Khaolo ea 4
Kamoo baholo le baprista ba hlohonolofatsang bohobe ba selallo ho ea hlalosoa. Ka bo A.D. 401–421.
1 Mokhoa oo baholo ba bona le baprista ba hlohonolofatsang nama le mali a Kreste ho kereke; ‘me ba ne ba li hlohonolofatsa ho latela litaelo tsa Kreste; ka baka leo re tseba mokhoa oo e le oa ‘nete; ‘me moholo kapa moprista o ne a li hlohonolofatsa—
2 ‘Me ba ne ba khumama fats’e le kereke, ‘me ba rapela ho Ntate ka lebitso la Kreste ba re:
3 Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, re u kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa bohobe bona ho meea ea bohle ba bo nkang, hore ba tle ba je e le khopotso ea ’mele oa Mora oa hau, ’me ba pake ho uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, hore ba ikemiselitse ho inkela ho bona lebitso la Mora oa hau, ’me ba mo hopole ka mehla ’me ba boloke litaelo tsa hae tseo a ba fileng tsona; hore ka mehla moea oa hae o tle o be le bona. Amen.