Mangolo a halalelang
2 Nefi 23


Khaolo ea 23

Timetso ea Babilona ke ts’oants’etso ea timetso ka ho tla lekhetlo la bobeli—E tla ba letsatsi la khalefo le boiphetetso—Babilona (lefats’e) e tla oela ka hosafeleng—Bapisa Esaia 13. Ka bo 559–545 B.C.

1 Molaetsa oa timetso ho Babilona, oo Esaia, mor’a Amotse ao senoletsoeng.

2 Emisang folakha thabeng e phahameng, le hoeletse ho bona ka lentsoe le phahameng, le ba hoehle ka letsoho, hore ba kene ka likhoro tsa marena.

3 Ke laetse ba ka ba halalelitsoeng, ke bitsitse le bahale ba ka, hobane khalefo ea ka ha e holima bona ba thabelang boholo ba ka.

4 Molumo oa bongata oa utloahala lithabeng o kang oa sechaba se seholo, molumo o moferefere oa mebuso le oa lichaba tse phuthaneng hammoho, Morena oa makhotla ke eena ea hlahlobang makhotla a lintoa.

5 Ba tsoile naheng e hole, lipheletsong tsa leholimo: ee, Morena, le libetsa tsa khalefo ea hae tse tlileng ho senya lefats’e leo kaofela.

6 Iteleleng, hobane letsatsi la Morena le haufi; le tla tla joaloka ts’enyo e rometsoeng ke Ea Matla Ohle.

7 Ka baka leo, matsoho kaofela a tla lepella, lipelo tsa batho bohle li tla tepella;

8 ’Me ba tla ts’aba, ba kenoe ke mahloko le matsoalo; ba talimane ba maketse, lifahleho tsa bona li be joaloka mollo.

9 Bonang, letsatsi la Morena lea tla, le le thata, le tletse khalefo le bohale bo tukang, le tla etsa lefats’e leo lesupi; ’me le fiele ba bolotsana ba ho lona.

10 Hobane linaleli tsa leholimo le Makolobe li ke ke tsa khants’a leseli la tsona; letsatsi le tla fifala le sa chaba, le eona khoeli e ke ke ea khants’a leseli la eona.

11 ’Me ke tla otla lefats’e ka baka la bobe ba lona, le ba khopo ka baka la makhopo a bona, ke tla felisa boholo ba baikhants’i, ke kokobetse boikhohomoso ba bahlorisi.

12 Ke tla etsa hore batho ba hloeke ho fetisa khauta e ntle; esita le motho ho fetisa khauta e hloekileng ea Ofire.

13 Ka baka leo, ke tla thetherehisa maholimo, ’me lefats’e le suthe tulong ea lona, ka khalefo ea Morena oa makhotla, ’me ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.

14 ’Me ho tla ba joaloka ts’epe e tebeloang, le joaloka mohlape o hlokang molisa; ’me e mong le e mong a lebe ha habo, e mong le e mong a balehele lefats’eng la habo.

15 E mong le e mong ea fumanoang o tla hlajoa ka lerumo; ee, bohle ba ikopantseng le ba khopo ba tla oela ka sabole.

16 Bana ba bona ba tla pshatloa likotoana pela mahlo a bona; matlo a bona a tla senyeha ’me basali ba bona ba betoe.

17 Bonang, ke tla tsosetsa Bamede khahlanong le bona, ba sa reng letho ka silivera le khauta, kapa ba sa khahlisoeng ke eona.

18 Ba tla pshatla ba bacha ka metsu ho ba etsa likotoana; ’me ba ke ke ba hauhela tholoana ea popelo; mahlo a bona a ke ke a utloela bana bohloko.

19 ’Me Babilona, khanya ea mebuso, bokhabane ba Bakalde, o tla ba joaloka ha Molimo a phethola Sodoma le Gomorra.

20 E ke ke a hlola e ba le baahi, leha e le ho luloa ho tloha molokong o mong ho isa ho o mong; leha e le Baarabe ba ke ke ba hloma litente tsa bona teng; le balisa ba ke ke ba etsa meraka teng.

21 Empa libatana tse hlaha li tla lula teng; ’me matlo a teng a tla tlala libopuoa tse hlomohileng; le liphooko li tla lula moo, ’me bademona ba tlolake teng.

22 ’Me libatana tse hlaha tsa lihlekehleke li tla lla matlung a bona ao e leng lesupi. ’Me lidrakone matlung a teng a linyakallo; ’me nako ea hae e se e le haufi le ho tla, ’me matsatsi a hae a ke ke a eketseha. Hobane ke tla mo timetsa kapele; ee, hobane ke tla ba le qenehelo ho sechaba sa ka, empa ba khopo ba tla timela.