Khaolo ea 10
Bopaki ba Buka ea Mormone bo tla ka matla a Moea o Halalelang—Lineo tsa Moea li fanoa ho ba ts’epahalang—Lineo tsa Moea kamehla li tsamaea le tumelo—Mantsoe a Moroni a bua ho tsoa leroleng—Tlohong ho Kreste, le phethahatsoe ka ho eena, ‘me le halaletse meea ea lona. Ka bo A.D. 421.
1 Joale ‘na, Moroni, ke ngola hanyenyane joaloka ho le molemo ho ‘na; ‘me ke ngolla ho bana beso, Ba-Lamane; ‘me ke lakatsa hore ba tle ba tsebe hore ho feta lilemo tse makholo a mane le mashome a mabeli li fetile ho tloha ha lets’oao le ile la fanoa la ho tla ha Kreste.
2 ‘Me ke tiisa lingoliloeng tsena, kamor’a hore ke bue mantsoe a fokolang ka tsela ea khothatso ho lona.
3 Bonang, ke lakatsa ho le khothatsa hore ha le tla bala lintho tsena, haeba e tla ba bohlale ho Molimo hore le tle le li bale, hore le tle le hopole hore o bile mohau joang Morena ho bana ba batho, ho tloha popong ea Adama esita le ho tla tlase hofihlela nako eo le tlang ho fumana lintho tsena, ‘me le li nahanisise ka lipelong tsa lona.
4 ‘Me ha le tla amohela lintho tsena, ke lakatsa ho le khothaletsa hore le tle le botse Molimo, Ntate oa bosafeleng, ka lebitso la Kreste, haeba lintho tsena ha se ‘nete na; ‘me haeba le tla botsa ka pelo e ts’epahalang, ka sepheo sa sebele, le na le tumelo ho Kreste, o tla bonahatsa ‘nete ea tsona ho lona, ka matla a Moea o Halalelang.
5 ‘Me ka matla a Moea o Halalelang le ka tseba ‘nete ea lintho tsohle.
6 ‘Me eng kapa eng ntho e ntle e lokile ‘me ke ‘nete; ka baka leo, ha ho letho le letle le latolang Kreste, empa le amohela hore o joalo.
7 ‘Me le ka tseba hore o joalo, ka matla a Moea o Halaleng; ka baka leo ke lakatsa ho le khothaletsa hore le se ke la latola matla a Molimo; hobane o sebetsa ka matla, ho latela tumelo ea bana ba batho, ea ts’oanang kajeno le hosasa, ‘me le ka ho sa feleng.
8 ‘Me hape, kea le khothatsa, bana beso, hore le se ke la latola lineo tsa Molimo, hobane li ngata ‘me li tsoa ho Molimo ea ts’oanang. ‘Me ho na le litsela tse fapaneng tseo lineo tsena li fanoang; empa ke Molimo ea ts’oanang ea sebetsang tsohle ka tsohle; ‘me li fanoa ka liponahatso tsa Moea oa Molimo ho batho, ho ba tsoela molemo.
9 Hobane bonang, ho emong ho fanoa ka Moea oa Molimo, hore a ka ruta lentsoe la bohlale;
10 ‘Me ho e mong, hore a ke a rute lentsoe la tsebo ka Moea o ts’oanang;
11 ‘Me ho e mong, tumelo e fetisisang; ‘me ho e mong, lineo tsa pholiso ka Moea o ts’oanang;
12 ‘Me hape, ho e mong, hore a ke a sebetse mehlolo e meholo;
13 ‘Me hape, ho e mong, hore a ke a porofete malebana le lintho tsohle;
14 ‘Me hape, ho e mong, ho bona mangeloi le meea e sebeletsang;
15 ‘Me hape, ho e mong, mefuta eohle ea maleme;
16 ‘Me hape, ho e mong, tlhaloso ea lipuo le mefuta e mengata e fapaneng ea maleme.
17 ‘Me lineo tsena tsohle li tla ka Moea oa Kreste; ‘me li tla ho motho e mong le e mong hangata, ho latela joalo ka thato ea hae.
18 ‘Me ke lakatsa ho khothatsa lona, bana beso ba ratoang, hore le hopole hore neo e ‘ngoe le e ‘ngoe e ntle e tsoa ho Kreste.
19 ‘Me ke lakatsa ho khothatsa lona, bana beso ba ratoang, hore le hopole hore oa ts’oana maobane, kajeno, le ka ho sa feleng, ‘me hore lineo tsena tseo ke buileng ka tsona, tseo e leng tsa moea, ha li sa tla hlola li ba sieo, esita le joaloka ha lefats’e le tla ema, feela ho latela ho se lumele ha bana ba batho.
