Mangolo a halalelang
Ethere 6


Khaolo ea 6

Likepe tsa Ba-Jarede li khannoa ke moea ho ea lefats’eng la pallo—Batho ba rorisa Morena bakeng sa molemo oa hae—Oriha o khethoa ho ba morena holim’a bona—Jarede le moholoane oa hae ba shoa.

1 ‘Me joale ‘na, Moroni, ke tsoelapele ho fana ka pale ea Jarede le moholoane oa hae.

2 Hobane ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Morena a hlophise majoe ao moholoane oa Jarede a neng a a nkile ho ea thabeng, moholoane oa Jarede o ile a tla tlase ho tsoa thabeng, ‘me o ile a beha majoe ka likepeng tse neng li hlophisitsoe, le le leng ka ho se seng le se seng qetellong ea teng; ‘me bonang, a ile a fana ka khanya ka likepeng tseo.

3 ‘Me ke joana Morena a ileng a etsa hore majoe a khanye lefifing, ho fana ka khanya ho banna, basali, le bana, hore ba ke ba se ts’ele metsi ao a maholo ka lefifi.

4 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba hlophile mekhoa eohle ea lijo, hore ka mokhoa oo ba ke ba tsoelepele ho phela holim’a metsi, hape le lijo bakeng sa likhuts’oane le mehlape ea bona, le e fe kapa e fe phoofolo kapa sebata kapa nonyana eo ba tlang ho e nka le bona—‘me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba entse lintho tsena tsohle ba ile ba palama likepe tsa bona, ‘me ba tsamaea ho kena leoatleng, ba inehela ho Morena Molimo oa bona.

5 ‘Me ho ile ha etsahala hore Morena Molimo a etse hore ho be le moea o halefileng ho fefoha holima sefahleho sa metsi, ho leba lefats’eng la pallo; ‘me ke joana ba ileng ba qhoqhoa holim’a maqhubu a leoatle ka pele ho moea.

6 ‘Me ho ile ha etsahala hore e ne e le linako tse ngata moo ba neng ba epetsoe botebong ba leoatle, ka lebaka la lithaba tsa maqhubu a neng a otlana holim’a bona, ‘me hape le lifefo tse kholo tse ts’abehang tse neng li bakoa ke bohale ba moea.

7 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha ba ne ba epetsoe ka botebong ho ne ho se na metsi a ka ba hlahisang kotsi, likepe tsa bona li ne li tiile joalo ka sejana, ‘me hape li ne li tiile joaloka areka ea Noe; ka baka leo ha ba ne ba potapotiloe ke metsi a mangata ba ile ba hoelehetsa ho Morena, ‘me o ile a ba tlisa hape ka holim’a metsi.

8 ‘Me ho ile haetshala hore moea ha oa ka oa emisa ho foka ho leba lefats’eng la pallo ha ba ne ba le ka metsing; ‘me ke joana ba ileng ba khanneloa pele ka pele ho moea.

9 ‘Me ba ile ba bina lithoriso ho Morena; ee, moholaone oa Jarede o ile a bina lithoriso ho Morena, ‘me o ile a leboha le ho rorisa Morena boleleleng ba letsatsi lohle; le ha bosiu bo fihla, ha ba ka ba emisa ho rorisa Morena.

10 ‘Me ba ile ba khanneloa pele; ‘me ho ne ho se na sets’osa sa leoatle se ka ba robang, le ha e le leruarua le neng le ka ba thibela; ‘me ba ile ba tsoelapele ho ba le khanya, hore na e ne e le kaholim’a metsi kapa ka tlasa metsi.

11 ‘Me ke joana ba ileng ba khanneloa pele, matsatsi a makholo a mararo le mashome a mane a metso e mene holim’a metsi.

12 ‘Me ba ile ba fihla lebopong la lefats’e la pallo. ‘Me ha ba se ba behile maoto a bona holim’a mabopo a lefats’e leo la pallo ba ile ba inamela tlase holim’a sefahleho sa lefats’e leo, ‘me ba ile ba ikokobetsa ka pele ho morena, ‘me ba ts’olla likhapha tsa nyakallo ka pele ho Morena, ka lebaka la bongata ba mehau ea pelo ea hae holima’a bona.

