Khaolo ea 7
Ho fanoa ka memo ea ho kena phomolong ea Morena—Ho rapela ka sepheo sa sebele—Moea oa Kreste o nolofaletsa batho ho tseba botle ho bobe—Satane o susumetsa batho ho latola Kreste le ho etsa bobe—Baporofeta ba bonahatsa ho tla ha Kreste—Ka tumelo, mehlolo e ea sebetsoa le mangeloi a sebeletsa—Batho ba tlameha ho ts’epa bakeng sa bophelo ba bosafeleng le ho its’oarella ho lerato la sebele. Ka bo A.D. 401–421.
1 ‘Me joale ‘na, Moroni, ke ngola mantsoe a fokolang a ntate, Mormone, ao a ileng a a bolela malebana le tumelo, ts’epo, le lerato la sebele; hobane ke kamor’a mokhoa ona a ileng a bolela ho sechaba, ha a ntse a ba ruta ka sinagogeng seo ba ileng ba se aha bakeng sa sebaka sa ho khumamela.
2 Me joale ‘na, Mormone, ke bolela ho lona, bana beso ba ratoang; ‘me ke ka mohau oa Molimo Ntate, le Morena oa rona Jesu Kreste, le thato ea hae e halalelang, ka lebaka la mpho ea pitso ea hae ho ‘na, hore ke lumelletsoe ho bua ho lona ka nako ena.
3 Ka baka leo, ke lakatsa ho bua ho lona bao le leng ba kereke, bao le leng ba khotsong ea bolateli ba Kreste, ‘me ba fumaneng ts’epo e lekaneng eo ka eona le tlang ho kena phomolong ea Morena, ho tloha nakong ena ho ea pele hofihlela le tla phomola le eena leholimong.
4 ‘Me joale bana beso, ke ahlola lintho tsena ka lona ka lebaka la ho tsamaea ka khotso ha lona le bana ba batho.
5 Hobane ke hopola lentsoe la Morena le reng ka mesebetsi ea bona le tla ba tseba; hobane haeba mesebetsi ea bona e ba metle, joale ba lokile le bona.
6 Hobane bonang, Molimo o itse motho ha a le mobe o sitoa ho etsa se lokileng; hobane haeba a nehelana ka mpho, kapa a rapela ho Molimo, ntle le hore a tle a e etse ka sepheo sa sebele ha e mo tsoalle letho.
7 Hobane bonang, ha e balloe ho eena bakeng sa ho loka.
8 Hobane bonang, haeba motho a le mobe a fana ka mpho, o e etsa ka boikhohomoso; ka baka leo e balloa ho eena ho ts’oana le joaloka ha eka o ipoloketse mpho eo; ka baka leo o balloa ka bobe ka pele ho Molimo.
9 ‘Me ka mokhoa o ts’oanang hape e balloa bobe ho motho, haeba o tla rapela ‘me e se ka sepheo sa sebele sa pelo; ee, ‘me ha e mo tsoalle letho, hobane Molimo ha a amohele letho le joalo.
10 Ka baka leo, motho ha a le mobe o tla sitoa ho etsa seo se molemo; leha e le hore a ka fana ka mpho e molemo.
11 Hobane bonang, seliba se babang se tla sitoa ho tlisa metsi a matle; leha e le hore seliba se setle se ka tlisa metsi a babang; ka baka leo, motho e le mohlanka oa diabolosi o tla sitoa ho latela Kreste; ‘me haeba a latela Kreste o tla sitoa ho ba mohlanka oa diabolosi.
12 Ka baka leo, lintho tsohle tse molemo li tsoa ho Molimo; ‘me seo se sebe se tsoa ho diabolosi; hobane diabolosi ke sera ho Molimo, ‘me o loana khahlanong le eena ho tsoelapele, ‘me o mema le ho hohela ho etsa sebe, le ho etsa seo se sebe ho tsoelapele.
