Mangolo a halalelang
Mosaia 13


Khaolo ea 13

Abinadi o ts’ireletsoa ke matla a bo Molimo—O ruta Litaelo tse Leshome—Poloko ha e tle ka molao oa Moshe feela—Molimo ka Bo-eena o tla etsa topollo ’me a lopolle batho ba Hae. Ka bo 148 B.C.

1 ’Me joale morena ha a se a utloile mantsoe a na, o ile a re ho baprista ba hae: Tlosang motho enoa, ’me le ’molaee; hobane ke eng seo re ka se etsang ka eena, hobane o oa hlanya.

2 ’Me ba ema ba leka ho beha matsoho a bona ho eena; empa a ba hanela, ’me a re ho bona:

3 Le se ke la nthetsa, hobane Molimo o tla le otla ha le ka beha matsoho a lona ho ’na, hobane ha ke so fetise molaetsa oo Morena a nthommeng ho o fetisa; hape ha ke so le bolelle seo le nkopileng hore ke le bolelle sona; ka baka leo, Molimo a ke ke a lumella hore ke timetsoe ka ena nako.

4 Empa ke tlameha ho phethisa litaelo tseo Molimo a ntaetseng tsona; ’me hobane ke le bolelletse ’nete le nkhalefetse. ’Me hape, hobane ke buile lentsoe la Molimo le nkahlotse ka hore kea hlanya.

5 Joale ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Abinadi a bue mantsoe a na batho ba morena Noe ba ne ba sa qeke ho beha matsoho a bona ho eena, hobane Moea oa Morena o ne o le holim’a hae; ’me sefahleho sa hae se ne se khanya ka khanya e fetisisang, esita le joaloka ha Moshe a ne a le thabeng ea Sinai, ha a ntse a bua le Morena.

6 ’Me o ile a bua ka matla le tokelo e tsoang ho Molimo; ’me a nts’etsa mantsoe a hae pele, a re:

7 Lea bona hore ha le na matla a ho mpolaea, ka baka leo ke qetela molaetsa oaka. Ee, ’me kea lemoha hore o le sehela ho isa lipelong tsa lona hobane ke le bolella ’nete malebana le bokhopo ba lona.

8 Ee, ’me mantsoe a ka ale tlatsa ka tlholleho le ho makatsa, le ka khalefo.

9 Empa ke qetela molaetsa oa ka; ’me ha ho na taba hore na kea kae, haeba ho etsahala hore ke pholosoe.

10 Empa ha ka na ke le bolella, seo le se etsang ka ’na, kamorao ho mona, e tla ba joaloka ts’oants’iso le seriti sa lintho tse tlang ho tla.

11 ’Me joale ke le balla karolo e setseng ea litaelo tsa Molimo, hobane kea lemoha hore ha lia ngoloa lipelong tsa lona; ke lemoha hore le ithutile le ho ruta bokhopo boholo ba karolo ea bophelo ba lona.

12 ’Me joale, lea hopola hore ke itse ho lona: U se ke ua iketsetsa sets’oants’o se betliloeng, le ha e le sets’oants’o se le seng sa tse holimo maholimong, le ha e le sa ntho tse tlase lefats’eng, le ha e le tse ka metsing ka tlasa lefats’e.

13 ’Me hape: U se ke oa li khumamela, kapa oa li sebeletsa; hobane ’na Morena Molimo oa hau ke Molimo ea boulelang, ea otlang bana ka bokhopo ba batsoali ba bona, ho isa molokong oa boraro le oa bone oa bona ba ntlhoeang;

14 ’Me ke bonts’a mohau ho likete tsa bona ba nthatang le ho boloka litaelo tsa ka.

15 U se ke oa tlaela ka lebitso la Morena Molimo oa hau; hobane Morena a ke ke a latola molato oa ea tlaelang ka lebitso la hae.

