Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Ho Reha le Ho Hlohonolofatsa Bana


Ho Reha le Ho Hlohonolofatsa Bana

Bana ka tloaelo ba rehoa le ho hlohonolofatsoa ka nako ea kopano ea ho itima le bopaki lekaleng le leholo la moo batsoali ba lulang. Maemomg a fapaneng a nako le sebaka se tloaelehileng sa tlhohonolofatso ea ngoana a lokela ho lumelloa ke mobishopo.

Ka tlas’a tsamaiso ea bobishopo, ba ts’oereng Boprista ba Melkisedeke ba bokana ba entse selikalikoe ho reha le ho hlohonolofatsa ngoana. Ba beha matsoho a bona ka tlas’a ngoana kapa ba beha matsoho a bona ha bobebe holim’a hlooho ea ngoana ea moholoanyane. Ebe a le mong ea buang bakeng sa ba bang:

  1. O bua le Ntate ea Maholimong joaloka ha a rapela.

  2. O bolela hore tlhohonolofatso ena e etsoa ka tokelo ea Boprista ba Melkisedeke.

  3. O fa ngoana lebitso.

  4. O bua le ngoana.

  5. O fana ka tlhohonolofatso ho ngoana joaloka ha a tataisoa ke Moea.

  6. O koala ka lebitso la Jesu Kreste.