hae, ea ileng a bolaoa, le lentsoe la Morena le ileng la tla ho Ethere hore Koriantumere o tla oela ka sabole.

25 ‘Me ke joana re bonang hore Morena o ile a ba etela ka botlalo ba khalefo ea hae, ‘me bokhopo ba bona le manyala bo ne bo lokisitse tsela ea timelo ea bona e sa feleng.

26 ‘Me ho ile ha etsahala hore Shize o ile a latella Koriantumere ho leba bochabela, esita le ho ea malibohong pel’a lebopo la leoatle, ‘me moo a fana ka ntoa ho Shize bakeng sa sebaka sa matsatsi a mararo.

27 ‘Me e ne e ts’abeha joang timelo har’a mabotho a Shize hore sechaba se ile sa qala ho ts’oha, ‘me sa qala ho baleha ka pele ho mabotho a Koriantumere; ‘me ba ile ba balehela lefats’eng la Corihore, ‘me ba ile ba fiela baahi ka pele ho bona, bohle ba neng ba sa kopane le bona.

28 ‘Me ba ile ba hloma litente tsa bona phuleng ea Corihore; ‘me Koriantumere o ile a hloma litente tsa hae phuleng ea Shurre. Joale phula ea Shurre e ne e le pel’a leralla la Comnore; ka baka leo, Koriantumere o ile a bokella mabotho a hae hammoho holima leralla la Comnore, ‘me o ile a letsa terompeta ho mabotho a Shize ho ba memela ho tla loana.

29 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tla, empa ba ile ba khanneloa morao hape; ‘me ba ile ba tla hape lekhetlo la bobeli, ‘me ba ile ba khanneloa morao hape lekhetlo la bobeli. ‘Me ho ile ha etsahala hore hape lekhetlo la boraro, ‘me ntoa eo e ile ea fetoha ho ba bohloko ka ho fetisisa.

30 ‘Me ho ile ha etsahala hore Shize o ile a otla holim’a Koriantumere hoo a ileng a mo fa maqeba a tebileng; ‘me Koriantumere, ka ho lahleheloa ke mali a hae, o ile a akheha, ‘me o ile a jareloa hole joaloka ha eka o shoele.

31 Joale tahlehelo ea banna, basali le bana ka mahlakoreng ka bobeli e ne e le kholo hoo hore Shize o ile a laela sechaba sa hae hore ba se ke ba latella mabotho a Koriantumere; ka baka leo ba ile ba khutlela kampong ea bona.