16 Hopola letsatsi la sabatha, ho le boloka le halalela.

17 Ka matsatsi a ts’eletseng u tla sebetsa, ’me o etse mosebetsi oa hau kaofela;

18 Empa letsatsi la bosupa, ke sabatha ea Morena Molimo oa hau, u se ke oa etsa mosebetsi le o mong, uena, le ha e le mor’a hau, le ha e le morali oa hau, le ha e le mohlanka oa hau e motona, le ha e le mohlanka oa hau e mots’ehali, le ha e le likhomo tsa hau, le ha ele moeti oa hau ea ka menyakong ea hau;

19 Hobane ka matsatsi a ts’eletseng Morena o entse leholimo le lefats’e, le leoatle, le lintho tsohle tse ho tsona; ka baka leo Morena o hlohonolofalitse letsatsi la sabatha, ’me a le halaletsa.

20 Hlonepha ntata’o le ’m’ao, hore matsatsi a hau a tle a eketsoe lefats’eng leo u le neoang ke Morena Molimo oa hau.

21 U se ke ua bolaea.

22 U se ke ua feba. U se ke ua utsoa.

23 U se ke ua etselletsa ua heno ka leshano.

24 U se ke ua lakatsa ntlo ea ua heno, u se ke ua lakatsa mosali oa ua heno, le ha e le mohlanka oa hae e motona, le ha e le mohlanka oa hae e mots’ehali, le ha e le khomo ea hae, la ha e le esele ea hae, le ha e le ntho e ’ngoe ea ua heno.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Abinadi a etse pheletso ea lipolelo tsena o ile a re ho bona: Na le rutile batho baa hore tle ba ele hloko ho etsa lintho tsee kaofela ka lebaka la ho boloka litaelo tsee?

26 Ke re ho lona, Che; hobane haeba le ne le entse joalo, Morena a ka be a sa etsa hore ke tle ’me ke tlo porofeta bobe malebana le batho ba na.

27 ’Me joale le itse poloko e tla ka molao oa Moshe. Ke re ho lona hore ho molemo hore le boloke molao oa Moshe hajoale; empa ke re ho lona, hore nako e tla tla eo ho ke keng ha hlola ho ba molemo ho boloka molao oa Moshe.

28 ’Me ho feta moo, ke re ho lona, hore poloko ha e tle ka molao feela; ’me ha e ne e se ka topollo, eo Molimo ka bo-eena a tlang ho e etsa bakeng sa libe le bokhopo ba batho ba hae, hore ba ne ba tlameha hore ka mokhoa u ke keng oa qojoa ba timele, ho sa natsehe molao oa Moshe.

29 ’Me joale ke re ho lona hore ho ne ho le molemo hore ho be le molao o fanoang ho bana ba Iseraele, ee, esita le molao o thata haholo; hobane e ne e le batho ba melala e sataletseng, ba potlakang ho etsa bokhopo, ’me ba lieha ho hopola Morena Molimo oa bona;

30 Ka baka leo ho ne ho na le molao o ba u filoeng, ee, molao oa liketsahalo le oa lits’ebeletso, molao oo ba neng ba tlameha ho ela hloko ho boloka ka tieo letsatsi le letsatsi, ho ba bolokela khopotsong ea Molimo le mosebetsi oa bona ho isa ho eena.

31 Empa bonang, ke re ho lona, hore lintho tsena tsohle e ne e le ts’oants’iso ea lintho tse tlang ho tla.

32 ’Me joale, na ba ile ba utloisisa molao oo? Ke re ho lona, Che, ba ne ba sa utloisisi molao oo, ’me sena ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona; hobane ba ne ba sa utloisisi hore ho ne ho se na motho ea ka pholosoang ntle le hore e ba ka topollo ea Molimo.

33 Hobane bonang, na Moshe ha a ka a porofeta ho bona malebana le ho tla ha Messia, le hore Molimo a tle a lopolle batho ba hae? Ee, ’me esita le baporofeta bohle ba porofetileng ho tloha lefats’e le qalile—na ha ba bua ho feta kapa hanyane malebana le lintho tse?

34 Na ha ba bolela hore Molimo ka bo-eena o tla tla tlase har’a bana ba batho, ’me a inkele sebopeho sa motho, ’me a tsamaee ka matla a maholo holima sefahleho sa lefats’e?

35 Ee, ’me na ha ba ea bolela hape hore o tla tlisa hore ho etsahale tsoho ea bafu ea ba shoeleng, le hore eena, ka bo-eena, a tle a hatelloe le ho hlokofatsoa?