Mangolo a halalelang
Enose 1


Buka ea Enose

Khaolo ea 1

Enose o rapela ka matla ’me o fumana ts’oarelo ea libe tsa hae—Lentsoe la Morena le tla kelellong ea hae, le ts’episa poloko bakeng sa Ba-Lamane letsatsing la bokamoso—Ba-Nefi ba lekile ho fetola Ba-Lamane—Enose o nyakalla ho Molopolli oa hae. Ka bo 420 B.C.

1 Bonang, ho ile ha etsahala hore ’na, Enose, ke tseba hore ntate e ne e le monna ea lokileng—hobane o ne a nthutile ka puo ea hae, ’me hape le ka tlhokomelo le taeo ea Morena—’me ho rorisoe lebitso la Molimo oa ka ka baka leo—

2 ’Me ke tla le phetela ka ntoa eo ke bileng le eona ka pela Molimo, pele ke fumana ts’oarelo ea libe tsa ka.

3 Bonang, Ke ile ka ea tsoma libata merung; ’me mantsoe ao hangata ke ne ke utloe ntate a a bua malebana le bophelo ba bosafeleng, le nyakallo ea bahalaleli, tsa tebela botebong ba pelo eaka.

4 ’Me moea oa ka o ne o lapile; ’me ka khumama fats’e ka pela ’Mopi oa ka, ’me ka llela ho eena ka thapelo e matla le kōpo ea boikokobetso bakeng sa moea oa ka; ’me ke ile ka llela ho eena letsatsi lohle; ee, le ha bosiu bo fihla ka nna ka phahamisetsa lentsoe la ka holimo hore le fihle Maholimong.

5 ’Me ho ile ha tla lentsoe ho ’na, la re: Enose, libe tsa hau li ts’oaretsoe, ’me u tla hlohonolofatsoa.

6 ’Me ’na, Enose, ke ne ke tseba hore Molimo o ne a keke a thetsa, ka baka leo, molato oa ka o ile oa hlakoloa.

7 ’Me ka re: Morena, e etsoa joang?

8 ’Me o ile a re ho ’na: Ka lebaka la tumelo ea hau ho Kreste, eo u so kang u mo utloa pele kapa ho mo bona. ’Me ho tla feta lilemo tse ngata pele a tla iponahatsa ka nama; ka baka leo, tsamaea, tumelo ea hau e u pholositse.

9 Joale, ho ile ha etsahala hore ha ke se ke utloile mantsoe ana ka qala ho ba le takatso ea boiketlo ba bana beso, Ba-Nefi; ka baka leo, ke ile ka ts’ollela moea oaka ohle ho Molimo bakeng sa bona.

10 ’Me ha ke ntse ke sokola moeeng, bonang, lentsoe la Morena la tla hape kelellong eaka, le re: Ke tla etela bana beno ho latela mafolofolo a bona ho bolokeng litaelo tsa ka. Ke ba file lefats’e lena, ’me ke lefats’e le halalelang, ’me ha ke le fe thohako ntle le ka lebaka le bokhopo; ka baka leo, ke tla etela bana beno ho latela joaloka ha ke boletse; ’me litlolo tsa bona ke tla li tlisa tlaase ka masoabi holima lihlooho tsa bona.

11 ’Me kamora hore ’na, Enose, ke utloe mantsoe ana, tumelo eaka ea qala ho se sisinyehe ho Morena; ’me ka rapela ho eena ka ts’okolo tse ngata tse telele bakeng sa bana beso, Ba-Lamane.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ke rapele ’me ke sebetse ka mafolofolo ohle, Morena a re ho ’na: Ke tla u etsetsa ho latela litakatso tsa hau ka lebaka la tumelo ea hau.

13 ’Me joale bonang, ena e ne e le takatso eo ke neng ke e lakalitse ho eena—hore ha ho ka etsahala, hore, batho ba heso, Ba-Nefi, ba oele litlolong, ’me ka tsela efe kapa efe ba timetsoe, ’me Ba-Lamane ba se ke ba timetsoa, hore Morena Molimo a tle a boloke lingoliloeng tsa batho ba heso, Ba-Nefi, esita le ha e ka ba ka matla a letsoho la hae le halalelang, hore li tle li tlisoe letsatsing le leng la bokamoso ho Ba-Lamane, hore, mohlomong, ba tle ba tlisoe polokong—

14 Hobane ha joale re sokolela lefeela ka ho ba tsosolosetsa tumelong ea ’nete. ’Me ba ikanne ka khalefo ea bona hore, ha ho ne ho khoneha, ba ne ba tla timetsa lingoliloeng tsa rona le rona, ’me hape le mekhoa eohle ea bo ntat’a rona.

