Litlhohonolofatso tsa Mats’eliso le Boeletsi, Ho Kenyeletsa Tlhohonolofatso e Fanoang ke Ntate
Ho fana ka tlhohonolofatso ea mats’eliso le boeletsi kapa tlhohonolofatso e fanoang ke ntate, ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke a le mong kapa ba bangata ba beha matsoho a bona ha bobebe hloohong ea motho. Ebe a le mong ea buang bakeng sa ba bang:
-
O bitsa motho ka mabitso a feletseng.
-
O bolela hore tlhohonolofatso eo e etsoa ka tokelo ea Boprista ba Melkisedeke.
-
O fana ka mantsoe a tlhohonolofatso, mats’eliso le boeletsi joaloka ha a tataisoa ke Moea.
-
O koala ka lebitso la Jesu Kreste.