Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Selallo


Selallo

Litho tsa Kereke li kopana ka letsatsi la Sabatha ho khumamela Molimo le ho nka selallo. Nakong ea ts’ebeletso ena, li nka bohobe le metsi ho hopola sehlabelo sa Mopholosi sa nama ea hae le mali le ho nchafatsa lilekane tsa tsona tse halalelang.

  • Baprista le ba ts’oereng Boprista ba Melkisedeke ba ka hlohonolofatsa selallo.

  • Batiakone, baruti, baprista le ba ts’oereng Boprista ba Melkisedeke ba ka fetisa selallo.

  1. Motho ea hlohonolofatsang bohobe oa khumama ‘me o etsa thapelo ea selallo bakeng sa bohobe (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:77).

    Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, re U kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa bohobe bona ho meea ea bohle ba bo nkang, hore ba tle ba je e le khopotso ea ’mele oa Mora oa hau, ’me ba pake ho Uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, hore ba ikemiselitse ho inkela ho bona lebitso la Mora oa hau, ’me ba mo hopole ka mehla ’me ba boloke litaelo tsa hae tseo a ba fileng tsona; hore ka mehla moea oa hae o tle o be le bona. Amen.

  2. Motho ea hlohonolofatsang metsi oa khumama ‘me o etsa thapelo bakeng sa metsi (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:79).

    Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, re U kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa metsi ana ho meea ea bohle ba a noang, hore ba tle ba etse seo e le khopotso ea mali a Mora oa hau, a ts’olletsoeng bona; hore ba tle ba pake ho Uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, hore ba mo hopole ka mehla, hore moea oa hae o tle o be le bona. Amen.