Khaolo ea 9
Puso e feta ho tloha ho e mong ho ea ho e mong ka tsela ea bojalefa, boqhekanyetsi, le lipolao—Emere o ile a bona Mora oa ho loka—Baporofeta ba bangata ba hoelehetsa pako—Tlala le linoha tse chefo li otla sechaba.
1 ‘Me joale ‘na, Moroni, ke tsoelapele ka lingoliloeng tsa ka. Ka baka leo, bonang, ho ile ha etsahala hore ka lebaka la liketso tsa sekhukhu tsa Akishe le metsoalle ea hae, bonang, ba ile ba ketola ‘muso oa Omere.
2 Leha ho le joalo, Morena o ne a tletse mohau ho Omere, hape le ho bara ba hae le barali ba hae ba neng ba sa batle timelo ea hae.
3 ‘Me Morena o ile a lemosa Omere torong hore a tle a falle ho tsoa lefats’eng leo; ka baka leo Omere o ile a falla ho tsoa lefats’eng leo le lelapa la hae, ‘me a tsamaea matsatsi a mangata, ‘me a tla feta pela leralla la Shime, ‘me a tla kaholimo pela moo Ba-Nefi ba ileng ba timetsoa, ‘me ho tloha moo ho ea ’nga ea bochabela, ‘me a tla sebakeng se bitsoang Ablome, pela lebopo la leoatle, ‘me moo o ile a hloma tente ea hae, hape le bara ba hae le barali ba hae, le bohle ba ntlo ea hae, ha e se Jarede le lelapa la hae.
4 ‘Me ho ile ha etsahala hore Jarede o ile a tlotsoa ho ba morena holim’a sechaba, ka letsoho la bokhopo; ‘me o ile a fana ka morali oa hae ho Akishe ho ba mosali.
5 ‘Me ho ile ha etsahala hore Akishe o ile a batla bophelo ba mohoe oa hae; ‘me o ile a kopa ho bao a ileng a hlapanya ka kano ea ba khale, ‘me ba ile ba fumana hlooho ea mohoe oa hae, joaloka ha a ne a lutse holim’a terone ea hae, a fane ka bomameli ho sechaba sa hae.
6 Hobane ho ne ho le hoholo ho jaleha ha mokhatlo ona oa lekunutu o khopo hore o ne o sentse lipelo tsa sechaba; ka baka leo Jarede o ile a bolaeloa holim’a terone ea hae, ‘me Akishe o ile a busa bakeng sa hae.
7 ‘Me ho ile ha etsahala hore Akishe o ile a qala ho monela mora oa hae, ka baka leo o ile a mo koalla chankaneng, ‘me a mo boloka ka tse nyane kapa ho hloka lijo ho fihlela a hlokofatsoa ke lefu.
8 ‘Me moena oa eo ea ileng a hlokofatsoa ke lefu, (‘me lebitso la hae e ne e le Nimra) o ne a halefetse ntat’ae ka lebaka la seo ntat’ae a se entseng ho moholoane oa hae.
9 ‘Me ho ile ha etsahala hore Nimra o ile a bokella hammoho palo e nyenyane ea banna, ‘me a baleha ho tsoa lefats’eng leo, ‘me a tla moo ‘me a lula le Omere.
10 ‘Me ho ile ha etsahala hore Akishe o ile a tsoala ba bang bara, ‘me ba ile ba hapa lipelo tsa sechaba, ho sa tsotellehe hore ba ne ba mo hlapanyelitse ho etsa mekhoa eohle ea bokhopo ho latela seo a neng a se lakatsa.
11 Joale sechaba sa Akishe se ne se lakatsa phaello, esita le joaloka ha Akishe a ne a lakatsa matla; ka baka leo, bara ba Akishe ba ile ba se fa chelete, ka mokhoa oo ba ile ba hulela kamor’a bona karolo e fetang ea sechaba.
