Mangolo a halalelang
Jarome 1


Buka ea Jarome

Khaolo ea 1

Ba-Nefi ba boloka molao oa Moshe, ba shebela pele ho tla ha Kreste, ’me ba atleha lefats’eng—Baporofeta ba bangata ba sebeletsa ho boloka batho tseleng ea ’nete. Ka bo 399–361 B.C.

1 Joale bonang, ’na, Jarome, ke ngola mantsoe a fokolang ho latela taelo ea ntate, Enose, hore nalane ea leloko la rona e tle e bolokoe.

2 ’Me joaloka ha matlapa a a le manyenyane, ’me joaloka ha lintho tsena li ngoletsoe bakeng sa sepheo sa molemo oa bana ba bo rona Ba-Lamane, ka baka leo, ho hlokahala hore ke tlamehe ho ngola ha nyenyane; empa ha ke na ho ngola lintho tsa ho porofeta ha ka, kapa lits’enolelo tsa ka. Hobane ke ne ke tla ngola eng ho feta seo ntate a se ngotseng? Hobane na ha lia senola morero oa pholoho? Ke re ho lona, Ee; ’me ho ’na ho lekane.

3 Bonang, ho oa hlokahala hore tse ngata li etsoe har’a batho bana, ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona, le ho se utloe ha litsebe tsa bona, le ho foufala ha likelello tsa bona, le ho satalla ha melala ea bona, le ha ho le joalo, Molimo o lereko ka hofetisisa ho bona, ’me ha a so ba fiele ho tloha sefahlehong sa lefats’e leo.

4 ’Me ho na le ba bangata har’a rona ba nang le lits’enolelo tse ngata, hobane ha se bohle ba melala e sataletseng. ’Me joaloka ha ba bangata ba se melala e sataletseng ’me ba na le tumelo, ba na le kopano le Moea o Halalelang, o iponahatsang ho bana ba batho, ho latela tumelo ea bona.

5 ’Me joale, bonang, lilemo tse makholo a mabeli li fetile, ’me batho ba Nefi ba fetohile matla lefats’eng leo. Ba ela hloko ho boloka molao oa Moshe le letsatsi la sabatha le halalela ho Morena. ’Me ha ba hlompholle; kapa ho nyefola. ’Me melao ea lefats’e leo e ne e le thata ka ho fetesisa.

6 ’Me ba ne ba qhalakane holima boholo ba sefahleho sa lefats’e leo, le Ba-Lamane hape. ’Me ba ne ba le bangata ka hofetesisa ka lipalo ho feta ba Ba-Nefi; ’Me ba ne ba rata ho bolaea ’me ba ne ba ka noa mali a libata.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ba tle hangata khahlanong le rona, Ba-Nefi, ho loana. Empa marena a rona le baetapele e ne e le banna ba matla tumelong ea Morena, ’me ba ne ba rutile batho litsela tsa Morena; ka baka leo, re ile ra hlola Ba-Lamane ’me ra ba fiella ka ntle ho lefats’e la rona, ’me ra qala ho matlafatsa metse ea rona, kapa sebaka se fe kapa se fe sa bojalefa ba rona.

8 ’Me re ile ra ngatafala ka ho fetesisa holima sefahleho sa lefats’e leo, ’me ra fetoha barui ba fetesisang ka khauta, le ka silevera, le ka lintho tsa bohlokoa, le ka mesebetsi e metle ea patsi, ka meaho, le ka mechini, ’me hape le ka ts’epe le koporo, le ka ts’epe e khubelu le ts’epe, re etsa mekhoa eohle ea lisebelisoa tsa mefuta eohle ho lema mobu, le libetsa tsa ntoa—ee, tsenene e motsu, le khohlopo, le koebe, le lerumo, le litokiso tsohle tsa ntoa.

9 ’Me joana re ne re itokiselitse ho kopana le Ba-Lamane, ha ba ka ba atleha khahlanong le rona. Empa lentsoe la Morena le ile la netefatsoa, leo a ileng a le bua ho bo-ntat’a rona, a re: Ha feela le ka boloka litaelo tsa ka, le tla atleha lefats’eng leo.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore baporofeta ba Morena ba lemose batho ba Nefi, ho latela lentsoe la Molimo, hore ha ba sa boloke litaelo, empa ba oela litlolong, ba tla timetsoa ho tloha holima sefahleho sa lefats’e leo.

11 Ka baka leo, baporofeta, le ba prista, le baruti, ba ile ba sebetsa ka mafolofolo; ba ruta molao oa Moshe, le maikemisetso ao ho neng ho fanoe ka oona; ba ba khothaletsa ho shebela pele ho Messia, le ho lumela ho eena ho tla joaloka ha eka o ne a se a ntse a tlile. ’Me ke ka mokhoa ona ba ileng ba ba ruta.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore ka ho etsa joalo ba ile ba ba bolokela ho se timetsoe holim’a sefahleho sa lefats’e leo; hobane ba ile ba hlaba lipelo tsa bona ka lentsoe ho tsoelapele ho ba hlohlelletsa ho baka.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho fetile lilemo tse makholo a mabeli le mashome a mararo a metso e robeli—ka mokhoa oa lintoa, le likhang, le liphapang, bakeng sa nako e ngata.

14 ’Me ’na, Jarome ha ke ngole ho feta, hobane matlapa a manyenyane. Empa bonang, bana beso, le ka ea matlapeng a mang a Nefi; hobane bonang, holim’a oona lingoliloeng tsa lintoa tsa rona li ngotsoe, ho latela ho ngola ha marena, ka bao ba entseng hore ho ngoloe.

15 ’Me ke fana ka matlapa a na matsohong a mora oaka Omni, hore a tle a bolokoe ho latela litaelo tsa bo-ntate.