Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Ho Rapella Oli


Ho Rapella Oli

Ba ts’oereng Boprista ba Melkisedeke ba lokela ho rapella oli ea mohloare pele e ka sebelisoa ho tlotsa ba kulang kapa ba mahlomoleng (bona Jakobo 5:14). Ha ho oli e ‘ngoe e ka sebelisoang.

Ho rapella oli, ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke:

  1. O ts’oara botlolo e bulehileng ea oli ea mohloare.

  2. O bua le Ntate ea Maholimong joaloka ha a rapela.

  3. O bolela hore o etsa seo ka tokelo ea Boprista ba Melkisedeke.

  4. O rapella oli (eseng botlolo) ‘me o e khethela ho sebeletsa bakeng sa tlolo le tlhohonolofatso ea ba kulang le ba mahlomoleng.

  5. O koala ka lebitso la Jesu Kreste.