12 ‘Me ho ile ha qala ho ba le ntoa lipakeng tsa bara ba Akishe le Akishe, e ileng ea nka lilemo tse ngata, ee, ho isa ts’enyehong ea ho neng ho batla e le sechaba sohle sa puso eo, ee, esita le bohle, ha e ne e se meea e mashome a mararo, le bao ba ileng ba baleha le ntlo ea Omere.
13 Ka baka leo, Omere o ile a tsosolosetsoa hape ho lefats’e la bojalefa ba hae.
14 ‘Me ho ile ha etsahala hore Omere o ile a qala ho tsofala; le ha ho le joalo, botsofaling ba hae o ile a tsoala Emere; ‘me o ile a tlotsetsa Emere ho ba morena ho busa bakeng sa hae.
15 ‘Me kamor’a hore o ile a tlotsetsa Emere ho ba morena o ile a bona khotso lefats’eng leo bakeng sa sebaka sa lilemo tse peli, ‘me o ile a shoa, a ne a bone matsatsi a mangata ka ho fetisisa, a neng a tletse mahlomola. ‘Me ho ile ha etsahala hore Emere o ile a busa bakeng sa hae, ‘me o ile a tlatsa mehato ea maoto a ntat’ae.
16 ‘Me Morena o ile a qala hape ho tlosa thohako ho tloha lefats’eng leo, ‘me ntlo ea Emere e ile ea atleha ka ho fetisisa tlas’a puso ea Emere; ‘me ka sebaka sa lilemo tse mashome a ts’eletseng a metso e ‘meli ba ile ba fetoha ho ba matla a fetisisang, haholo hoo hore ba ile ba fetoha barui ba fetisisang—
17 Ba na le mekhoa eohle ea litholoana, le lijo thollo, le ea silika, le ea lene e ntle, le ea khauta, le ea silivera, le ea lintho tsa bohlokoa.
18 ‘Me hape le mekhoa eohle ea likhomo, ea lipholo, le khomo tse ts’ehali, le linku, le likolobe, hape le mefuta e mengata e meng ea liphoofolo tse neng li sebeliseha bakeng sa lijo tsa motho.
19 ‘Me hape ba ne ba na le lipere, le li esele, ‘me ho ne ho e-na le litlou le Likhurelema le likumome; tsohle tse neng li e-na le ts’ebeliso ho motho, ‘me ka ho khetholoha ho feta litlou le Likhurelema le likumome.
20 ‘Me ke joana Morena a ileng a ts’ollela kantle litlhohonolofatso tsa hae holim’a lefats’e lena, leo le neng le khethehile kaholimo ho mafats’e a mang ohle; ‘me o ile a laela hore mang kapa mang ea tlang ho rua lefats’e leo a tle a le ruele ho Morena, kapa ba tla timetsoa ha ba butsoitse ka bokhopo; hobane holim’a ba joalo, ho bolela Morena: ke tla ts’ollela khalefo ea ka ka ho tlala.
21 ‘Me Emere o ile a phethisa kahlolo ka ho loka matsatsi ohle a hae, ‘me o ile a tsoala bara ba bangata le barali; ‘me o ile a tsoala Koriantume, ‘me o ile a tlotsetsa Koriantume ho busa bakeng sa hae.
22 ‘Me kamorao hore a tlotsetse Koriantume ho busa bakeng sa hae, o ile a phela lilemo tse ‘ne, ‘me a bona khotso lefats’eng leo; ee, ‘me o ile a bona esita le Mora oa ho Loka, ‘me o ile a nyakalla le ho rorisa letsatsing la hae; ‘me o ile a shoa ka khotso.
23 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantume o ile a tsamaea bohatong ba maoto a ntat’ae, ‘me o ile a aha metse e mengata e meholo, ‘me o ile a fana ka seo se leng molemo ho sechaba sa hae matsatsing ‘ohle a hae. ‘Me ho ile ha etsahala hore ha a ka ba a ba le bana esita le ho fihlela a tsofetse ka ho fetisisa.
