Mangolo a halalelang
2 Nefi 10


Khaolo ea 10

Jakobo o hlalosa hore Ba-Juda ba thakhisa Molimo oa bona—Ba tla qhalana hofihlela ba lumela ho Eena—Amerika e tla ba lefats’e la tokoloho moo ho se nang morena a tla busa—Ipoelanyeng le Molimo le fumane poloko ka mohau oa Hae. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me joale ’na, Jakobo, ke bua ho lona hape, bana beso ba ratehang, malebana le lekala lena le lokileng leo ke buileng ka lona.

2 Hobane bonang, lits’episo tseo re li fumaneng ke lits’episo ho rona ho latela nama; ka baka leo, joalo ka ha ke ile ka bonts’oa hore bana ba bangata ba rona ba tla timela nameng ka lebaka la ho se lumele, le ha ho le joalo, Molimo o tla ba le qenehelo ho ba bangata; ’me bana ba rona ba tla tsosolosoa; hore ba tle ba tle ho seo se tla ba fa tsebo ea ’nete ea Molopolli oa bona.

3 Ka baka leo, joaloka ha ke ile ka re ho ho lona, ho tla tlameha hore ho lokele hore Kreste—hobane bosiung ba ho qetela lengeloi le buile ho ’na e tla ba lona lebitso la hae—a tle a tle har’a Ba-Juda, har’a bao ba leng karolo ea lefats’e ea ba khopo ho feta; ’me ba tla mo thakhisa—hobane joana ho bohlokoa ho Molimo oa rona, ’me ha hona sechaba se seng lefats’eng se neng se tla thakhisa Molimo oa sona.

4 Hobane ha mehlolo e moholo e ka tlisoa har’a lichaba tse ling ba tla baka, ’me ba tsebe hore ke Molimo oa bona.

5 Empa ka lebaka la boprista ba bohata le bokhopo, bao ba Jerusalema ba tla thatafatsa melala ea bona khahlanong le eena, hore a thakhisoe.

6 Ka baka leo, ka lebaka la bokhopo ba bona, lits’enyo, tlala, lioa, le ts’ollo ea mali li tla tla holima bona; ’me bao ba ke keng ba timetsoa ba tla qhaloa har’a lichaba tsohle.

7 Empa bonang, joana ho bolela Morena: Ha letsatsi le fihla leo ka lona ba tla lumela ho ’na, hore ke Kreste, joale ke entse selekane le bo ntat’a bona hore ba tla tsosolosoa nameng, holima lefats’e, mafats’eng a bona a bojalefa.

8 ’Me ho tla etsahala hore ba tla bokelloa ho tsoa ho hasaneng hoa bona ha nako e lelele, ho tloha lihlekehlekeng tsa leoatle, le ho tloha khutlong tse nne tsa lefats’e, ’me lichaba tsa Balichaba li tla ba kholo mahlong a ka, ho bolela Molimo, ho ba jarela pela mafats’eng a bona a bojalefa.

9 Ee, marena a Balichaba e tla ba bo-ntate ba fepang, le mafumahali a bona e tla ba bo-’m’e ba fepang; ka baka leo, lits’episo tsa Morena li kholo ho Balichaba, hobane o buile, ’me ke mang ea ka hanyetsang?

10 Empa bonang, lefats’e lena, ho bolela Molimo, e tla ba lefats’e la bojalefa ba lona ’me Balichaba ba tla hlohonolofala holima lefats’e leo.

11 ’Me lefats’e lena e tla ba lefats’e la tokoloho ho Balichaba, ’me ha ho na ba le marena holima lefats’e leo, a tla phahamela holimo ho Balichaba.

12 ’Me ke tla matlafatsa lefats’e lena khahlanong le lichaba tse ling tsohle.

13 ’Me ea loanang khahlanong le Sione o tla timela, ho bolela Molimo.

