Mangolo a halalelang
Mosaia 17


Khaolo ea 17

Alma o lumela le ho ngola mantsoe a Abinadi—Abinadi o mamella lefu ka mollo—O porofeta boloetse le lefu ka mollo holima babolai ba hae. Ka bo 148 B.C.

1 ’Me ho ile ha etshala hore ha Abinadi a se a qetile lipolelo tsena, hore morena a laele hore baprista ba mo nke ’me ba etse hore a bolaoe.

2 Empa ho ne ho ena le ea mong har’a bona eo lebitso la hae e neng e le Alma, eena hape e leng setloholo sa Nefi. ’Me ene e le mohlankana, ’me o ile a lumela mantsoe ao Abinadi a neng a a buile, hobane o ne a tseba malebana le bokhopo boo Abinadi a bo pakileng khahlanong le bona; ka baka leo o ile a qala ho kopa morena hore a se ke a ba le khalefo ka Abinadi, empa a lumele hore a tsamaee ka khotso.

3 Empa morena o ne a halefile le ho feta, ’me a etsa hore Alma a lelekelloe ka ntle har’a bona, ’me a romela bahlanka ba hae kamor’a hae hore ba tle ba ’molaee.

4 Empa o ile a baleha ka pele ho bona ’me a ipata hore ba se ke ba mo fumana. ’Me eena ka ha a ne a ipatile bakeng sa matsatsi a mangata o ile a ngola mantsoe oohle ao Abinadi a ileng a a bua.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore morena a etse hore balebeli ba hae ba tle ba potapote Abinadi ’me ba mo nke; ’me ba mo fase ’me ba mo akhele teronkong.

6 ’Me kamor’a matsatsi a mararo, ha a se a eletsane le baprista ba hae, o ile a etsa hore hape a ke a tlisoe ka pele ho eena.

7 ’Meo ile a re ho eena: Abinadi re fumane qoso khahlanong le uena, ’me o lokeloa ke lefu.

8 Hobane u itse Molimo ka bo-eena o tla tla tlase har’a bana ba batho; ’me joale, ka lebaka lena u tla bolaoa ntle le haeba u tla hula mantsoe oohle ao u a buileng bobe malebana le ’na le batho ba ka.

9 Joale Abinadi a re ho eena: Ke re ho uena, ha ke na ho hula mantsoe ao kea buileng ho uena malebana le batho bana, hobane ke a ’nete; ’me hore u tle u tsebe bonnete ba oona ke itumelletse bo-’na hore ke oele matsohong a hau.

10 Ee, ’me ke tla mamella esita le ho hofihlela lefung, ’me ha ke na ho hula mantsoe a ka, ’me a tla ema e le bopaki khahlanong le uena. ’Me haeba u mpolaea u tla be o ts’olla mali a senang molato, ’me sena le sona se tla ema e le bopaki khahlanong le uena ka letsatsi la ho qetela.

11 ’Me joale morena Noe o ne a le makhatheng a ho mo lokolla, hobane o ne a ts’aba lentsoe la hae; hobane o ne a ts’aba hore likahlolo tsa Molimo li tla tla holim’a hae.

12 Empa baprista ba ile ba phahamisa mantsoe a bona khahlanong le eena, ’me ba qala ho mo qosa ba re: O nyefotse morena. Ka baka leo morena o ile a hlohlelletsoa ho halefa khahlanong le eena, ’me a mo lokollela hore a tle a bolaoe.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ba mo nke ’me ba mo tlame, ’me ba mo shapa letlalo ka ngata ea lithupa, ee, esita le ho isa lefung.

14 ’Me joale ha malakabe a qala ho mo chesa, o ile a llela ho bona, a re:

15 Bonang, esita le joaloka ha le entse ho ’na, joale ho tla etsahala hore peo ea lona e tla etsa hore ba bangata ba tle ba mamelle bohloko boo ke bo mamellang, esita le bohloko ba lefu ka mollo; ’me sena hobane ba lumela ho poloko ea Morena Molimo oa bona.

16 ’Me ho tla etsahala hore le tla hlokofatsoa ka mefuta eohle ea maloetse ka lebaka la bokhopo ba lona.

17 Ee, ’me le tla otloa letsohong le leng le le leng, ’me le tla khannoa le qhalakane koana le koana, esita le joaloka mohlape o hlaha o khannoa ke libata tse bohale tse hlaha.

18 ’Me ka letsatsi leo le tla tsongoa, ’me le tla nkuoa ke letsoho la lira tsa lona, ’me e be le tla mamella, joaloka ha ke mamelletse, bohloko ba lefu ka mollo.

19 Ke joana Molimo a phethisang boiphetetso ho bao ba timetsang batho ba hae. Oho Molimo, amohela moea oa ka.

20 ’Me joale, Ha Abinadi a se a buile mantsoe ana, a oela, a mamelletse lefu ka mollo; ee, a bolaetsoe hobane a ne a ke ke a latola litaelo tsa Molimo, a tiisitse mantsoe a hae ka lefu la hae.