24 ‘Me ho ile ha etsahala hore mosali oa hae o ile a shoa, a le lilemo tse lekholo le metso e ‘meli. ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantume o ile a nka mosali, lilemong tsa hae tsa botsofali, lekhabunyane le lenyane, ‘me o ile a tsoala bara le barali; ka baka leo o ile a phela ho fihlela a le lilemo tse lekholo le mashome a mane a metso e ‘meli.
25 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a tsoala Kome, ‘me Kome o ile a busa bakeng sa hae; ‘me o ile a busa lilemo tse mashome a mane le metso e robong, ‘me o ile a tsoala Hethe; ‘me hape o ile a tsoala bara le barali.
26 ‘Me sechaba seo se ne se jalehile hape hohle holim’a sefahleho sa lefats’e leo, ‘me ho ile ha qala ho ba le bokhopo bo boholo ka ho fetisisa holim’a sefahleho sa lefats’e leo, ‘me Hethe o ile a qala ho amohela meralo e lekunutu hape ea khale, ho timetsa ntat’ae.
27 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a ketola ntat’ae pusong, hobane o ile a mo bolaea ka sabole ea hae; ‘me o ile a busa bakeng sa hae.
28 ‘Me ho ile ha tla baporofeta lefats’eng leo hape, ba hoelehetsa pako ho bona—hore ba tlameha ho lokisa tsela ea Morena kapa ho tla tla thohako holim’a sefahleho sa lefats’e leo; ee, esita le hore ho tla ba le tlala, eo ka eona ba tlang ho timetsoa haeba ba sa bake.
29 Empa sechaba seo ha sea ka sa lumela mantsoe a baporofeta, empa ba ile ba ba lahlela kantle; ‘me ba bang ba bona ba ile ba ba lahlela likoting ‘me ba ba sia hore ba timele. ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba etsa lintho tsena tsohle ho latela taelo ea morena, e leng Hethe.
30 ‘Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha qala ho ba le khahello e kholo holim’a lefats’e leo, ‘me baahi ba ile ba qala ho timetsoa kapele ka ho fetisisa ka lebaka la khahello, hobane ho ne ho se na pula holim’a sefahleho sa lefats’e.
31 ‘Me teng ho ile ha tla linoha tse chefo hape holim’a sefahleho sa lefats’e, ‘me li ile tsa ts’oaetsa batho ba bangata. ‘Me ho ile ha etsahala hore likhuts’oane tsa bona li ile tsa qala ho baleha kapela linoha tse chefo, ho leba lefats’eng le ka boroa, leo le neng le bitsoa ke Ba-Nefi Zarahemla.
32 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba le bangata ba bona ba ileng ba timella tseleng; le ha ho le joalo, ho ne ho e-na le ba bang ba ileng ba balehela ho kena lefats’eng le ka ho lebisa boroa.
33 ‘Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a etsa hore linoha li se hlole li ba lelekisa ho feta, empa hore ba tle ba koale tsela hore ebe batho ba sitoa ho feta, hore mang ea tlang ho leka ho feta a ka oela ka linoheng tsena tse chefo.
34 ‘Me ho ile ha etsahala hore sechaba se ile sa latela tsela ea libata, ‘me ba ile ba ja litopo tsa bao ba oetseng pel’a tsela, ho fihlela ba ba jele kaofela. Joale ha batho ba bona hore ba tlameha ho timela ba ile ba qala ho bakela bokhopo ba bona ‘me ba hoelehetsa ho Morena.
35 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba ikokobelitse ho lekana ka pele ho Morena o ile a romela pula holima sefahleho sa lefats’e; ‘me sechaba se ile sa qalella ho hlaphoheloa hape, ‘me ho ile ha qala hore ho be le litholoana linaheng tse ka nq’a leboea, ‘me le linaheng tse ling tse potapotileng. ‘Me Morena o ile a bonts’a matla a hae ho bona ka ho ba baballa ho tsoa tlaleng.