13 Empa bonang, seo e leng sa Molimo se memela le ho hohella ho etsa botle ho tsoelapele; ka baka leo, ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e memelang le ho hohella ho etsa botle, le ho rata Molimo, le ho mo sebeletsa, e susumetsoa ke Molimo.
14 Ka baka leo, hlokomelang, bana beso ba ratoang, hore ha le ahlole seo se sebe ho ba sa Molimo, kapa seo se setle ‘me e le sa Molimo ho ba sa diabolosi.
15 Hobane bonang, bana beso, ho fanoe ho lona ho ahlola, hore le ke le tsebe botle ho bobe; ‘me tsela ea ho ahlola e hlakile joalo, hore le ke le tsebe ka tsebo e phethehileng, joaloka ha khanya ea letsatsi e le joalo ho tsoa lefifing la bosiu.
16 Hobane bonang, Moea oa Kreste o fanoe ho motho e mong le e mong, hore a ke a tsebe botle ho bobe; ka baka leo, ke bonts’a ho lona tsela ea ho ahlola; hobane ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e memelang ho etsa botle, le ho susumetsa ho lumela ho Kreste, e rometsoe ka matla a mpho ea Kreste; ka baka leo le ka tseba ka tsebo e phethehileng hore ke ea Molimo.
17 Empa ntho e feng kapa e feng e susumetsang batho ho etsa bobe, le ho se lumele ho Kreste, le ho mo latola, le ho se sebeletse Molimo, joale le ka tseba ka tsebo e phethehileng ke ea diabolosi; hobane ke kamor’a mokhoa ona diabolosi a sebetsang, hobane ha ho motho ea mo susumetsang ho etsa botle, che, ha ho le ea mong; leha e le mangeloi a hae, leha e le bao ba ipehang ho ba ho eena.
18 ‘Me joale, bana beso, ha ho bonahala hore le tseba khanya eo ka eona le ka ahlolang, khanya eo e leng khanya ea Kreste, bonang hore ha le ahlole ka ho fosahala; hobane kahlolo eo e ts’oanang eo le e ahlolang le lona le tla ahloloa joalo ka eona.
19 Ka baka leo, kea le kopa, bana beso, hore le tle le batle ka mafolofolo khanyeng ea Kreste hore le ke le tsebe botle ho bobe; ‘me haeba le tla ts’oarella holim’a ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e ntle, ‘me le sa e ahlole, ka sebele le tla ba bana ba Kreste.
20 ‘Me joale, bana beso, ke joang ho khonehang hore le ka its’oarella holim’a ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e ntle?
21 ‘Me joale ke tla ho tumelo eo, eo ka eona ke itseng ke tla bua; ‘me ke tla le bolella tsela eo ka eona le ka its’oarellang ho ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e ntle.
22 Hobane bonang, Molimo a tseba lintho tsohle, a le ho tloha ho hosafeleng ho isa ho hosafeleng, bonang, o ile a roma mangeloi ho sebeletsa ho bana ba batho, ho etsa ponahatso malebana le ho tla ha Kreste; ‘me ho Kreste ho tla tla ntho e ngoe le e ngoe e ntle.
23 ‘Me Molimo o phatlalalitse ho baporofeta, ka molomo oa hae, hore Kreste o tla tla.
24 ‘Me bonang, ho ne ho na le litsela tse ngata tseo a ileng a bonahatsa lintho ho bana ba batho, tse neng li le ntle; ‘me lintho tsohle tse ntle li tsoa ho Kreste; ho seng joalo batho ba ne ba oele, ‘me ho ne ho sita ho ba le ntho e ntle e tsoang ho bona.
25 Ka baka leo, ka bosebeletsi ba mangeloi, le ka lentsoe le leng le le leng le tsoang molomong oa Molimo, batho ba ile ba qala ho sebelisa tumelo ho Kreste; ‘me ke joana ka tumelo, ba ileng ba ts’oarella ho ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e ntle; ‘me ke joana ho bileng joalo ho fihlela ho hotla ha Kreste.