13 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tsamaea holim’a sefahleho sa lefats’e leo, ‘me ba qala ho lema mobu.

14 ‘Me Jarede o ne a na le bara ba bane; ‘me ba ne ba bitsoa Jakome, le Gilga, le Maha, le Oriha.

15 ‘Me moholoane oa Jarede le eena o ile a tsoala bara le barali.

16 ‘Me metsoalle ea Jarede le moholoane oa hae ka palo ba ne ba ka ba meea e mashome a mabeli a metso e ‘meli; ‘me le bona ba ile ba tsoala bara le barali pele ba tla lefats’eng la pallo; ‘me ka baka leo ba ile ba qala ho ba bangata.

17 ‘Me ba ne ba rutiloe ho tsamaea ka boikokobetso ka pele ho Morena; ‘me hape ba ne ba rutiloe ho tsoa holimo.

18 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba qala ho jaleha holim’a sefahleho sa lefats’e leo, le ho ngatafala le ho lema mobu; ‘me ba ile ba ba matla lefats’eng leo.

19 ‘Me moholaone oa Jarede o ile a qala ho tsofala, ‘me a bona hore haufi o tlameha ho ea tlase lebitleng; ka baka leo o ile a re ho Jarede: Ha re bokelle hammoho batho ba habo rona hore re ke re ba bale, hore re ke re tsebe ho tsoa ho bona hore na ba ka lakatsa eng ho rona pele re ea tlase mabitleng a rona.

20 ‘Me ho latela joalo batho ba ile ba bokelloa hammoho. Joale palo ea bara le barali ba moholoane oa Jarede e ne e le meea e mashome a mabeli le metso e ‘meli; ‘me palo ea bara le barali ba Jarede e ne e le leshome le metso e ‘meli, eena a na le bara ba bane.

21 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba bala batho ba habo bona; ‘me kamorao hore ba ba bale, ba ile ba batla ho tsoa ho bona lintho tseo ba neng ba lakatsa hore ba li etse pele ba ea tlase mabitleng a bona.

22 ‘Me ho ile ha etsahala hore batho ba ile ba lakatsa ho bona hore ba tlotse e mong oa bara ba bona ho ba morena holim’a bona.

23 ‘Me joale bonang, sena se ne se le bohloko ho bona. ‘Me moholoane oa Jarede o ile a re ho bona: Ruri ntho ena e etella ho kena litlamong.

24 Empa Jarede o ile a re ho moholoane oa hae: Ba lumelle hore ba ke ba be le Morena. ‘Me ka baka leo o ile a re ho bona: Uena khetha ho tsoa har’a bara ba rona morena, esita le eo u tlang ho mo khetha.

25 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba khetha esita le letsibolo la moholoane oa Jarede; ‘me lebitso la hae e ne e le Pagage. ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a hana ‘me o ne a sa batle ho ba morena oa bona. ‘Me sechaba se ne se lakatsa hore ntat’ae a mo susumetse, empa ntat’ae o ne a sa batle; ‘me o ile a ba laela hore ho se be motho eo ba mo susumetseng ho ba morena.

26 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba khetha baena bohle ba Pagage, ‘me ba ne ba sa batle.

27 ‘Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho sa batle le bara ba Jarede, esita le bohle ntle le hore ho ne ho e na le e mong; ‘me Oriha o ile a tlotsetsoa ho ba morena holim’a batho bao.

28 ‘Me o ile a qala ho busa, ‘me sechaba se ile sa qala ho atleha; ‘Me ba ile ba fetohela ho rua ka ho fetisisa.

29 ‘Me ho ile ha etsahala hore Jarede o ile a shoa, ‘me hape le moholoane oa hae.

30 ‘Me ho ile ha etsahala hore Oriha o ile a tsamaea ka boikokobetso ka pele ho Morena, ‘me o ile a hopola na ke joang lintho tse kholo a ileng a li etsa bakeng sa ntat’ae, ‘me hape a ruta batho ba habo hore na ke joang lintho tse kholo Morena a li entseng bakeng sa bo ntat’a bona.