Mangolo a halalelang
Moroni 1


Buka ea Moroni

Khaolo ea 1

Moroni o ngola molemong oa Ba-Lamane—Ba-Nefi ba kekeng ba latola Kreste ba ea bolaoa. Ka bo A.D. 401–421.

1 Joale ‘na, Moroni, kamor’a ho etsa pheletso ea ho khutsufatsa pale ea sechaba sa Jarede, ke ne ke sa nahana hore e be ke ngotse ho feta, empa ha ke so timele; ‘me ha ke etse hore ke tsebahale har’a Ba-Lamane esere ba tle ba ntimetse.

2 Hobane bonang, lintoa tsa bona li bohale ka ho fetisisa har’a bona; ‘me ka lebaka la lehloeo la bona ba bolaea Mo-Nefi e mong le e mong ea sa latoleng Kreste.

3 ‘Me ‘na, Moroni, nkeke ka latola Kreste; ka baka leo, ke lelera kae kapa kae hohle moo nka eang bakeng sa polokeho ea bophelo ba ka.

4 Ka baka leo, ke ngola lintho tse ‘maloanyana ho feta, khahlanong le seo ke neng ke se nahanne; hobane ke ne ke sa nahana hore ke tla hlola ke ngola ho feta; empa ke ngotse lintho tse ling ho feta, hore mohlomong li ke li be tsa boleng ho bana beso, Ba-lamane, ka letsatsi le leng la kamoso, ho latela thato ea Morena.