Kolobetso
Kolobetso ka ho inela ka metsing ke ea nang le tokelo e hlokahala bakeng sa hore motho a fetohe setho sa Kereke ‘me a fumane Moea o Halalelang. Bohle ba batlang phahamiso ba lokela ho latela mohlala oa Mopholosi ka ho amohela lits’ebeletso tsena.
Ts’ebeletso ea kolobetso e etsoa ke moprista kapa ke ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke.
Lipaki tse peli, tse lumelletsoeng ke moetapele ea okametseng, li shebella kolobetso e ‘ngoe le e ‘ngoe ho netefatsa hore e entsoe ka nepo. Litho tsa Kereke tse kolobelitsoeng, tse kenyeletsang bana le bacha li ka sebeletsa e le lipaki.
Kolobetso e lokela ho phetoa haeba mantsoe a sa boleloa hantle joaloka ha a fanoe ka Lithutong tsa Tumelo le Lilekane 20:73. E boela e lokela ho phetoa haeba karolo ea ‘mele oa motho, moriri kapa phahlo e sa ineloa kaofela.
Ho etsa ts’ebeletso ea kolobetso, moprista kapa ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke:
-
O ema ka metsing le motho ea kolobetsoang.
-
O ts’oara lenonyeletso la letsoho le letona la motho ka letsoho la hae le lets’ehali (bakeng sa ho nolofalloa le ho bolokeha). Motho ea kolobetsoang o ts’oara lenonyeletso le lets’ehali la ea ts’oereng boprista ka letsoho la hae le lets’ehali.
-
O phahamisa letsoho la hae le letona ho etsa sekoere.
-
O bitsa mabitso a feletseng a motho ‘me o re, “Joalo ka ha ke romiloe ke Jesu Kreste ke u kolobetsa ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang. Amen” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:73).
-
O etsa hore motho a ts’oare nko ea hae ka letsoho le letona (bakeng sa ho nolofalloa); ebe o beha letsoho la hae le letona holimo ka mokokotlong oa motho ‘me o inela motho kaofela ho kenyeletsa le liphahlo.
-
O thusa motho ho tsoa ka metsing.