Ho Khetheloa Ha Litho Ho Sebeletsa Lipitsong
Litho tse bitsoang le ho ts’ehetsoa mesebetsing e mengata ea Kereke li lokela ho khetheloa ho sebeletsa mesebetsing eo (bona Johanne 15:16; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 42:11). Nakong ea ho khetheloa ho sebeletsa, motho o fuoa (1) tokelo ea ho sebetsa pitsong eo le (2) mantsoe a tlhohonolofatso joaloka ha a tataisoa ke Moea.
Baokameli ba setereke se seholo, babishopo le baokameli ba lekhotla ba fumana linotlolo tsa boetapele ha ba khetheloa ho sebeletsa. Leha ho le joalo, lentsoe linotlolo ha le lokele ho sebelisoa ha ho khetheloa litho ho sebeletsa lipitsong tse ling, ho kenyeletsa le baeletsi ba boetapele.
E mong kapa ba bangata ba ts’oereng Boprista ba Melkisedeke ba filoeng tumello ba beha matsoho a bona ha bobebe hloohong ea motho. Ebe a le mong ea buang bakeng sa ba bang:
-
O bitsa motho ka mabitso a feletseng.
-
O bolela hore o etsa seo ka tokelo ea Boprista ba Melkisedeke.
-
O khethela motho ho sebeletsa pitsong ea setereke se seholo, lekala le leholo, lekhotla kapa sehlopha.
-
O fana ka linotlolo haeba motho a lokela ho li fumana.
-
O fana ka mantsoe a tlhohonolofatso joaloka ha a tataisoa ke Moea.
-
O koala ka lebitso la Jesu Kreste.