Mangolo a halalelang
Moroni 2


Khaolo ea 2

Jesu o ile a fa barutuoa ba leshome le metso e ‘meli ba Ba-Nefi matla a ho fana ka mpho ea Moea o Halalelang. Ka bo A.D. 401–421.

1 Mantsoe a Kreste, ao a a boletseng ho barutuoa ba hae, ba leshome le metso e ‘meli bao a ileng a ba khetha, joaloka ha a ile a beha matsoho a hae holim’a bona—

2 ‘Me o ile a ba bitsa ka lebitso, a re: Le tla bitsa ho Ntate ka lebitso la ka, ka thapelo e matla; ‘me kamor’a hore le etse sena le tla fumana matla hore ho eena eo holim’a hae le tlang ho beha matsoho a lona, le tla mo fa Moea o Halalelang; ‘me ka lebitso la ka le tla fana ka oona, hobane ke joana ho etsang ba-apostola ba ka.

3 Joale Kreste o ile a bolela mantsoe ana ho bona ka nako ea ho hlaha ha hae ha pele; ‘me bongata boo ha boa ka ba utloa, empa barutuoa ba ile ba utloa; ‘me ba bangata joaloka bao ba ileng ba ba beha matsoho a bona, ho ile ha oela Moea o Halalelang.