Mangolo a halalelang
2 Nefi 2


Khaolo ea 2

Topollo e tla ka Messia ea Halalelang—Tolokoloho ea khetho (boikhethelo) e bohlokoa ho boteng le tsoelo-pele—Adama o oele hore batho ba be teng—Batho ba lokolohile ho khetha tokoloho le bophelo ba bosafeleng. Ka bo 588–570 B.C.

1 ’Me joale, Jakobo, ke bua ho uena: U letsibolo la ka matsatsing a ka a tsietsi lefelleng. ’Me bona, bongoaneng ba hau u ile ua sotloa ke mahlomola le masoabi a maholo, ka lebaka la ho hloka hlompho ha baholoane ba hau.

2 Le ha ho le joalo, Jakobo, letsibolo la ka lefelleng, u tseba boholo ba Molimo; ’me o tla hlohonolofatsa litsietsi tsa hau molemong oa hau.

3 Ka baka leo, moea oa hau o tla hlohonolofala, ’me u tla lula ka polokeho le ngoan’eno Nefi; ’me matsatsi a hau a tla sebelisoa bosebeletsing ba Molimo oa hau. Ka baka leo, kea tseba hore u lopollotsoe, ka lebaka la ho loka ha Molopolli oa hau; hobane u bone hore ka ho phethahala ha nako o tla ho tlisa pholoho ho batho.

4 ’Me u se u bone bocheng ba hau khanya ea hae; ka baka leo, u hlohonolofetse esita joalo ka bao a tlang ho ba sebeletsa ka nama; hobane Moea oa ts’oana, maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. ’Me tsela e lokisitsoe ho tloha ho oeng ha motho, ’me pholoho ke mahala.

5 ’Me batho ba laetsoe ka ho lekana hore ba tsebe botle ho bobe. ’Me molao o fanoe ho batho. ’Me ka molao ha ho na nama e latoletsoeng molato; kapa, ka molao batho ba khaoloa. Ee, ka molao oa tsa nama ba ne ba khaotsoe; ’me hape, ka molao oa tsa moea ba timela ho tsoa ho se nepahetseng, ’me ba fetoha mahlomola pelo ka ho sa feleng.

6 Ka baka leo, topollo e tla ka Messia ea Halalelang; hobane o tletse ka mohau le ’nete.

7 Bona, o nehelana ka boeena e le sehlabelo sa sebe, ho arabela lipheletso tsa molao, ho bohle ba nang le pelo e robehileng le moea o soabileng; ’me ha ho na ho ba bang ho ka khonehang hore lipheletso tsa molao li arajoe.

8 Ka baka leo, ho bohlokoa hakakang ho etsa hore ntho tsee li tsebahale ho baahi ba lefats’e, hore ba tle ba tsebe hore ha ho na nama e ka lulang ponts’eng ea Molimo, ntle le hore e be ka bokhabane, le qenehelo, le mohau oa Messia ea Halalelang, ea behileng bophelo ba hae ho latela nama, ’me a bo nke hape ka matla a Moea, hore a tle a tlise ho tsoha bafung ha ba shoeleng, hobane ke oa pele ea tla tsoha.

9 Ka baka leo, ke thakangoaha ho Molimo, haholo joalo ka ha a tla buella bakeng sa bohle bana ba batho; ’me bohle ba lumelang ho eena ba tla pholosoa.

10 ’Me ka lebaka la ho buelella bohle, batho bohle ba tla ho Molimo; ka baka leo, ba ema ponts’eng ea hae, ho ahloloa ke eena ho latela ’nete le khalalelo e ka ho eena. Ka baka leo, lipheletso tsa molao tseo Ea Halalelalng a li faneng, ho phethisa kotlo e khomarelelitsoeng, kotlo eo e khomarelelitsoeng e leng khanyetso ho eo ea thabo e khomarelitsoeng, ho arabela lipheletso tsa topollo—

11 Hobane ho ne ho tlameha hore ho hlokahale, hore ho be le khanyetso linthong tsohle. Ha ho ne ho se joalo, letsibolo la ka lefelleng, ho loka ho ne ho ke ke ha etsahala, le ha e le bokhopo, le ha e le khalalelo kapa mahlomola, le ha e le botle kapa bobe. Ka baka leo, ntho tsohle li ne li tla tlameha ho hore e be motsoako o le mong; ka baka leo, haeba e ba ’mele o le mong li tlameha hore li sale e ka li shoele, li se na bophelo le ha e le lefu, kapa ho bola kapa ho se bole, thabo kapa mahlomola, le ha e le kutloisiso kapa ho se be le kutloisiso.

12 Ka baka leo, ho ne ho tlameha hore e be ho bopiloe bakeng sa lefeela; ka baka leo ho ne ho tla be ho se na morero pheletsong ea popo ea teng. Ka baka leo, ntho ena e ne e tlameha ho timetsa bohlale ba Molimo le merero ea hae ea bosafeleng, ’me hape le matla, le qenehelo, le toka ea Molimo.

13 ’Me haeba u tla re molao ha o eo, u tla re hape ha ho na sebe. Haeba u re ha ho na sebe, u tla re hape ha ho na ho loka. ’Me haeba ha ho na ho loka ha ho na thabo. ’Me haeba ho se na ho loka kapa thabo ho ke ke ha eba le kotlo kapa mahlomola. ’Me haeba ntho tsena li le sieo ha ho na Molimo. ’Me haeba ho se na Molimo ha re eo, le ha e le lefats’e; hobane ho ne ho ke ke ha eba le popo ea lintho tsohle, le ha e le ho nka khato kapa ho nkela khato holima teng; ka baka leo, lintho tsohle li ne li tlameha ho nyamella hole.

