Mangolo a halalelang
Omni 1


Buka ea Omni

Khaolo ea 1

Omni, Amarone, Kemishe, Abinadome, le Amaleki, e mong le e mong ka ho latellana ba boloka lingoliloeng—Mosaia o sibolla batho ba Zarahemla, ba ne ba tsoa Jerusalema ka matstasi a Zedekia—Mosaia o etsoa morena holima bona—litloholo tsa Muleke Zarahemla li ne li sibollotse Koriantumere, Mo-Jarede oa ho qetela—Morena Benjamine o hlahlama Mosaia—Batho ba tlameha ho fana ka meea ea bona e le nehelo ho Kreste. Ka bo 323–130 B.C.

1 Bonang, ho ile ha etsahala hore ’na Omni, ke laeloe ke ntate, Jarome, hore ke ngole ho batla hole joalo holim’a matlapa ana, ho boloka leloko la rona—

2 Ka baka leo, matsatsing a ka, ke batla le tsebe hore ke loanne haholo ka sabole ho boloka batho ba heso, Ba-Nefi, khahlanong le ho oela matsohong a lira tsa bona, Ba-Lamane. Empa bonang, ’na ka bo-’na ke motho ea khopo, ’me ha kea boloka melao le litaelo tsa Morena joaloka ha ke ne ke tlameha ho etsa.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore lilemo tse makholo a mabeli le mashome a supileng a metso e ts’eletseng li ne li fetile, ’me re bile le linako tse ngata tsa khotso; ’me re bile le linako tse ngata tsa ntoa e tiileng tsa ts’ollo ea mali. Ee, ’me ka kakaretso, lilemo tse makholo a mabeli le mashome a robeli a metso e ’meli li ne li fetile, ’me ke ne ke bolokile matlapa a na holatela litaelo tsa bo-ntate, ’me ka li fetisetsa ho mora oaka Amarone. ’Me ke etsa pheletso.

4 ’Me joale ’na Amarone, ke ngola eng kapa eng eo ke e ngolang, tse fokolang, ka har’a buka ea ntate.

5 Bonang, ho ile ha etsahala hore lilemo tse makhololo a mararo le mashome a mabeli li ne li fetile, ’me karolo e khopo haholo ea Ba-Nefi ba ile ba timetsoa.

6 Hobane Morena o ne a ke ke a lumela, kamora hore a ba etelle ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, le ho boloka le ho ba boloka khahlanong le ho oela matsohong a lira tsa bona, ee, o ne a keke a lumela hore mantsoe ao a se ke a netefatsoa, ao a a buileng ho bo-ntat’a rona, a re: Ha feela le sa boloke litaelo tsaka le ke ke la atleha lefats’eng leo.

7 Ka baka leo, Morena o ile a ba etela ka kahlolo e kholo; le ha ho le joalo o ile a hauhela ba lokileng hore ba se ke ba timela, empa a ba lopolla matsohong a lira tsa bona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ke lokollele matlapa ho moena oaka Kemishe.

9 Joale ’na, Kemishe, ke ngola lintho tse fokolang tseo ke li ngolang, ka har’a buka e ts’oanang ea moholoane oaka; hobane bonang, ke bone sa ho qetela seo a se ngotseng, hore o ngotse ka letsoho la hae; ’me o ngotse ka letsatsi leo a e lokollelang ho ’na. ’Me ka ona mokhoa oona re boloka lingoliloeng, hobane ke ho latela litaelo tsa bo-ntat’a rona. ’Me ke etsa pheletso.

10 Bonang, ’na, Abinadome, ke mora oa Kemishe. Bonang, ho ile ha etsahala hore ke bone ntoa tse ngata le liqabang lipakeng tsa batho ba heso, Ba-Nefi, le Ba-Lamane; ’me ’na, ka sabole eaka, ke nkile maphelo a ba bangata ba Ba-Lamane ts’ireletsong ea bana beso.

11 ’Me bonang, lingoliloeng tsa batho ba na li ngotsoe holim’a matlapa a ts’oeroeng ke marena, ho latela meloko; ’me ha ke tsebe ka ts’enolelo e fe kapa e fe ntle le hore e le seo se ngotsoeng, le ha e le boporofeta; ka baka leo, seo se lekaneng se ngotsoe. ’Me ke etsa pheletso.

12 Bonang, ’na ke Amaleki, mora oa Abinadome. Bonang, ke tla bua le lona ho batla ho le joalo malebana le Mosaia, eo a ileng a etsoa morena holima lefats’e la Zarahemla; hobane bonang, eena a ile a lemosoa ke Morena hore a balehe ho tsoa lefats’eng la Nefi, le bongata ho latela ba mametseng lentsoe la Morena hore ba falle lefats’eng leo le eena, ho ea lefelleng—

13 ’Me ho ile ha etsahala hore a etse ho latela joaloka ha Morena a ne a mo laetse. ’Me ba ile ba falla ho tsoa lefats’eng leo ho ea lefelleng, ba bangata ho latela ba mametseng lentsoe la Morena; ’me ba ne ba etelletsoe ke lithuto le bopofofeta. ’Me ba ne ba tsoelapele ho eletsoa ka lentsoe la Molimo; ’me ba ne ba etelletsoe ke matla a letsoho la hae, har’a lefella ho fihlela ba fihla tlaase lefats’eng le bitsoang lefats’e la Zarahemla.

