Mangolo a halalelang
Moroni 9


Lengolo la bobeli la Mormone ho mora oa hae Moroni.

Ho kenyeletsa Khaolo ea 9.

Khaolo ea 9

Bobeli Ba-Nefi le Ba-Lamane ba senyeha le ho hlepha—Ba hlokofatsana le ho bolaeana—Mormone o rapella hore mohau le botle bo ke bo be holim’a Moroni ka ho sa feleng. Ka bo A.D. 401.

1 Mora oa ka ea ratoang, ke u ngolla hape hore u ke u tsebe hore ke ntse ke phela, empa ke ngola hanyenyane ka seo se bohloko.

2 Hobane bona, ke bile le ntoa e bohloko le Ba-Lamane, eo ka eona re sa kang ra hlola; ‘me Archeantuse o oele ka sabole, hape le Lurame le Emrone; ee, ‘me re lahlehetsoe ke palo e kholo ea banna ba rona ba khethehileng.

3 ‘Me joale bona, mora oa ka, kea ts’aba esere Ba-Lamane ba tla timetsa sechaba sena; hobane ha ba bake, ‘me Satane o ba hlohlelletsa ka khalefo ho tsoelapele e mong ho e mong.

4 Bona, ke ntse ke sebetsa le bona ho tsoelapele; ‘me ha ke bolela lentsoe la Molimo ka bohale ba thothomela ‘me ba halefa khahlanong le ‘na; ‘me ha ke sa sebelise bohale ba thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le lona; ka baka leo, kea ts’oha esere Moea oa Morena o emisitse ho ba le bona.

5 Hobane ba halefa ka ho fetisisa hoo ho bonahalang ho ‘na hore ha bana ts’abo ea lefu; ‘me ba lahlehetsoe ke lerato la bona, e mong ho e mong; ‘me ba nyoretsoe mali le boiphetetso ho tsoelapele.

6 ‘Me joale, mora oa ka, ho sa tsotellehe ho thatafala ha bona, ha re sebetse ka mafolofolo; hobane haeba re emisa ho sebetsa, re tla tlisoa tlasa kahlolo; hobane re na le mosebetsi ho o etsa ha re ntse re le ka har’a tabernakele ena ea letsopa, hore re ke re hlole sera sa ho loka hohle, ‘me re phomotse meea ea rona ‘musong oa Molimo.

7 ‘Me joale ke ngola hanyenyane malebana le lits’otleho tsa sechaba sena. Hobane ho latela tsebo eo ke e fumaneng ho tsoa ho Amorone, bona, Ba-Lamane ba na le bats’oaruoa ba bangata, bao ba ba nkileng ho tsoa toreng ea Sherritsa; ‘me e ne e le banna, basali, le bana.

8 ‘Me banna le bontate ba basali bao le bana ba ba bolaile; ‘me ba fepa basali bao ka nama ea banna ba bona, ‘me bana ka nama ea bo ntat’a bona; ‘me ha ho metsi ntle le a manyenyane, ao ba ba fang ona.

9 ‘Me ho sa tsotellehe manyala ana a maholo a Ba-Lamane, ha a fete a batho ba bo rona ba Moriantume. Hobane bona, barali ba bangata ba Ba-Lamane ba ba nketse ho ba bats’oaruoa; ‘me kamor’a ho ba amoha seo se neng se rateha le ho ba bohlokoa ka holimo ho lintho tsohle, e leng bohloeki le bokhabane—

10 ‘Me kamor’a hore ba etse ntho ena, ba ile ba ba bolaea ka mokhoa o khopo ka ho fetisisa, ba hlokofatsa ‘mele ea bona esita le ho isa lefung; ‘me kamor’a hore ba etse sena, ba ja nama ea bona joaloka libata tse hlaha, ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona; ‘me ba e etsa bakeng sa lets’oao la sebete.

11 Oho mora oa ka ea ratoang, ke joang batho ba tje, ba se nang tlhaboloho—

12 (‘Me ke lilemo tse fokolang feela tse fetileng, ‘me e ne e le sechaba se hlabolohileng ‘me se khahlisang)

13 Empa Oho mora oa ka, ke joang sechaba se tjena, se khahloang ke manyala a mangata joalo—

14 Ke joang re ka lebellang hore Molimo o tla ts’oara letsoho la hae la kahlolo khahlanong le rona?

15 Bona, pelo eaka e ea lla: Ho malimabe sechaba sena. Tsoela kantle ka kahlolo, Oho Molimo, ‘me o pate libe tsa bona, le bokhopo, le manyala ho tloha ka pele ho sefahleho sa hau!

