Mangolo a halalelang
2 Nefi 25


Khaolo ea 25

Nefi o tlotlisa ho hlaka—boporofeta ba Esaia bo tla utloisisoa matsatsing a ho qetela—Ba-Juda ba tla khutla ho tsoa Babilona, ba thakhise Messia, ’me ba qhalane le ho shaptjoa—Ba tla tsosolosoa ha ba lumela ho Messia—O tla tla la pele lilemo tse makholo a ts’eletseng kamora hore Lehi a tlohe Jerusalema—Ba-Nefi ba boloka molao oa Moshe ’me ba lumela ho Kreste, eo e leng Mohalaleli oa Iseraele. Ka bo 559–545 B.C.

1 Joale ’na, Nefi ke bua joana malebana le mantsoe ao kea ngotseng, e leng a builoeng ka molomo oa Esaia. Hobane bonang, Esaia o buile ntho tse ngata tse neng li le thata bakeng sa batho ba heso ho li utloisisa; hobane ha ba na tsebo malebana le mokhoa oa ho porofeta har’a Ba-Juda.

2 Hobane ’na, Nefi, ha ke so ba rute ntho tse ngata malebana le mekhoa ea Ba-Juda; hobane mesebetsi ea bona e ne e le mesebetsi ea lefifi, ’me liketso tsa bona e ne e le liketso tsa manyala.

3 Ka baka leo, ke ngolla batho ba heso, bohle ba tlang ho amohela ntho tsena tseo ke li ngolang, hore ba tle ba tsebe likahlolo tsa Molimo, tse tlang holima lichaba tsohle, ho latela lentsoe leo a le buileng.

4 Ka baka leo, mamelang, oho batho ba ka, bao e leng ba ntlo ea Iseraele, ’me le fe litaba tsa ka tsebe; ka lebaka la hobane mantsoe a Esaia ha a hlaka ho lona, le ha ho le joalo a hlakile ho bohle ba tletseng ka moea oa boporofeta. Empa ke le fa boporofeta, ho latela moea o ka hare ho ’na; ka baka leo ke tla porofeta ho latela ho hlaka ho bileng le ’na ho tloha nakong eo ke tlohileng Jerusalema le ntate; hobane bonang, moea oaka o thabela ho hlaka ho batho ba heso, hore ba tle ba ithute.

5 Ee, ’me moea oaka o thabela mantsoe a Esaia, hobane ke tsoile Jerusalema, ’me mahlo a ka a bone lintho tsa Ba-Juda, ’me kea tseba hore Ba-Juda ba utloisisa lintho tsa baporofeta, ’me ha hona batho ba bang ba utloisisang lintho tse builoeng ho Ba-Juda joalo ka bona, ntle le haeba ba rutiloe ka mokhoa oa lintho tsa Ba-Juda.

6 Empa bonang, ’na, Nefi, ha kea ruta bana ba ka ka mokhoa oa Ba-Juda; empa bonang, ’na, ka bo ’na ke ile ka phela Jerusalema, ka baka leo ke na le tsebo malebana le mathoko a eona; ’me ke buile le bana ba ka malebana le likahlolo tsa Molimo, tse ileng tsa etsahala har’a Ba-Juda, le bana baka, ho latela tsohle tseo Esaia a ileng a li bua, ’me ha ke li ngole.

7 Empa bonang, ke tsoelapele ka boporofeta ba ka, ho latela ho hlaka ha ka; kamoo ke tsebang hore ha hona motho ea ka fosang; le ha ho le joalo, matsatsing ao boporofeta ba Esaia bo tlang ho phethahala batho ba tla tseba e le ka ’nete, ka linako tseo li tlang ho etsahala.

8 Ka baka leo, li bohlokoa ho bana ba batho, ’me ea nahanang hore ha ho joalo, ho eena ke tla bua ka ho khetholoha, ’me ke tla lekanyetsa mantsoe ao bakeng sa batho ba heso; hobane kea tseba hore a tla ba bohlokoa ho bona matsatsing a ho qetela; hobane ka letsatsi leo ba tla a utloisisa; ka baka leo kea ngotse molemong oa bona.

9 ’Me joalo ka ha moloko o mong o ile oa timetsoa har’a Ba-Juda ka lebaka la bokhopo, esita joaloka ha ba ile ba timetsoa ho tloha molokong ho ea molokong ho latela bokhopo ba bona; ’me ha hona ka mohla ba fe kapa ba fe ba ileng ba timetsoa ntle le hore ba bolelloe pele ka baporofeta ba Morena.

