Mangolo a halalelang
Moroni 6


Khaolo ea 6

Batho ba bakileng ba kolobetsoa le ho amoheloa—Litho tsa kereke tse bakang lia ts’oareloa—Liphutheho li tsamaisoa ka matla a Moea o Halalelang. Ka bo A.D. 401–421.

1 ‘Me joale ke bua malebana le kolobetso. Bonang, baholo, baprista, le baruti ba ile ba kolobetsoa; ‘me ha ba ka ba kolobetsoa ntle le hore e be ba ile ba tlisa litholoana tse nepahetseng hore li ne li lokeleha bakeng sa teng.

2 Leha e le ho amohela mang ho kolobetso ntle le hore ba tle ka pelo e robehileng le moea o soabileng, ‘me ba pakahatsa ho kereke hore ba bakile e le kannete libeng tsohle tsa bona.

3 ‘Me ha hona mang a neng a amoheloa ho kolobetso ntle le hore ba inketse ho bona lebitso la Kreste, ba na le boikemisetso ba ho mo sebeletsa ho isa qetellong.

4 ‘Me kamor’a hore ba ile ba amoheloa ho kolobetso, ‘me ba ile ba susumetsoa le ho hloekisoa ka matla a Moea o Halalelang, ba ile ba baloa har’a sechaba sa kereke ea Kreste; ‘me mabitso a bona a ile a nkoa, hore ba ke ba hopoloe le ho matlafatsoa ka lentsoe le molemo la Molimo, ho ba boloka tseleng e nepahetseng, ho ba boloka ba tsoelapele ho falimehela thapelo, ba its’etlehile feela ka melemo ea Kreste, eo e neng e le sengoli le mophethi oa tumelo ea bona.

5 ‘Me kereke e ile ea kopana hammoho khafetsa, ho itima le ho rapela, le ho buisana e mong le e mong malebana le boiketlo ba meea ea bona.

6 ‘Me ba ile ba kopana khafetsa ho nka bohobe le veine, e le khopotso ea Morena Jesu.

7 ‘Me ba ne ba le hlokolosi ho hlokomela hore ho se ke ha ba le bokhopo har’a bona; ‘me ha mang kapa mang a fumanoa a etsa bokhopo, le lipaki tse tharo tsa kereke li ne li ba ahlola ka pele ho baholo, ‘me haeba ba sa bake, ‘me ba sa ipolele, mabitso a bona a ne a hlakoloa, ‘me ba ne ba sa baloe har’a sechaba sa Kreste.

8 Empa khafetsa joaloka ha ba ne ba baka ‘me ba batla ts’oarelo, ka boikemisetso ba sebele, ba ne ba ts’oareloa.

9 ‘Me liphutheho tsa bona li ne tsamaisoa ke kereke kamor’a mokhoa oa mesebetsi ea Moea, ‘me ka matla a Moea o Halalelang; hobane joaloka ha Moea o Halalelang o ba etella pele hore na ba rute, kapa ba khothatse, kapa ba rapele, kapa ba kope ka boikokobetso, kapa ba bine, esita le joalo e ne e etsahala.