26 ‘Me kamor’a hore a tle batho hape ba ile ba pholosoa ka tumelo lebitsong la hae; ‘me ka tumelo, ba ile ba fetoha bara ba Molimo. ‘Me ruri joaloka ha Kreste a phela o ile a bolela mantsoe ana ho bo ntat’a rona, a re: Ntho e feng kapa e feng eo le tlang ho e kopa ho Ntate ka lebitso la ka, e ntle, ka tumelo le lumela hore le tla e fumana, bonang, e tla phethisoa ho lona.
27 Ka baka leo, bana beso ba ratoang, na mehlolo e emisitse hobane Kreste o nyolohetse leholimong, ‘me o lutse fats’e letsohong le letona la Molimo, ho batla ho Ntate litokelo tsa hae tsa lereko leo a nang le lona holim’a bana ba batho?
28 Hobane o arabile lipheletso tsa molao, ‘me o tsekile bohle ba nang le tumelo ho eena; ‘me bao ba nang le tumelo ho eena ba tla ts’oarella ho ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e ntle, ka baka leo o buella lebaka la bana ba batho; ‘me o lula ka hosafeleng maholimong.
29 ‘Me hobane o entse sena, bana beso ba ratehang, na mehlolo e emisitse? Bonang ke re ho lona, Che; leha e le mangeloi ha e-so khaotse ho sebeletsa ho bana ba batho.
30 Hobane bonang, a tlasa taolo ea hae, ho sebeletsa ho latela lentsoe la taelo ea hae, ho iponahatsa ho bona ba tumelo e matla le kelello e tsitsitseng ka mekhoa eohle ea bomolimo.
31 ‘Me ofisi ea bosebeletsi ba bona ke ho bitsetsa motho e mong le e mong pakong, le ho phethahatsa le ho etsa mosebetsi oa lilekane tsa Ntate, tseo a li entseng ho bana ba batho, ho lokisetsa tsela har’a bana ba batho, ka ho phatlalatsa lentsoe la Kreste ho lisebelisoa tse khethiloeng tsa Morena, hore ba ke ba behe bopaki ka eena.
32 ‘Me ka ho etsa joalo, Morena Molimo o lokisa tsela hore karolo e ‘ngoe ea batho e ke e be le tumelo ho Kreste, hore Moea o Halalelang o ke o be le sebaka lipelong tsa bona, ho latela matla a teng; ‘me kamor’a mokhoa ona, Ntate o tlisa hore ho etsahale lilekane tseo a li entseng ho bana ba batho.
33 ‘Me Kreste o itse: Haeba le tla ba le tumelo ho ‘na le tla ba le matla a ho etsa eng kapa eng e molemo ho ‘na.
34 ‘Me o ile a re: Bakang lona lipheletso tsa lefats’e, ‘me le tle ho ‘na, ‘me le kolobetsoe ka lebitso la ka, ‘me le be le tumelo ho ‘na, hore le ke le pholosoe.
35 ‘Me joale, bana beso ba ratoang, haeba ena e le eona taba hore lintho tsena ke ‘nete tseo ke li boletseng ho lona, ‘me Molimo o tla bonts’a ho lona, ka matla le khanya e kholo ka letsatsi la ho qetela, hore ke ‘nete, ‘me haeba ke ‘nete na letsatsi la mehlolo le emisitse?
36 Kapa na mangeloi a emisitse ho hlaha ho bana ba batho? Kapa na o ts’oere matla a Moea o halalelalng ho tsoa ho bona? Kapa o tla etsa joalo, ha feela nako e ntse e le teng, kapa lefats’e le sa eme, kapa ho tla ba le motho ea mong holim’a sefahleho sa teng ea tla pholosoa?