10 Ka baka leo, ba ile ba bolelloa malebana le ts’enyo e tla tla holima bona, hang kamora hore ntate a tlohe Jerusalema, le ha ho le joalo, ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona; ’me ho latela boporofeta ba ka ba timelitsoe, ntle le ba nketsoeng litlamong ho ea Babilona.

11 ’Me joale sena ke se bua ka lebaka la moea o ka ho ’na. ’Me le ha ho le joalo bao ba nkiloeng ba tla khutla hape, ’me ba rue lefats’e la Jerusalema; ka baka leo, ba tla tsosolosoa hape lefats’eng la bona la bojalefa.

12 Empa, bonang, ba tla ba le lintoa le ho tumisoa ha lintoa; ’me ha letsatsi le fihla leo Mora a ’Nots’i oa Ntate, ee, esita le Ntate oa leholimo le lefats’e, ha a iponahatsa ho bona ka nama, bonang, ba tla mo hana, ka lebaka la bokhopo ba bona, le ho thatafala ha lipelo tsa bona, le ho satalla ha melala ea bona.

13 Bonang, ba tla mo thakhisa; ’me kamora hore a behoe lebitleng sebaka sa matsatsi a mararo o tla tsoha bafung, ka pholiso mapheong a hae; ’me bohle ba tla lumela lebitsong la hae ba tla pholosoa ’musong oa Molimo. Ka baka leo, moea oaka o thabela ho porofeta malebana le eena, hobane ke bone letsatsi la hae, ’me pelo eaka e tlotlisa lebitso la hae le halalelang.

14 ’Me bonang ho tla etsahala hore kamora hore Messia a tsohe bafung, ’me a iponahatse ho batho ba hae, ho ba bangata joaloka ba tla lumela lebitsong la hae, bonang, Jerusalema e tla timetsoa hape; hobane ho malimabe ba loanang khahlanong le Molimo le batho ba kereke ea hae.

15 Ka baka leo, Ba-Juda ba tla qhalana har’a lichaba tsohle; ee, le Babilona hape e tla timetsoa; ka baka leo, Ba-Juda ba tla qhaloa ke lichaba tse ling.

16 ’Me kamora hore ba qhalane, ’me Morena Molimo a ba otle ka lichaba tse ling sebaka sa meloko e mengata, ee, esita le tlase ho tloha molokong ho ea molokong ho fihlela ba kholisehile ho lumela ho Kreste, Mora oa Molimo, le topollo, e sa feleng—’me ha letsatsi leo le tla ba tla lumela ho Kreste, ’me ba khumamele Ntate ka lebitso la hae, ka lipelo tse hloekileng le matsoho a hloekileng, ’me ba se hlole ba lebella Messia e mong, joale, ka nako eo, letsatsi le tla fihla leo ho tla hlokahala hore ba lumele lintho tsena.

17 ’Me Morena o tla otlolla letsoho la hae hape lekhetlo la bobeli, ho tsosolosa batho ba hae ho tsoa boemong ba tahleho le ho oa. Ka baka leo, o tla tsoelapele ho etsa mosebetsi o makatsang le mohlolo har’a bana ba batho.

18 Ka baka leo, o tla tlisa mantsoe a hae ho bona, mantsoe ao a tlang ho ba ahlola ka letsatsi la ho qetela, hobane ba tla a fuoa ka sepheo sa ho ba kholisa ka Messia oa ’nete, ea ileng a hanoa ke bona; ’me le ho ba kholisa hore ha ba sa hloka ho lebella Messia ofe kapa ofe ho tla, hobane ha ho na ofe kapa ofe ea tla tla, ntle le hore e be Messia oa bohata eo a ka tlang ho thetsa batho; hobane ho na le Messia ea mong feela eo baporofeta ba buileng ka eena, ’me Messia eo ke eena eo a tlang ho hanoa ke Ba-Juda.

19 Hobane ho latela mantsoe a baporofeta, Messia o tla tla ka lilemo tse makholo a ts’eletseng ho tloha nakong eo ntate a neng a tlohe Jerusalema; ’me ho latela mantsoe a baporofeta, ’me hape le lentsoe la lengeloi la Molimo, lebitso la hae e tla ba Jesu Kreste, Mora oa Molimo.

