Mangolo a halalelang
Mantsoe a Mormone 1


Mantsoe a Mormone

Khaolo ea 1

Mormone o khutsufatsa matlapa a maholo a Nefi—O beha matlapa a manyenyane le matlapa a mang—Morena Benjamine o theha khotso lefats’eng leo. Ka bo A.D. 385.

1 ’Me Joale ’na, Mormone ke le makhatheng a ho fetisa lingoliloeng tseo ke li entseng ka matsoho a ka ho mora oaka Moroni, bonang ke bone hoo e ka bang kaofela ts’enyeho ea batho ba heso, Ba-Nefi.

2 ’Me ke ka mora makholo a mangata a lilemo kamora ho tla ha Kreste ke fetisetsang lingoliloeng tsena matsohong a mora oaka; ’me ke lumela hore o tla paka ts’enyeho eohle ea batho ba heso. Empa e ke Molimo a ka mo fa hore a phele, hore a tle a ngole ho batla ho le joalo malebana le bona, le ho batla ho le joalo malebana le Kreste, hore mohlomong ka letsatsi leleng li tle li ba tsoele molemo.

3 ’Me joale, ke bua ho batla ho le joalo malebana le seo ke se ngotseng; hobane kamora hore ke etse khutsufatso ho tsoa matlapeng a Nefi, tlase ho fihlela puso ea morena Benjamine, eo Amaleki a buileng ka eena, Ke batlile har’a lingoliloeng tse fetiselitsoeng matsohong a ka, ’me ka fumana matlapa a ts’oereng pale e nyenyane ka baporofeta, ho tloha ho Jakobo ho isa tlase ho puso ea morena enoa Benjamine, ’me hape le mantsoe a mangata a Nefi.

4 ’Me lintho tse holima matlapa a na lia thabisa ho ’na, ka lebaka la boporofeta ba Kreste ea tlang, ’me bo-ntate ka ho tseba hore boholo ba tsona li phethahetse; ee, ’me le ’na hape kea tseba hore joaloka ha lintho tse ngata li porofetiloe malebana le rona ho fihlela letsatsing lena li phethahetse, ’me le tse ngata tse eang pele kamor’a letsatsi lena li tlameha hore ka ’nete li tle li etsahale—

5 Ka baka leo, ke khethile lintho tsena, ho qetela lingoliloeng tsa ka holim’a tsona, eo karolo e setseng ea lingoliloeng tsaka ke tla e nka matlapeng a Nefi; ’me ke sitoa ho ngola karolo ea ’ngoe lekholong ea lintho tsa batho ba heso.

6 Empa bonang, ke tla nka matlapa ana, a ts’etseng boporofeta le lits’enolo, ’me kea behe le karolo e setseng ea lingoliloeng tsa ka, hobane li khethehile ho ’na; ’me kea tseba hore li tla khetheha ho bana beso.

7 ’Me ke etsa sena bakeng sa morero o bohlale; hobane joana ke utloa nyenyeletso, ho latela mesebetsi ea Moea oa Morena o ka ho ’na. ’Me joale, ha ke tsebe lintho tsohle; empa Morena o tseba lintho tsohle tse tlang; ka baka leo, o sebetsa ka ho ’na ho etsa ho latela thato ea hae.

8 ’Me thapelo eaka ho Molimo ke malebana le bana le bana beso, hore ha ’ngoe hape ba tle tsebong ea Molimo, ee, topollo ea Kreste; hore ha ’ngoe hape e ke e be batho ba thabisang.

9 ’Me joale ’na, Mormone, ke tsoelapele ho qeta ho tsoa lingoliloeng tsa ka, seo ke se nkang ho tsoa matlapeng a Nefi; ’me ke e etsa ho latela tsebo le kuitloisiso eo Molimo a mphileng eona.

10 Ka baka leo, ho ile ha etsahala hore kamora hore Amaleki a fetisetse matlapa a ho ea matsohong a morena Benjamine, o ile a a nka ’me a a beha le matlapa a mang, a ts’etseng lingoliloeng tse ileng tsa fetisetsoa tlase ke marena, ho tloha molokong ho ea molokong ho fihlela matsatsi a morena Benjamine.

11 ’Me li ne li fetiselitsoe tlase ho morena Benjamine, ho tloha molokong ho ea molokong hofihlela li oetse matsohong a ka. ’Me ’na Mormone, ke rapela ho Molimo hore li ke li bolokehe ho tloha nakong ena ho ea pele. ’Me kea tseba hore li tla bolekeha; hobane ho na le ntho tse kholo tse ngotsoeng holim’a ona, tseo ho tsoa ho tsona batho ba heso ba tlang ho ahloloa ka letsatsi le leholo la ho qetela, ho latela lentsoe la Molimo le ngotsoeng.

12 ’Me joale, malebana le morena enoa Benjamine—o ne a ena le ho batla ho le joalo liqabang hara batho ba hae.

13 ’Me ho ile ha etsahala hape hore mabotho a Ba-Lamane a tle tlase ho tsoa lefats’eng la Nefi, ho tla loana khahlanong le batho ba habo. Empa bonang, morena Benjamine a bokella hammoho mabotho a hae, ’me o ile a ema khahlanong le bona; ’me o ile a loana ka matla a letsoho la hae le ka sabole ea Labane.

14 ’Me ka matla a Morena ba ile ba tsekisana khahlanong le lira tsa bona, ho fihlela ba bolaile likete tse ngata tsa Ba-Lamane. ’Me ho ile ha etsahala hore ba tsekisane khahlanong le Ba-Lamane hofihlela ba ba khannetse ka ntle ho mafats’e a bona a bojalefa.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore kamorao ha ba le bo Kreste ba bohata ’me melomo ea bona e ne e koetsoe, ’me ba otloa ho latela botlokotsebe ba bona;

16 ’Me kamora hore ho be le baporofeta ba bohata, le bareri ba bohata le baruti ba bohata har’a batho, ’me bana bohle ha ba se ba otluoe ho latela botlokotsebe ba bona; ’me kamora hore ho be le liqabang tse ngata le ho kheloha ha ba bangata ho ea ho Ba-Lamane, bonang, ho ile ha etsahala hore morema Benjamine, ka thuso ea baporofeta ba halalelang ba neng ba le har’a batho ba habo—

17 Hobane bonang, morena Benjamine e ne e le monna ea halalelang, ’me o ne a busa batho ba habo ka ho loka; ’me ho ne ho ena le banna ba bangata ba halalelang lefats’eng leo, ’me ba ne ba bua lentsoe la Molimo ka matla le tokelo; ’me ba ne ba sebelisa bohale bo bongata ka lebaka la ho satalatsa melala ha batho—

18 Ka baka leo, ka thuso ea bona, morena Benjamine, ka ho sebetsa ka matla ohle a ’mele oa hae le ka boiphihlelo bohle ba moea oa hae, ’me hape le baporofeta, ba ile ba theha khotso ha ’ngoe hape lefats’eng leo.