Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Ho Behoa


Ho Neoa Boprista le Ho Behoa Ofising ea Boprista

Ho na le likarolo tse peli tsa boprista: boprista ba Aarone le ba Melkisedeke. Ha boprista bo fanoa ho motho, o boetse o behoa ofising ea boprista boo. Kamor’a hore bo bong ba boprista bona bo fanoe, monna o lokela feela ke ho behoa liofising tsa boprista boo.

Mookameli oa setereke se seholo kapa ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke ka tlas’a tsamaiso ea hae a ka beha monna ofising ea moholo. Ke ba ts’oereng Boprista ba Melkisedeke feela ba ka emang ka selikalikoeng.

Mookameli oa setereke se seholo kapa moprista e moholo ka tlas’a tsamaiso ea hae a ka beha monna matsoho ofising ea moprista e moholo. Ke baprista ba baholo feela ba ka emang ka selikalikoeng.

Moprista kapa ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke a ka beha ntate ofising ea motiakone, moruti le moprista. O lokela ho lumelloa ke mobishopo. Mobishopo kapa motho eo a mo khethang o lokela ho ba teng.

Ho nka karolo pehong ea Boprista ba Aarone, motho o lokela hore e be moprista kapa ea ts’oereng Boprista ba Melkisedeke.

Ho fana ka boprista le ho beha motho ofising ea boprista, ea mong kapa ba bangata ba ts’oereng boprista ba beha matsoho a bona ha bobebe holim’a hlooho ea motho. Ebe a le mong ea buang bakeng sa ba bang:

  1. O bitsa motho ka mabitso a feletseng.

  2. O bolela tokelo ea e ts’oereng ka seqo ho etsa ts’ebeletso (e ka ba boprista ba Aarone kapa ba Melkisedeke).

  3. O fana ka Boprista ba Aarone kapa ba Melkisedeke, ntle le haeba bo se bo fanoe.

  4. O beha motho ofising ea Boprista ba Aarone kapa ba Melkisedeke ‘me o nehelana ka lits’oanelo, matla le tokelo ea ofisi eo.

  5. O fana ka mantsoe a tlhohonolofatso joaloka ha a tataisoa ke Moea.

  6. O koala ka lebitso la Jesu Kreste.

Ho beha motho ofising ea boprista kamor’a hore ebe o se a ile a ba boprista bo nepahetseng bo fanoeng ho eena, motho ea etsang ts’ebeletso o tlohella mothati oa 3.