20 ’Me joale, bana beso, ke buile ka ho hlaka hore le se ke la fosa. ’Me joaloka ha Morena Molimo ea phelang a tlositse Iseraele ho tsoa lefats’eng la Egepeta, ’me a fa Moshe matla a hore a folise lichaba kamora hore ba longoe ke linoha tse chefo, haeba ba ne ba ka lahlela mahlo a bona ho noha eo a ileng a e phahamisetsa holimo ka pele ho bona, ’me hape a mo fa matla a hore a tle a otle lefika ’me ebe metsi a tsoa; ee, bonang, ke re ho lona, joaloka ha lintho tse e le ’nete, ’me joaloka Morena Molimo ea phelang, ha hona lebitso le leng le fanoeng tlasa leholimo ntle le hore e be Jesu Kreste enoa, eo ke buileng ka eena, ke ka eena batho ba ka pholosoang.

21 Ka baka leo, ke ka lebaka lena leo Morena Molimo a nts’episitseng hore lintho tsena tseo ke tlang ho li ngola li tla baballeha le ho bolokeha, ’me li fetisetsoe ho peo eaka, ho tloha molokong ho ea molokong, hore ts’episo e tle e phethahalle Josefa, hore peo ea hae e se ke ea hlola e timela ha feela lefats’e le sa le teng.

22 Ka baka leo, lintho tsena li tla tsamaea ho tloha molokong ho ea molokong ha feela lefats’e le sa le teng; ’me li tla tsamea ho latela thato le khahleho ea Molimo; ’me lichaba tse tla li rua li tla ahloloa ka tsona ho latela mantsoe a ngotsoeng.

23 Hobane re sebetsa ka mafolofolo ho ngola, ho kholisa bana ba rona, ’me le bana ba bo rona, ho lumela ho Kreste, le ho boelana le Molimo; hobane rea tseba hore ke ka mohau re pholosoang, kamora tsohle tseo re khonang ho li etsa.

24 ’Me, le ha ho le joalo re lumela ho Kreste, re boloka molao oa Moshe, ’me re lebelletse ka ho tiea ho Kreste, ho fihlela molao o tla phethahala.

25 Hobane, ke ka sepheo sena molao o ileng oa fanoa; ka baka leo molao o fetohile se shoeleng ho rona, ’me re entsoe ba phelang ho Kreste ka lebaka la tumelo ea rona; feela re boloka molao ka lebaka la litaelo.

26 ’Me re bua ka Kreste, re thabela ho Kreste, re ruta ka Kreste, re porofeta ka Kreste, ’me re ngola ho latela boporofeta ba rona, hore bana ba rona ba tle ba tsebe mohloli oo ho ona ba ka batlang ts’oarelo ea libe tsa bona.

27 Ka baka leo, re bua malebana le molao hore bana ba rona ba tle ba tsebe ho shoa ha molao; ’me bona, ka ho tseba ho shoa ha molao, ba tle ba lebelle bophelo bo ho Kreste, ’me ba tsebe hore na molao o no fanoe bakeng sa pheletso efe. ’Me kamora hore molao o phethahatsoe ka Kreste, hore ha ba hloke ho thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le eena ha molao o hloka hore o felisoe.

28 ’Me joale bonang, batho ba heso, le batho ba melala e sataletseng; ka baka leo, ke buile ka ho hlaka ho lona, hore le se ke la se utloisisi. ’Me mantsoe ao kea buileng a tla ema e le bopaki khahlanong le lona; hobane a lekane ho ruta motho ofe kapa ofe tsela e nepahetseng; hobane tsela e nepahetseng ke ho lumela ho Kreste le ho se mo latole; hobane ka ho mo latola le latola baporofeta le molao.

29 ’Me joale bonang, ke re ho lona tsela e nepahetseng ke ho lumela ho Kreste, le ho se mo latole; ’me Kreste ke Mohalaleli oa Iseraele; ka baka leo le tlameha ho inamela tlase ka pele ho eena, ’me le mo khumamele ka matla ohle a lona, kelello, le matla, le moea oa lona kaofela; ’me haeba le etsa sena ha hona kamoo le ka lahleloang kantle.

30 ’Me, ha feela ho hlokahala, le tlameha ho boloka lits’ebetso le lits’ebeletso tsa Molimo ho fihlela molao o phethahalitsoe oo re ileng ra u fuoa ke Moshe.