Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Ho Sebeletsa ba Kulang


Ho Sebeletsa ba Kulang

Ho sebeletsa ba kulang “ka peho ea matsoho” ho na le likarolo tse peli: tlolo ka oli le tiiso ea tlolo ka tlhohonolofatso. Haeba oli e rapelletsoeng e sa fumanehe, tlhohonolofatso e ka fanoa ke ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke ntle le tlolo.

Tlolo ka oli e etsoa ke ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke a le mong. O:

  1. Ts’ela lerotholi la oli e rapelletsoeng hloohong ea motho.

  2. O beha matsoho a hae ha bobebe hloohong ea motho ‘me o bitsa motho ka mabitso a hae a feletseng.

  3. O bolela hore o etsa seo ka tokelo ea Boprista ba Melkisedeke.

  4. O bolela hore o tlotsa ka oli e rapelletsoeng baketseng sa tlolo le tlhohonolofatso ea ba kulang le ba mahlomoleng.

  5. O koala ka lebitso la Jesu Kreste.

Ho tiisa tlolo, ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke a le mong kapa ba bangata ba beha matsoho a bona ha bobebe hloohong ea motho. Ebe a le mong ea tiisang tlolo:

  1. O bitsa motho ka mabitso a feletseng.

  2. O bolela hore o tiisa tlolo ka tokelo ea Boprista ba Melkisedeke.

  3. O fana ka tlhohonolofatso joaloka ha a tataisoa ke Moea.

  4. O koala ka lebitso la Jesu Kreste.