Tiisiletso le Mpho ea Moea o Halalelang
Kamor’a hore motho a kolobetsoe, o tiiseletsoa e le setho sa Kereke ‘me o amohela Moea o Halalelang ka peho ea matsoho (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:41; Diketso 19:1–6). Motho eo o fetoha setho sa Kereke kamorao hore lits’ebeletso tsena tse peli li phetheloe ‘me li ngolisoe ka nepo (bona Johanne 3:5; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 33:11; 3 Nefi 27:20).
Ka tlas’a tsamaiso ea bobishopo, ea mong kapa ba bangata ba ba ts’oereng Boprista ba Melkisedeke ba ka nka karolo tiiseletsong. Ba beha matsoho a bona ha bobebe holim’a hlooho ea motho. Ebe a le mong ea buang bakeng sa ba bang:
-
O bitsa motho ka mabitso a feletseng.
-
O bolela hore ts’ebeletso e etsoa ka tokelo ea Boprista ba Melkisedeke.
-
O tiiseletsa motho e le setho sa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno.
-
O re “amohela Moea o Halalelang” (eseng amohela mpho ea Moea o Halalelang).
-
O fana ka mantsoe a tlhohonolofatso joaloka ha a tataisoa ke Moea.
-
O koala ka lebitso la Jesu Kreste.