37 Bonang ke re ho lona, Che; hobane ke ka tumelo mehlolo e sebetsoang; ‘me ke ka tumelo mangeloi a hlahang le ho sebeletsa batho; ka baka leo, haeba lintho tsena li emisitse, ho malimabe bana ba batho, hobane ke ka lebaka la ho se lumele, ‘me tsohle ke lefeela.
38 Hobane ha hona motho ea ka pholosoang, ho latela mantsoe a Kreste, ntle le hore ba tle ba be le tumelo lebitsong la hae; ka baka leo, haeba lintho tsena li emisitse, joale tumelo le eona e emisitse; ‘me bo bohloko boemo ba motho, hobane ba ba joaloka ha eka ha ho ea ba le topollo e etsoang.
39 Empa bonang, bana beso ba ratoang, ke ahlola lintho tse betere bakeng sa lona, hobane ke ahlola hore le na le tumelo ho Kreste ka lebaka la bonolo ba lona; hobane haeba le se na tumelo ho eena joale ha lea lekana ho baloa har’a batho ba kereke ea hae.
40 ‘Me hape, bana beso ba ratoang, ke lakatsa ho bua ho lona malebana le ts’epo. Ke joang le ka fihlelang tumelo, ntle le hore le be le ts’epo?
41 ‘Me ke eng eo le tlang ho tse’pela ho eona? Bonang ke re ho lona hore le tla ba le ts’epo ka topollo ea Kreste le matla a hae a tsoho ea bafu, ho tsosetsoa bophelong ba bosafeleng, ‘me sena ka lebaka la tumelo ea lona ho eena ho latela ts’episo eo.
42 Ka baka leo, haeba motho a ba le tumelo o tlameha hore a be le ts’epo; hobane ka ntle ho tumelo ho sita hore ho be le ts’epo efe kapa efe.
43 ‘Me hape, bonang ke re ho lona hore o tla sitoa ho ba le tumelo le ts’epo, ntle le hore a be bonolo, ‘me le pelo e kokobetseng.
44 Haeba ho le joalo, tumelo ea hae le ts’epo ke lefeela, hobane ha hona e amohelehileng ho Molimo, ntle le ba bonolo le pelo tse kokobetseng; ‘me haeba motho a ba bonolo le pelo e kokobetseng, ‘me a ipolela ka matla a Moea o Halalelang hore Jesu ke Kreste, o tlameha a be le lerato la sebele; hobane haeba a se na lerato la sebele ha se letho; ka baka leo o tlameha hore a be le lerato la sebele.
45 ‘Me lerato la sebele le mamella halelele, ‘me le mosa, ‘me ha le na mohono, ha le ikhohomose, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le nahane bobe, ha le thabele bokhopo empa le nyakalla ‘neteng, le mamella tsohle, le lumela tsohle, le na le ts’epo ho tsohle, le tiisetsa tsohle.
46 Ka baka leo, bana beso ba ratoang, haeba ha le na lerato la sebele, ha le letho, hobane lerato la sebele ha ho ka mohla le hlolehang. Ka baka leo, ts’oarellang ho lerato la sebele, e leng le leholo ho tsohle, hobane lintho tsohle li tlameha ho hloleha—
47 Empa lerato la sebele ke lerato le hloekileng la Kreste, ‘me le tiisetsa ka ho sa feleng; ‘me mang kapa mang ea fumanoang a na le lona ka letsatsi la ho qetela, ho tla loka ho eena.
48 Ka baka leo, bana beso ba ratoang, rapelang ho Ntate ka matla ‘ohle a pelo, hore le ke le tlatsoe ka lerato lena, leo a le faneng holim’a bohle bao e leng balateli ba ‘nete ba Mora oa hae, Jesu Kreste; hore le ke le fetohe bara ba Molimo; hore ha a hlaha re tle re ts’oane le eena, hobane re tla mo bona joaloka ha a le joalo; hore re ke re be le ts’epo ena; hore re ke re hloekisoe esita le joaloka ha a hloekile. Amen.