14 ’Me joale, bara ba ka, ke bua ho lona lintho tsena bakeng sa molemo le boithuto ba lona; hobane Molimo o teng, ’m’e o bopile ntho tsohle, hammoho maholimo le lefats’e, le lintho tsohle tse ho tsona, hammoho lintho tsa ho nka khato le lintho tsa ho nkeloa khato holima tsona.

15 ’Me ho tlisa merero ea hae ea bosafeleng pheletsong ea motho, ka mora ho bopa batsoali ba rona ba pele, le liphoofolo tsa naha le linonyana tsa moeeng, ’me ha ntle, ntho tsohle tse bopiloeng, ho ne ho tlameha hore e be ho na le khanyetso; esita le tholoana e thibetsoeng ho hanyetsana le sefate sa bophelo; e ngoe e le monate ’me e ngoe e baba.

16 Ka baka leo, Morena Molimo o file motho hore a inkele khato bakeng sa hae. Ka baka leo, motho o ne a keke a inkela khato bakeng sa hae ntle le hore o ne a susumetsoa ke e ’ngoe kapa e ’ngoe.

17 ’Me ’na, Lehi, ho latela lintho tseo ke li balileng, ke tlameha ho nahana hore lengeloi la Molimo, ho latela se ngotsoeng, le ile la oela ho tsoa leholimong; ka baka leo, o ile a fetoha diabolose, ka ha a ne a batla se sebe kapela Molimo.

18 ’Me hobane o ile a oela ho tsoa leholimong, ’me a fetoha ea hlomohileng pelo ka ho sa feleng, o ile a batla hape mahlomola a batho bohle. Ka baka leo, o ile a re ho Eva, ee, esita le noha eo ea khale, eo e leng diabolose, eo e leng ntat’a mashano ohle, ka baka leo o ile a re: Eja tholoana e thibetsoeng, ’me u keke ua shoa, empa u tla ba joalo ka Molimo, u tseba botle le bobe.

19 ’Me kamora hore Adama le Eva ba je tholoana e thibetsoeng, ba ile ba khanneloa ka ntle ho serapa sa Edene, ho lema lefats’e.

20 ’Me ba tlisitse bana; ee, esita le lelapa la lefats’e lohle.

21 ’Me matsatsi a bana ba motho a ile a lelefatsoa, ho latela thato ea Molimo, hore ba ke ba bake ba sa le nameng; ka baka leo, boemo ba bona bo ile ba fetoha boemo ba teko, ’me nako ea bona ea lelefatsoa, holatela litaelo tseo Morena Molimo a li fileng bana ba batho. Hobane o fane ka taelo ea hore batho bohle ba tlameha ho baka; hobane o bonts’itse ho batho bohle hore ba ne ba lahlehile, ka lebaka la tlolo ea batsoali ba bona.

22 ’Me joale, bonang, haeba Adama a sa ka a tlola a ke be a sa oela, empa a ka be a ile a sala serapeng sa Edene. ’Me ntho tsohle tse bopiloeng li ne li tlameha ho sala lile boemong boo li neng li le ho bona kamora hore li boptjoe; ’me li ne li tlameha ho sala ka ho sa feleng, ’me li se na pheletso.

23 ’Me ba ne ba ke ke ba eba le bana; ka baka leo ba ne ba tla sala boemong ba ho hloka molato, ba se na nyakallo, hobane ba ne ba sa tsebe mahlomola; ba sa etse botle, hobane ba ne ba sa tsebe sebe.

24 Empa bonang, ntho tsohle li entsoe ka bohlale ba eena ea tsebang ntho tsohle.

25 Adama o oele hore batho ba be teng; ’me batho ba teng, hore ba ke ba be le nyakallo.

26 ’Me Messia o tla ka nako ea ho phethahala ha nako, hore a tle a lopolle bana ba batho ho ho oela. ’Me ka lebaka la hore ba lopollotsoe ho ho oela ba fetohetse ho ho lokoloha ka ho sa feleng, ba tseba botle ho bobe; ho nka khato bakeng sa bona ’me e seng hore khato e nkeloe holima bona, ntle le ha e le kotlo ea molao ka letsatsi le leholo la ho qetela, ho latela litaelo tseo Molimo a li faneng.

27 Ka baka leo, batho ba lokolohile ho latela nama; ’me ntho tsohle ba li fuoe tseo li leng bohlokoa ho batho. ’Me ba lokolohile ho khetha tokoloho le bophelo ba bosafeleng, ka ’Muelli e moholo oa batho bohle, kapa ho khetha litlamo le lefu, ho latela litlamo le matla a diabolose; hobane o batla hore batho bohle ba hlomohe lipelong joalo ka eena.

28 ’Me joale, bara ba ka, nka batla hore le lokela ho sheba ho ’Muelli e moholo, ’me le mamele litaelo tsa hae tse kholo; ’me le ts’epahalle ho mantsoe a hae, ’me le khethe bophelo ba bosafeleng, ho latela thato ea Moea oa hae o Halalelang;

29 ’Me le se khethe lefu la bosafeleng, ho latela thato ea nama le bobe bo teng ho eona, bo fang moea oa diabolose matla a ho kenya litlamong, ho le tlisa tlaase liheleng, hore a tle a buse holima lona ’musong oa hae.

30 Ke buile mantsoe a fokolang ho lona kaofela, bara ba ka, matsatsing a ka a ho qetela a teko; ’me ke ile ka khetha karolo e ntle, ho latela mantsoe a moporofeta. ’Me ha ke na sepheo se seng ntle le boiketlo ba ka ho sa feleng ba meea ea lona. Amen.