Mangolo a halalelang
Moroni 3


Khaolo ea 3

Baholo ba beha baprista le baruti ka peho ea matsoho. Ka bo A.D. 401–421.

1 Mokhoa oo barutuoa, ba neng ba bitsoa baholo ba kereke, ba ileng ba beha baprista le baruti—

2 Kamor’a hore e be ba rapetse ho Ntate ka lebitso la Kreste, ba ile ba beha matsoho a bona holim’a bona, ‘me ba re:

3 Ka lebitso la Jesu Kreste ke u beha ho ba moprista (kapa haeba e le moruti, ke u beha ho ba moruti) ho ruta pako le ts’oarelo ea libe ka Jesu Kreste, ka mamello ea tumelo ho lebitso la hae ho isa qetellong. Amen.

4 ‘Me kamor’a mokhoa ona ba ile ba beha matsoho baprista le baruti, ho latela limpho le lipitso tsa Molimo ho batho; ‘me ba ile ba ba beha matsoho ka matla a Moea o Halalelang, a neng a le ka ho bona.