14 Hobane ea phahamisetsang holimo morena khahlanong le ’na o tla timela, hobane, ’na, Morena, morena oa leholimo, ke tla ba morena oa bona, ’me ke tla ba fa khanya ka ho sa feleng, ba utloang mantsoe a ka.

15 Ka baka leo, ke ka lebaka lena, hore lilekane tsa ka li ka phethahalang tseo ke li entseng ho bana ba motho, hore ke tla etsa ho bona ba sa le nameng, ke tlameha ho senya mesebetsi ea sephiri ea lefifi, le ea lipolao, le ea manyala.

16 Ka baka leo, ea loanang khahlanong le Sione, bobeli Mo-Juda le Molichaba, bobeli ba tlangoe le ba lokolohileng, bobeli ba batona le ba bats’ehali ba tla timela; hobane ke bona bao e leng seotsoa sa lefats’e lohle; hobane bao e seng ba ka ba khahlanong le ’na, ho bolela Molimo oa rona.

17 Hobane ke tla phethahatsa lits’episo tsa ka tseo ke li entseng ho bana ba batho, hore ke tla etsa ho bona ha ba ntse bale nameng—

18 Ka baka leo, bana beso ba ratehang, joana ho bolela Molimo oa rona: Ke tla hlorisa peo ea hao ka letsoho la Balichaba; le ha ho le joalo ke tla nolofatsa lipelo tsa Balichaba, hore ba tla ts’oana le ntate ho bona; ka baka leo, Balichaba ba tla hlohonolofala ’me ba baloe har’a tlo ea Iseraele.

19 Ka baka leo, ke tla hlohonolofatsa lefats’e lena ho peo ea hao, le bao ba tla baloa har’a peo ea hao, ka ho sa feleng, bakeng sa lefats’e la bona la bojalefa, hobane ke lefats’e le khethehileng, ho bolela Molimo ho ’na, ka holimo ho mafats’e a mang ohle, ka baka leo ke tla ba le hore batho bohle ba phelang moo teng hore ba tla nkhumamela, ho bolela Molimo.

20 ’Me joale, bana beso ba ratehang, ha re bona hore Molimo oa rona ea qenehelang o re file tsebo e kholo hakaalo malebana le ntho tsena, ha re mo hopoleng, re behe ka thoko libe tsa rona, ’me re se ke ra leketlisa matsoho a rona, hobane ha rea lahleloa ka ntle; le ha ho le joalo, re khannetsoe ka ntle ho lefats’e la rona la bojalefa; empa re etelletsoe ho ea lefats’eng le molemo, hobane Morena o ile a etsa leoatle tsela ea rona, ’me re holima sehlekehleke sa leoatle.

21 Empa li kholo lits’episo tsa Morena ho bona ba holima lihlekehleke tsa leoatle; ka baka leo joalo ka ha e re lihlekehleke, ho tlameha ho hlokahale hore ho na le ho fetang mona, ’me li na le baahi hape ke bana ba bo rona.

22 Hobane bonang, Morena Molimo o etelletse ntlo ea Iseraele nako le nako, ho latela thato ea hae le takatso. ’Me joale bonang, Morena o ba hopola bohle ba ileng ba khaoloa, ka baka leo o oa re hopola le rona.

23 Ka baka leo, hlasimollang lipelo tsa lona, ’me le hopole hore le lokolohile ho inkela likhato ka bo-lona—ho khetha tsela ea lefu ka hosafeleng kapa tsela ea bophelo ba bosafeleng.

24 Ka baka leo, bana beso ba ratehang, ipoelanyeng ho thato ea Molimo, ’me e seng thato ea diabolose nameng; ’me le hopole, kamora hore le boelane le Molimo, hore ke ka mohau oa Molimo feela hore le bolokehe.

25 Ka baka leo, Molimo a ke a le phahamise ho tloha lefung ka matla a tsoho ea bafu, ’me hape ho tloha lefung la ka hosafeleng ka matla a topollo, hore le tle le amoheloe ’musong oa Molimo oa bosafeleng, hore le ke le mo rorise ka mohau oa bo-Molimo. Amen.