Mangolo a halalelang
Mosaia 24


Khaolo ea 24

Amulone o hlorisa Alma le batho ba habo—Ba tla bolaoa haeba ba rapela—Morena o etsa hore mejaro ea bona e bonahale e le bobebe—O ba lopolla litlamong, ’me ba khutlela Zarahemla. Ka bo 145–120 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore Amulone o ile a fumana mohau mahlong a morena oa Ba-Lamane; ka baka leo, morena oa Ba-Lamane o ile a mo fa hore eena le bana ba babo e be baruti holim’a batho ba hae, ee, esita le holima batho bao ba neng ba le lefats’eng la Shemlone, le lefats’eng la Shilome, le lefats’eng la Amulone.

2 Hobane Ba-Lamane ba ne ba ruile mafats’e ana oohle; ka baka leo, morena oa Ba-Lamane o ne a beile marena holim’a mafats’e ana oohle.

3 ’Me joale lebitso la morena eo oa Ba-Lamane e ne e le Lamane, eena a ne a rehelletsoe ka lebitso la ntat’ae; ’me ka baka leo o ne a bitsoa morena Lamane. ’Me e ne e le morena oa batho ba bangata.

4 ’Me o ile a khetha baruti ho ba habo Amulone lefats’eng le leng le le leng le neng le ruuoe ke batho ba hae; ’me ke joana puo ea Nefi e ileng ea qala ho rutoa har’a batho bohle ba Ba-Lamane.

5 ’Me e ne e le batho ba nang le setsoalle e mong ho e mong; le ha ho le joalo ba ne ba sa tsebe Molimo; le ba habo Amulone ha ba ka ba ba ruta letho malebana le Morena Molimo oa bona, kapa molao oa Moshe; kapa ho ba ruta mantsoe a Abinadi;

6 Empa ba ile ba ba ruta ho boloka lingoliloeng tsa bona, ’me hore ba tle ba ngollane e mong ho e mong.

7 ’Me joana Ba-Lamane ba qala ho eketsa ka maruo, ’me ba qala ho hoebisana le ho rua, ho latela bohlale ba lefats’e, ee, batho ba masene haholo, ba thabelang mekhoa eohle ea bokhopo le bosholu, ntle le hore e ne e le har’a batho ba habo bona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore Amulone a qale ho sebelisa tokelo holima Alma le ba habo, ’me a qala ho mo hlorisa, le ho etsa hore bana ba hae ba hlorise bana ba bona.

9 Hobane Amulone o ne a tseba Alma, hore o ile a ba e mong oa baprista ba morena, le hore o ne a ile a lumela mantsoe a Abinadi ’me a khanneloa kantle ka pele ho morena, ’me ka baka leo o ne a mo halefetse; hobane eena e ne e le mofo oa morena Lamane, le ha feela a ne a sebelisa tokelo holima bona, ’me a ba behile mesebetsi holim’a bona, ’me a behile balaoli ba mesebetsi holima bona.

10 ’M’e ho ile ha etsahala hore li ne li le kholo lits’otleho tsa bona hoo ba ileng ba qala ho llela ka matla ho Molimo.

11 ’Me Amulone a ba laela hore ba emise lillo tsa bona; ’me a beha balebeli holim’a bona ho ba lebela, hore mang ea tla fumanoa a bitsetsa ho Molimo a tle a bolaoe.

12 ’Me Alma le batho ba habo ha ba ka ba phahamisetsa mantsoe a bona ho Morena Molimo oa bona, empa ba ile ba ts’ollela lipelo tsa bona ho eena; ’me o ile a tseba mehopolo ea lipelo tsa bona.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la Morena le tle ho bona mahlomoleng a bona, le re: Phahamisang lihlooho tsa lona ’me le be le mats’eliso a molemo, hobane ke tseba ka selekane seo le se entseng ho ’na; ’me ke tla etsa selekane le batho ba ka ’me ke ba lopolle ho tsoa litlamong.

14 ’Me ke tla bebofatsa meroalo e behiloeng holim’a mahetla a lona, esita le hore le keke la e utloa holim’a mekokotlo ea lona, esita le ha le ntse le le litlamong; ’me sena ke tla se etsa hore le tle le eme le le lipaki tsa ka kamor’a mona, le hore le tle le tsebe e le ka ’nete hore ’na, Morena Molimo, ke etela batho ba ka mahlomoleng a bona.

15 ’Me joale ho ile ha etsahala hore meroalo e neng e behiloe holim’a Alma le ba habo e ile ea etsoa bobebe; ee, Morena o ile a ba matlafatsa hore ba khone ho mamella meroalo ea bona ka boiketlo, ’me ba ile ba inehela ka thabo le ka mamello ho thato eohle ea Morena.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore tumelo ea bona e ne le kholo hoo le mamello ea bona hore e be Morena o tla ho bona hape, a re: Le be le mats’eliso a molemo, hobane hosane ke tla le lopolla ho tsoa litlamong.

17 ’Me a re ho Alma: U tla tsamaea ka pele ho batho bana, ’me ke tla tsamaea le uena ’me ke lopolle batho bana ho tsoa litlamong.

18 Joale ho ile ha etsahala hore Alma le batho ba habo ka nako ea bosiu ba bokella mehlape ea bona hammoho, ’me hape le lijo thollo tsa bona; ee, esita le nako ea bosiu bohle ba ne ba ntse ba bokella mehlape ea bona hammoho.

19 ’Me hoseng Morena a etsa hore boroko bo tebileng bo tle holim’a Ba-Lamane, ee, ’me balaoli ba mesebetsi bohle ba bona ba ne ba le borokong bo tebileng.

20 ’Me Alma le batho ba habo ba fallela lefelleng; ’me ha ba se ba tsamaile letsatsi lohle ba ile ba hloma litente tsa bona phuleng, ’me ba ile ba bitsa phula eo Alma, hobane o ne a etelletse tsela ea bona lefelleng.

21 Ee, ’me phuleng eo ea Alma ba ile ba ts’ollela liteboho tsa bona ho Molimo hobane o bile lereko ho bona, ’me a bebofatsa meroalo ea bona, ’me a ba lopollotse litlamong; hobane ba ne ba le litlamong, ’me ho ne ho se na mang ea ka ba lopollang ntle le hore e be Morena Molimo oa bona.

22 ’Me ba ile ba fana ka liteboho ho Molimo, ee, bohle banna le bohle basali le bana bohle ba bona ba khonang ho bua ba phahamisa mantsoe a bona ka ho rorisa Molimo oa bona.

23 ’Me joale Morena o ile a re ho Alma: Potlaka ’me u nts’e batho bana lefats’eng lena, hobane Ba-Lamane ba tsohile ’me ba le pheelletse; ka baka leo fumana ho tsoa lefats’eng lena, ’me ke tla emisa Ba-Lamane phuleng ena hore ba se ke ba tla ho feta ho lelekisa batho bana.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore ba falle ho tsoa phuleng eo, ’me ba nka leeto la bona ho ea lefelleng.

25 ’Me kamor’a hore ba be lefelleng matsatsi a leshome le metso e ’meli ba ile ba fihla lefats’eng la Zarahemla, ’me morena Mosaia o ile a ba amohela ka nyakallo.