14 ’Me ba ile ba sibolla batho, ba ne ba bitsoa batho ba Zarahemla. Joale ho ne ho ena le nyakallo e kholo har’a batho ba Zarahemla; le Zarahemla hape o ile a nyakalla ka ho fetisisa, hobane Morena o ne a rometse batho ba Mosaia le matlapa a ts’epe e khubelu a neng a ts’etse lingoliloeng tsa Ba-Juda.

15 Bonang, ho ile ha etsahala hore Mosaia a sibolle hore batho ba Zarahemla ba tsoile Jerusalema ka nako eo Zedekia, morena oa Juda, a neng a nkeloa litlamong Babilona.

16 ’Me ba tsamaile lefelleng, ’me ba ile ba tlisoa ke letsoho la Morena ho ts’ela metsi a maholo, ho ea lefats’eng leo Mosaia a ba sibollotseng ho lona, ’me ba ne ba ile ba lula moo ho tloha nakong eo ho ea pele.

17 ’Me ka nako eo Mosaia a ba sibollang, ba ne ba se ba le bangata ka ho fetisisa ka lipalo. Leha ho le joalo, ba ile ba eba le lintoa tse ngata le liqabang tse tiileng, ’me ba oetse ka sabole nako le nako; le puo ea bona e ne e senyehile; ’me ba ne ba sa tla le lingoliloeng; ’me ba ne ba ile ba hana bong ba ’Mopi oa bona, ’me Mosaia, kapa batho ba Mosaia ba ne ba ba utloisisa.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore Mosaia a etse hore ba rutoe ka puo ea hae. ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ba rutoe ka puo ea Mosaia, Zarahemla o ile a fana ka leloko la bo-ntat’ae, ho latela mohopolo oa hae, ’me li ngotsoe, empa eseng matlapeng ana.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba Zarahemla, le ba Mosaia, ba kopane ’moho; ’me Mosaia o ile a khethoa ho ba morena oa bona.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore matsatsing a Mosaia, ho be le lejoe le leholo le tlisoang ho eena le na le mongolo ho lona; ’me o ile a toloka mongolo ka mpho le matla a Molimo.

21 ’Me o ne o fana ka pale ea e mong Koriantumere, le batho ba habo ba bolailoeng. ’Me Koriantumere o ne a sibollotsoe ke batho ba Zarahemla, ’me o lutse le bona nako ea likhoeli tse robong.

22 E ne e bua hape mantsoe a fokolang malebana le bo-ntat’ae. ’Me batsoali ba hae ba pele ba ne ba tsoa toreng, ka nako eo Morena a ferekanyang puo ea batho; ’me kotlo ea Morena e ile ea oela holim’a bona ho latela likahlolo tsa hae, tse lokileng, ’me masapo a bona a lutse a qhalakane lefats’eng le ho isa leboea.

23 Bonang, ’na, Amaleki, ke ne ke tsoetsoe matsatsing a Mosaia, ’me ke phetse ho bona lefu la hae; ’me Benjamine, mora oa hae, o busitse bakeng sa hae.

24 ’Me bonang, ke bone, matsatsing a morena Benjamine, ntoa e tiileng le ts’ollo e ngata ea mali pakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane. Empa bonang, Ba-Nefi ba ile ba fumana monyetla o mongata holima bona; ee, hoo morena Benjamine a ileng a ba khannela ka ntle ho Zarahemla.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore ke qale ho tsofala, ’me, ka ha ke se na peo, ’me ke tseba morena Benjamine e le monna ea lokileng ka pele ho Morena, ka baka leo, ke tla fana ka matlapa a na ho eena, ke khothaletsa batho bohle ho tla ho Molimo, Mohalaleli oa Iseraele, ’me ba lumele ho boporofeta le lits’enolelo, le bosebeletsi ba mangeloi, le mpho ea ho bua ka maleme, le mpho ea ho toloka lipuo, le lintho tsohle tse ntle, hobane ha hona letho le letle ntle le hore le tsoa ho Morena: ’me seo se sebe se tsoa ho diabolose.

26 ’Me joale, bana beso ba ratoang, ke lakatsa hore le tle ho Kreste, eo e leng Mohalaleli oa Iseraele, ’me le nke poloko ea hae le matla a topollo ea hae. Ee, tlohong ho eena, ’me le nehele ka meea eohle ea lona e le kabelo ho eena, ’me le tsoelepele ka ho itima le ho rapela, ’me le mamelle ho isa qetellong; ’me joaloka ha Morena a phela le tla pholosoa.

27 ’Me joale ke lakatsa ho bua ho batlang ho le joalo malebana le palo e itseng ea ba ileng ba tsamaea ho ea lefelleng ho khutlela lefats’eng la Nefi; hobane ho bile le palo e kholo ea bao ba neng ba lakatsa ho lula lefats’eng la bojalefa ba bona.

28 Ka baka leo, ba ile ba ea lefelleng. ’Me moetapele oa bona e le monna ea matla a maholo, ’me monna ea molala o sataletseng, ka baka leo, o ile a etsa liqabang har’a bona; ’me ba ile ba bolaoa, ntle le mashome a mahlano, lefelleng, ’me ba ile ba khutlela hape lefats’eng la Zarahemla.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba nka ba bang hape ho isa palong e kholo, ’me ba nka leeto la bona hape lefelleng.

30 ’Me ’na, Amaleki, ke ne ke na le moena oaka, eo hape a ileng a tsamaea le bona; ’me ha ke so tsebe letho ho tloha hoo malebana le eena. ’Me ke haufi le ho botha fats’e lebitleng la ka; ’me matlapa a na a tletse. ’Me ke etsa pheletso ea ho bua ha ka.