15 Ka baka leo, ’na ka ho tseba hore Morena Molimo o ne a khona ho boloka lingoliloeng tsa rona, ke ile ka tsoelapele ho llela ho eena, hobane o ne a itse ho ’na: Eng kapa eng ntho eo u tla e kopa ka tumelo, u lumela hore u tla e fumana ka lebitso la Kreste, u tla e fumana.

16 ’Me ke ne ke na le tumelo, ’me ka llela ho Molimo hore a tle a boloke lingoliloeng; ’me o ile a etsa selekane le ’na hore o tla li tlisa ho Ba-Lamane ka nako ea hae.

17 ’Me ’na, Enose, ka tseba hore e tla ba ho latela selekane seo a se entseng; ka baka leo, moea oaka o ile oa phomola.

18 ’Me Morena a re ho ’na, Bo ntat’ao le bona ba batlile ntho ena ho ’na; ’me e tla ba etsahalla ho latela tumelo ea bona; hobane tumelo ea bona e ne e ts’oana le ea hau.

19 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ’na, Enose, ke tsamae har’a batho ba Nefi, ke porofeta ka lintho tse tlang, ’me ke pakahatsa ka lintho tseo ke li boneng le ho li utloa.

20 ’Me ke paka hore batho ba Nefi ba ile ba batla ka mafolofolo ho tsosolosetsa Ba-Lamane tumelong ea ’nete ho Molimo. Empa mesebetsi ea rona e ne e le lefeela; lehloeo la bona le ne le tsepame, ’me ba ne ba etlelloa ke tlholeho ea bona ea bobe hore ba fetohe ho a hlaha, le ho ts’abeha, le ho ba batho ba nyoretsoeng mali, ba tlsetse ka ts’ebeletso ea melimo ea lits’oants’o le lits’ila, ba iphepa ka liphoofolo tse jang nama; ba lula ka har’a litente, ’me ba lelera lefelleng ka mabanta a makhuts’oane a letlalo mathekeng a bona le lihlooho tsa bona tse beotsoeng; ’me tsebo ea bona e le seqheng, le sekerete, le selepe. ’Me bongata ba bona bo ne bo sa je letho ntle le nama e tala; ’me ba ne ba tsoelepele ho batla ho re timetsa.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba Nefi ba ne ba lema mobu, ’me ba hlahisa mefuta eohle ea lijo thollo, le ea litholoana, le mehlape ea likhuts’oane, le mehlape ea mefuta eohle ea likhomo tsa mefuta eohle, le lipoli, le lipoli tse hlaha, ’me hape le lipere tse ngata.

22 ’Me ho ne ho na le baporofeta ba bangata ka ho fetisisa har’a rona. ’Me batho bao e ne e le batho ba melala e sataletseng, ba thata ho utloisisa.

23 ’Me ho ne ho se na letho ntle le hore e be ho rutoa ka bohale bo fetisisang le ho porofeta ka lintoa, le likhang, le lits’enyo, le ho tsoelapele ho ba hopotsa ka lefu, le bolelele ba bosafeleng, le likahlolo le matla a Molimo, ’me ntho tsena tsohle—ho tsoelapele ho hlohlelletsa ho ba boloka ts’abong ea Morena. Ke bolela hore ho ne ho se na letho ntle le ntho tsena, le ho hlaka ho fetisisang ha puo, ho neng ho tla ba boloka ho ea ka potlako ts’enyehong. ’Me ke ka mokhoa ona ke ngolang malebana le bona.

24 ’Me ke bone lintoa lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane nakong ea matsatsi a ka.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore ke qale ho tsofala, ’me lilemo tse lekholo le mashome a supileng li ne li fetile ho tloha nakong eo ntat’a rona Lehi a tlohang Jerusalema.

26 ’Me ke ile ka bona hore haufi ke tlemeha ho ea lebitleng la ka, ke ne ke susumelitsoe ke matla a Molimo hore ke tlameha ho porofetela batho bana, ’me ke phatlalatse lentsoe ho latela ’nete e ka ho Kreste. ’Me ke e phatlalalitse matsatsi ohle a ka, ’me ke nyakalletse ho eona hofeta eo ea lefats’e.

27 ’Me haufi ke ea sebakeng sa phomolo ea ka, seo e leng ho Molopolli oaka: hobane kea tseba hore ho eena ke tla phomola. ’Me ke nyakallela letsatsi leo ’mele oaka o shoang o tla apara ho se shoe, ’me ke tla ema ka pele ho eena; joale ke tla bona sefahleho sa hae ka monyaka, ’me o tla re ho ’na, Tloho ho ’na, uena ea hlohonolofetseng, ho na le sebaka se lokisitsoeng bakeng sa hau meahong ea Ntate. Amen.