20 Ka baka leo, ho tlameha ho be le tumelo; ‘me haeba ho tlameha hore ho be le tumelo ho tlameha hape ho be le ts’epo; ‘me haeba ho tlameha hore ho be le ts’epo ho tlameha hore hape ho be le lerato la sebele.
21 ‘Me ntle le hore le be le lerato la sebele ha ho kamoo le ka khonang ho pholosoa ‘musong oa Molimo; leha e le ho pholosoa ‘musong oa Molimo haeba le se na tumelo; le ha e le hore le ka khona ha le se na ts’epo.
22 ‘Me haeba le se na ts’epo le tlameha ho ba ho nyahameng; ‘me ho nyahama ho tla ka lebaka la bokhopo.
23 ‘Me Kreste kannete o ile a re ho bo ntat’a rona: Haeba le na le tumelo le ka etsa lintho tsohle tse molemo ho ‘na.
24 ‘Me joale ke bua ho lipheletso tsohle tsa lefats’e—hore haeba letsatsi le tla tla leo matla le lineo tsa Molimo li tlang ho ba sieo har’a lona, e tla be e le ka lebaka la ho se lumele.
25 ‘Me ho malimabe ho bana ba batho haeba ho le joalo; hobane ha hona ho ba le mang ea etsang botle har’a lona, che le ea mong. Hobane haeba ho na le ea mong har’a lona ea etsang botle, o tla sebetsa ka matla le lineo tsa Molimo.
26 ‘Me ho malimabe bao ba tlang ho etsa ntho tsena li be sieo ‘me ba shoe, hobane ba shoela libeng tsa bona, ‘me ba sitoa ho pholosoa ‘musong oa Molimo; ‘me ke e bua ho latela mantsoe a Kreste; ‘me ha ke bue leshano.
27 ‘Me ke le khothaletsa ho hopola lintho tsena; hobane e ea tla nako kapele eo le tlang ho tseba hore ha ke bue leshano, hobane le tla mpona setulong sa kahlolo ea Molimo; ‘me Morena Molimo o tla re ho lona; Na ha kea ka ka phatlalatsa mantsoe a ka ho lona, ao a ileng a ngoloa ke monna eo, joaloka ea llang ho tsoa bafung, ee, esita le joaloka ea buang ho tsoa leroleng?
28 Ke phatlalatsa lintho tsena ho isa ho ho phethahatseng ha boporofeta. ‘Me bonang, li tla tsoelapele ho tsoa molomong oa Molimo oa ka ho sa feleng; ‘me lentsoe la hae le tla utloahala ho tloha molokong ho ea molokong.
29 ‘Me Molimo o tla bonts’a ho lona, hore seo ke se ngotseng ke ‘nete.
30 ‘Me hape ke lakatsa ho khothatsa lona hore le tle ho Kreste, ‘me le ts’oarelle ho neo e ‘ngoe le e ‘ngoe e molemo, ‘me le se ke la thetsa neo e mpe, kapa ntho e sa hloekang.
31 ‘Me tsohang, ‘me le phahame leroleng, Oho Jerusalema; ee, ‘me o apare liaparo tsa hau tse ntle, Oho morali oa Sione; ‘me o matlafatse litereke tsa hau ‘me o eketse maliboho a hau ka ho sa feleng, hore u ke u se hlole o hloloa, hore lilekane tsa Ntate oa bosafeleng tseo a ileng a li etsa ho uena, Oho ntlo ea Iseraele, li ke li phethahatsoe.
32 Ee, tlohong ho Kreste, ‘me le etsoe hore le phethehe ka ho eena, ‘me le itatole ho hloka bomolimo bohle; ‘me haeba le tla itatola ho hloka bomolimo bohle, ‘me le rate Molimo ka sefutho sohle sa lona, le kelello le matla, joale mohau oa hae o lekane bakeng sa lona, hore ka mohau oa hae le ke le phethehe ho Kreste; ‘me haeba ka mohau oa Molimo le phethehile ho Kreste, ha hona kamoo le ka latolang matla a Molimo.
33 ‘Me hape, haeba ka mohau oa Molimo le phethehile ho Kreste, ‘me ha le latole matla a hae, joale lea halaletsoa ho Kreste ka mohau oa Molimo, ka ts’ollo ea mali a Kreste, e leng se ka har’a selekane sa Ntate ho ts’oarelo ea libe tsa lona, hore le fetohele ho halalela, le hloke letheba.
34 ‘Me joale ke re ho bohle, salang hantle. Ke haufi le ho ea phomola paradeising ea Molimo, ho fihlela moea oa ka le ‘mele li tlang ho kopana hape, ‘me ke tlisoa pele ke le mohloli sepakapakeng, ho tla kopana le lona kapele ho setulo sa kahlolo se thabisang sa Jehova ea moholo, Moahloli oa Bosafeleng oa ba phelang le ba shoeleng. Amen.
Qetello