Mangolo a halalelang
2 Nefi 29


Khaolo ea 29

Balichaba ba bangata ba tla hana Buka ea Mormone—Ba tla re, ha re sa hloka Bibele ho feta—Morena o bua ho lichaba tse ngata—O tla ahlola lefats’e ho tsoa libukeng tse tla ngoloa. Ka bo 559–545 B.C.

1 Empa bonang, ho tla ba le ba bangata—ka letsatsi leo ha ke tla tsoelapele ho etsa mosebetsi o makatsang har’a bona, hore ke tle ke hopole lilekane tseo ke li entseng ho bana ba batho, hore ke tle ke otlolle letsoho la ka hape khetlo la bobeli ho lopolla batho ba ka, bao e leng ba ntlo ea Iseraele;

2 ’Me hape, hore ke tle ke hopole lits’episo tseo ke li entseng ho uena, Nefi, ’me hape le ho ntata’o, hore ke tla hopola peo ea hau, ’me mantsoe a peo ea hau a tle a tsoele ka ntle ho tsoa molomong oa ka ho ea ho peo ea hau; ’me mantsoe a ka a tla utloahala ho fihlela lipheletsong tsa lefats’e, bakeng sa tekanyetso ho batho ba ka, bao e leng ba ntlo ea Iseraele;

3 ’Me hobane mantsoe a ka a tla utloahala—bongata ba Balichaba ba tla re: Bibele! Bibele! Re na le Bibele, ’me ho ke ke ha e ba le Bibele e ngoe ho feta.

4 Empa o re joana Morena Molimo: Oho maoatla, ba tla ba le Bibele; ’me e tla tsoa ho Ba-Juda, batho ba ka ba khale ba selekane. ’Me ba leboha eng ho Ba-Juda ka Bibele eo ba e fumaneng hotsoa ho bona? Ee, ba bolelang Balichaba? Na ba hopola lits’otleho, le mesebetsi, le bohloko ba Ba-Juda, le mafolofolo a bona ho ’na, ka ho tlisa pholoho ho Balichaba?

5 Oho lona Balichaba, na le hopotse Ba-Juda, batho ba ka ba khale ba selekane? Che; empa le ba rohakile, ’me la ba hloea, ’me ha lea batla ho ba lopolla. Empa bonang, ke tla khutlisetsa lintho tsena tsohle holima lihloho tsa lona, hobane ’na Morena ha kea lebala batho ba ka.

6 Uena leoatla, ea tla re: Bibele, re na le Bibele, ’me ha re hloke Bibele e ngoe ho feta. Na le ile la fumana Bibele ntle le hore e ne e le ka Ba-Juda?

7 Na ha le tsebe hore ho na le lichaba tse ling ho feta se le seng? Na ha le tsebe hore, ’na Morena Molimo oa lona, ke bopile batho bohle, le hore ke hopola bao ba lihlekehlekeng tsa leoatle; le hore ke busa maholimo holimo le lefats’e tlaase; ’me ke tlisa lentsoe la ka ho bana ba batho, ee, esita le holima lefats’e lohle?

8 Ka baka leo lea tletleba, hobane le tla amohela ho feta lentsoe la ka? Na ha le tsebe hore bopaki ba lichaba tse peli ke bopaki ho lona hore ke Molimo, hore ke hopola sechaba se seng joaloka se seng? Ka baka leo, ke bua mantsoe a ts’oanang ho sechaba se seng joaloka se seng. ’Me ha lichaba tse peli li ka tla ’moho bopaki ba lichaba tseo tse peli bo tla tla’moho hape.

9 ’Me ke etsa sena hore ke tle ke pake ho ba bangata hore kea ts’oana maobane, kajeno, le ka ho sa feleng; le hore ke bua mantsoe a ka ho latela boithatelo ba ka. ’Me hobane ke buile lentsoe le le leng ha le hloke ho hopola hore nka sitoa ho bua le leng; hobane mosebetsi oa ka ha o fele; le haele ho fela ho fihlela qetello ea motho, le haele ho tloha nakong eo le ka ho sa feleng.

10 Ka baka leo, hobane lena le Bibele ha le hloke ho nahana hore e ts’etse mantsoe ohle a ka; le haele ho hloka ho nahana hore ha kea laela hore ho ngoloe ho feta.

11 Hobane ke laela batho bohle, bobeli ka bochabela le ka bophirima, ’me le ka leboea, le ka boroa, le lihlekehlekeng tsa leoatle, hore ba tle ba ngole mantsoe ao kea buang ho bona; hobane ho tsoa libukeng tse tla ngoloa ke tla ahlola lefats’e, motho e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae, ho latela seo se ngotsoeng.

12 Hobane bonang, ke tla bua ho Ba-juda ’me ba tla e ngola; ’me ke tla bua ho Ba-Nefi ’me ba tla e ngola, ’me ke tla boela ke bua le meloko e meng ea ntlo ea Iseraele, bao ke ba etelletseng hole, ’me ba tla e ngola; ’me ke tla bua le lichaba tsohle tsa lefats’e ’me ba tla e ngola.

13 ’Me ho tla etsahala hore Ba-Juda ba tla ba le mantsoe a ba-Nefi, ’me ba-Nefi ba tla ba le mantsoe a Ba-juda; ’me ba-Nefi le Ba-Juda ba tla ba le mantsoe a meloko e lahlehileng ea Iseraele; ’me meloko e lahlehileng ea Iseraele e tla ba le mantsoe a ba-Nefi le Ba-Juda.

14 ’Me ho tla etsahala hore batho ba heso, bao e leng ba ntlo ea Iseraele, ba tla bokelloa mafats’eng ao ba a ruileng; ’me lentsoe la ka hape le tla bokelletsoa. ’Me ke tla ba bonts’a bao ba loanang khahlanong le lentsoe la ka le khahlanong le batho ba ka, bao e leng ba ntlo ea Iseraele, hore ke Molimo, ’me ke entse selekane le Abrahama hore ke tla hopola peo ea hae ka ho sa feleng.