16 ‘Me hape, mora oa ka, hona le bahlolohali ba bangata le barali ba bona ba setseng Sherritsa; ‘me karolo eo ea lijo tseo Ba-Lamane ba sa kang ba li nka, bona, sesole sa Sonefi se li nkile, ‘me ba ba siile hore ba lelere hohle kae kapa kae ba ka khonang bakeng sa lijo; ‘me basali ba bangata ba tsofetseng ba akheha tseleng ‘me ba shoe.

17 ‘Me sesole se nang le ‘na se fokotse; ‘me mabotho a Ba-Lamane a lipakeng tsa Sherritsa le ‘na; ‘me ba bangata joaloka ba ileng ba balehela lebothong la Aarone ba oetse ho ba mahlatsipa a sehloho se bohloko.

18 Oho ts’enyeho ea sechaba sa heso! Ha ba na taolo ‘me ha ba na mohau. Bona, ke mpa ke le motho feela, ‘me ke na le matla a motho, ‘me ke se ke sitoa ho hlola ke qobella litaelo tsa ka.

19 ‘Me ba fetohile matla khopamisong ea bona; ‘me ba ts’oana ka sehloho, ha ba qenehele mang, leha e le ea tsofetseng kapa e monyenyane; ‘me ba khahloa ke ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe ntle le e ntle; ‘me lits’otleho tsa basali ba rona le bana ba rona holim’a sefahleho se sohle sa lefats’e lena li feta ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe; ee, leleme le sitoa ho bolela, leha e le hore e ka ngoloa.

20 ‘Me joale, mora oa ka, ha ke sa lula ho ea pele holim’a pono ena e ts’abehang. Bona, u tseba bokhopo ba sechaba sena; ua tseba hore ha ba na motheo, ‘me ba timeletsoe ke kutlo; ‘me bokhopo ba bona bo feta bono ba Ba-Lamane.

21 Bona, mora oa ka, ke sitoa ho ba khothalletsa ho Molimo esere a nkotla.

22 Empa bona, mora oa ka, ke o khothalletsa ho Molimo, ‘me ke na le ts’epo ho Kreste hore u tla pholosoa; ‘Me ke rapela ho Molimo hore o tla qenehela bophelo ba hau, ho paka ho khutlela ha sechaba sa hae ho eena, kapa timelo ea bona ka botlalo; hobane kea tseba hore ba tlameha ho timela ntle le hore ba bake ‘me ba khutlele ho eena.

23 ‘Me haeba ba timela e tla ts’oana le joaloka Ba-Jarede, ka lebaka la boithatelo ba lipelo tsa bona, ba batlana le mali le boiphetetso.

24 ‘Me haeba ho ba joalo ba timela, rea tseba hore ba bangata bana babo rona ba fetohetse ka ho Ba-Lamane, ‘me ba bang ba bangata ho feta le bona ba tla fetohela ka ho bona; ka baka leo, ngola hanyenyane lintho tse fokolang, haeba o tla qeneheloa ‘me ke tla timela ‘me ke sitoe ho u bona; empa ke na le ts’epo ea hore nka u bona haufi; hobane ke na le lingoliloeng tse halalelang tseo ke tlang ho li nehela ho uena.

25 Mora oa ka, ts’epahalla ho Kreste; ‘me e ke lintho tseo ke li ngotseng li ka se ke tsa u utloisa bohloko, ho u hatella fats’e ho isa lefung; empa e ke Kreste a ka u phahamisa, ‘me e ke lits’otleho tsa hae le lefu, le ho bonts’a ‘mele oa hae ho bo ntat’a rona, le mohau oa hae le mamello, le ts’epo ea khanya ea hae le ea bophelo ba bosafeleng, li phomole kelellong ea hau ka ho sa feleng.

26 ‘Me e se eka mohau oa Molimo Ntate, eo terone ea hae e leng holimo maholimong, le Morena oa rona Jesu Kreste, ea lutseng ka letsohong le letona la matla a hae, ho fihlela lintho tsohle li tla ho ba tlasa hae, u be joalo, ‘me u tsamaee le uena ka ho sa feleng. Amen.