Khaolo ea 4
Moroni o laeloa ho tiisa lingoliloeng tsa moholoane oa Jarede—Ha li na ho senoloa hofihlela batho ba e-ba le tumelo esita le joaloka moholoane oa Jarede—Kreste o laela batho ho lumela ho mantsoe a hae le ho a barutuoa ba hae—Batho ba laeloa ho baka, ho lumela evangeli, le ho pholosoa.
1 ‘Me Morena o ile a laela moholoane oa Jarede ho ea tlase ho tsoa thabeng ho tsoa ponts’eng ea Morena, ‘me a ngole lintho tseo a li boneng; ‘me li ne li thibetsoe ho tla ho bana ba batho hofihlela kamora hore a tle a phahamisetsoe holim’a sefapano; ‘me ke ka lebaka lena morena Mosaia a ileng a li boloka, hore li se ke tsa tla ho lefats’e hofihlela kamor’a hore Kreste a iponahatse ho sechaba sa hae.
2 ‘Me kamor’a hore Kreste kannete a iponahatse ho sechaba sa hae, o ile a laela hore li tsebahatsoe.
3 ‘Me joale, kamorao ho moo, ba lahlehetse ho ho se lumele kaofela; ‘me ha hona ea mong ntle le Ba-Lamane, ‘me ba latotse evangeli ea Kreste; ka baka leo ke laeloa hore ke tle ke li pate hape ka mobung.
4 Bonang, ke ngotse holim’a matlapa a na tsona lintho tseo moholoane oa Jarede a li boneng; ‘me ho ne ho so ka ho e-ba le lintho tse kholo ho feta tse ileng tsa hlahisoa ho feta tseo tse ileng tsa hlahisoa ho moholoane oa Jarede.
5 Ka baka leo morena o ile a ntaela hore ke li ngole; ‘me ke ile ka li ngola. ‘Me o ile a ntaela hore ke li tiise; ‘me hape u ntaetse hore ke tiise tlhaloso ea teng; ka baka leo ke tiisitse lifetoleli, ho latela taelo ea Morena.
6 Hobane Morena o ile a re ho ‘na: Ha li na ho tsamaea ho ea ho Balichaba hofihlela letsatsi leo ba tlang ho bakela bokhopo ba bona, ‘me ba hloeke ka pele ho Morena.
7 ‘Me ka letsatsi leo ba tlang ho sebelisa tumela ho ‘na, ho bolela Morena, esita le joaloka ha moholoane oa Jarede a ile a etsa, hore ba ke ba fetohe ba hloekisitsoeng ka ho ‘na, joale ebe ke tla hlahisa ho bona lintho tseo moholoane oa Jarede a ileng a li bona, esita le ho manolla ho bona ts’enolelo tsohle tsa ka, ho bolela Jesu Kreste, Mora oa Molimo, Ntate oa maholimo le lefats’e, le lintho tsohle tseo ho tsona li leng teng.
8 ‘Me ea tlang ho hanyetsa khahlanong le lentsoe la Morena, etsang hore a rohakehe; ‘me ea tlang ho latola lintho tsena, etsang hore a rohakehe; hobane ho bona ha ke na ho bonahatsa lintho tse kholoanyane, ho bolela Jesu Kreste; hobane ke ‘na eena ea buang.
9 ‘Me ka taelo eaka maholimo a buleha ‘me a koaleha; ‘me ka lentsoe la ka lefats’e le tla sisinyeha; ‘me ka taelo ea ka baahi ba teng ba tla shoa, esita le ka mollo.
10 ‘Me ea sa lumeleng mantsoeng a ka ha a lumele barutuoa ba ka; ‘me haeba ho le joalo hore ha ke bue, lona ahlolang; hobane le tla tseba hore ke ‘na ea buang, ka letsatsi la ho qetela.
11 Empa ea lumelang lintho tsena tseo ke li boletseng, eena ke tla mo etela ka liponahatso tsa Moea oa ka, ‘me u tla tseba le ho paka. Hobane ka lebaka la Moea oa ka o tla tseba hore lintho tsena ke tsa ‘nete; hobane li susumetsa batho ho etsa botle.
12 ‘Me eng kapa eng e susumetsang batho ho etsa botle ke ea ka; hobane botle ha bo tsoe ho mang ntle le hore e be ba ka. Ke ea ts’oanang ea etellang batho ho etsa botle; ea ke keng a lumela mantsoe a ka a keke a lumela ho ‘na—hore ke ‘na; ‘me ea ke keng a lumela ho ‘na a keke a lumela ho Ntate a nthomileng. Hobane bonang, Ke ‘na Ntate, ke ‘na khanya, le bophelo, le ‘nete ea lefats’e.
13 Tlohong ho ‘na, Oho lona Balichaba, ‘me ke tla le bonts’a lintho tse khololoanyane, tsebo e patiloeng ka lebaka la ho se lumele.
14 Tlohong ho ‘na, Oho lona ntlo ea Israele, ‘me ho tla bonahatsoa ho lona hore ke lintho tse kholo joang tseo Ntate a li bolokileng bakeng sa lona, ho tloha mothehong oa lefats’e; ‘me ha li so tle ho lona, ka lebaka la ho se lumele.
15 Bonang, mohlang le tabolang lesira leo la ho se lumele leo le le etsang hore le sale boemong ba lona bo ts’abehang ba bokhopo, le ho thatafala ha lipelo tsa lona, le ho foufala ha likelello tsa lona, joale lintho tse kholo tse tsotehang tse ileng tsa pateloa lona ho tloha mothehong oa lefats’e—ee, mohlang le tlang ho bitsa ho Ntate ka lebitso la ka, ka pelo e robehileng le moea o soabileng, joale le tla tseba hore Ntate o hopotse selekane seo a se entseng ho bo ntat’a lona, Oho ntlo ea Iseraele.
16 ‘Me joale ts’enolelo tsa ka tseo ke ileng ka etsa hore li ngoloe ke mohlanka oa ka Johanne li tla senoloa mahlong a batho bohle. Hopolang, ha le bona lintho tsena, le tla tseba hore nako e haufi eo li tlang ho bonahatsoa ka ketso tsohle.
17 Ka baka leo, ha le fumana lingoliloeng tsena le ka tseba hore mosebetsi oa Ntate o qalile holim’a sefahleho sa lefats’e lohle.
18 Ka baka leo, bakang lona lipheletso tsa lefats’e, ‘me le tle ho ‘na, ‘me le lumele ho evangeli ea ka, ‘me le kolobetsoe ka lebitso la ka; hobane ea lumelang ‘me a kolobetsoa u tla pholosoa; empa ea sa lumeleng u tla tsuoa; ‘me mats’oao a tla ba latela ba lumelang ho lebitso la ka.
19 ‘Me ho lehlohonolo ea fumanoang a ts’epahatse ho lebitso la ka ka letsatsi la ho qetela, hobane o tla phahamisetsoa ho lula ‘musong o lokiselitsoeng eena ho tloha mothehong oa lefats’e. ‘Me bonang ke ‘na ea e boletseng. Amen.