Khaolo ea 5
Mokhoa oa ho hlohonolofatsa veine ea selallo o oa hlalosoa. Ka bo A.D. 401–421.
1 Mokhoa oa ho hlohonolofatsa veine—Bonang, ba ne ba nka senoelo, ‘me ba re:
2 Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, re u kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa veine ena ho meea ea bohle ba e noang, hore ba tle ba etse seo e le khopotso ea mali a Mora oa hau, a ts’olletsoeng bona; hore ba tle ba pake ho uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, hore ba mo hopole ka mehla, hore moea oa hae o tle o be le bona. Amen.