Mangolo a halalelang
2 Nefi 32


Khaolo ea 32

Mangeloi a bua ka matla a Moea o Halalelang—Batho ba tlameha ho rapela ’me ba fumane tsebo bakeng sa bona ho tsoa ho Matla a Moea o Halalelang. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me joale bonang, bana beso ba ratoang, ke nahana hore le nahanisisa ho batla ho le joalo ka lipelong tsa lona malebana le seo le tla se etsa kamora hore le kene ka tsela. Empa, bonang, hobaneng le nahanisisa lintho tse ka lipelong tsa lona?

2 Na ha le hopole hore ke itse ho lona hore kamora hore le amohele Moea o Halalelang le ka khona ho bua ka leleme la mangeloi? ’Me joale, le ne le ka bua ka leleme la mangeloi joang ntle le hore e ne e le ka Moea o Halalelang?

3 Mangeloi a bua ka matla a Moea o Halalelang; ka baka leo, a bua mantsoe a Kreste. Ka baka leo, Ke itse ho lona, ketekang ka mantsoe a Kreste; hobane bonang, mantsoe a Kreste a tla le bolella tsohle tseo le tlamehang ho li etsa.

4 Ka baka leo, joale kamora hore ke bue mantsoe ana, haeba le sitoa ho a utloisisa e tla be e le hobane ha le kope, le haele ho kokota; ka baka leo, ha le na tlisoa khanyeng, empa le tla tlameha ho timela lefifing.

5 Hobane bonang, hape ke re ho lona hore haeba le tla kena ka tsela eo, ’me le amohele Moea o Halalelang, o tla le bonts’a lintho tsohle tseo le tlamehang ho li etsa.

6 Bonang, ena ke thuto ea Kreste, ’me ha ho na ba le thuto ea tumelo e ’ngoe e fetang e fanoeng ho fihlela kamora hore a tle a iponahatse ka bo eena ka nama ho lona. ’Me ha a se iponahalitse ka bo eena ka nama ho lona, lintho tseo a tla li bua ho lona le tla leka ho li etsa.

7 ’Me joale ’na, Nefi, ke sitoa ho bua ho feta; Moea o emisa polelo tsa ka, ’me ke sala le ho hlonama ka lebaka la ho se lumele, le bokhopo, le ho hloka tsebo, le ho satalatsa melala ha batho; hobane ba ke ke ba batla tsebo, kapa ba utloisisa tsebo e kholo, ha ba e fuoe ka ho hlaka, esita joaloka ho hlaka ha lentsoe kamoo le leng ka teng.

8 ’Me joale, bana beso ba ratoang, ke lemoha hore le sa ntse le nahanisisa ka lipelong tsa lona; ’me ke khathatsehile hore ke tlameha ho bua malebana le sena. Hobane haeba le ne le ka mamela Moea o rutang motho ho rapela, le ne le tla tseba hore le tlameha ho rapela; hobane moea o mobe ha o rute motho ho rapela, empa o mo ruta hore a se rapele.

9 Empa bonang, ke re ho lona le tlameha ho rapela kamehla, ’me le se ke la akheha; hore le se ke la etsetsa Morena letho ntle le hore bakeng sa pele le rapele ho Ntate ka lebitso la Kreste, hore a tle a halaletse ho etsa ha lona, hore ho etsa ha lona e tle e be molemong oa meea ea lona.