Mangolo a halalelang
Mosaia 23


Pale ea Alma le batho ba Morena, ba ileng ba khanneloa lefelleng ke batho ba Morena Noe.

Ho kenyeletsa Likhaolo tsa 23 le 24.

Khaolo ea 23

Alma o hana ho ba Morena—O sebeletsa e le Moprista e moholo—Morena o khalema batho ba hae, ’me Ba-Lamane ba hlola lefats’e la Helame—Amulone, moetapele oa baprista ba khopo ba morena Noe, o busa tlas’a borena ba Ba-Lamane. Ka bo 145–121 B.C.

1 Joale Alma, ka ha a ne a lemositsoe ke Morena hore mabotho a morena Noe a tla tla ba oela, ’me ka ha a ne a entse hore e tsebahale ho batho ba habo, ka baka leo ba ile ba bokella hammoho mehlape ea bona, ’me ba nka lijo thollo tsa bona, ’me ba fallela lefelleng pele ho mabotho a Morena Noe.

2 ’Me Morena o ile a ba matlafatsa, hoo batho ba morena Noe ba neng ba sitoa ho ba ts’oara ho ba timetsa.

3 ’Me ba ile ba baleha ka leeto la matsatsi a robeli ho ea lefelleng.

4 ’Me ba ile ba fihla lefats’eng leo, esita le lefats’eng le letle le thabisang, lefats’e la metsi a hloekileng.

5 ’Me ba hloma litente tsa bona, ’me ba qala ho lema mobu, ’le ho qala ho aha meaho; ee, ba ne ba le mafolofolo, ’me ba ile ba sebetsa ka ho fetisisa.

6 ’Me batho bao ba ne ba lakatsa hore Alma e be morena oa bona, hobane o ne a ratoa ke batho ba habo.

7 Empa a re ho bona: Bonang, ha ho a lokela hore re be le morena; hobane joana ho bolela Morena: Le keke la hlonepha nama e ’ngoe holima e ’ngoe, kapa monna a le mong a inahanela ho ba ka holim’a e mong; ka baka leo ke re ho lona, ha ho a lokela hore le be le morena.

8 Le ha ho le joalo, ha bokhoni bo ne bo le teng ba hore kamehla le be le banna ba lokileng ho ba marena a lona ho ne ho tla ba hantle bakeng sa lona ho ba le morena.

9 Empa hopolang bokhopo ba morena Noe le baprista ba hae; le ’na ka bo ’na ke ne ke ts’oasitsoe lemeneng, ’me ka etsa lintho tse ngata tseo e neng e le manyala ponts’eng ea Morena, tseo li ileng tsa nketsetsa pako e mahlomola;

10 Le ha ho le joalo, kamorao ho litsietsi tse ngata, Morena o ile a utloa lillo tsa ka, ’me o ile a araba lithapelo tsa ka, ’me a nketsa sesebelisoa ka matsohong a hae ka ho tlisa ba bangata joalo tsebong ea ’nete ea hae.

11 Le ha ho le joalo, ka ena ha ke ithorise, hobane ha kea lokeloa ke ho ithorisa ka ’na.

12 ’Me joale ke re ho lona, le ne le hatelletsoe ke morena Noe, ’me le bile litlamong ho eena le baprista ba hae, ’me le tlisitsoe bokhopong ke bona; ka baka leo le tlangoe ka mabanta a bokhopo.

13 ’Me joale joaloka ha le lopollotsoe ka matla a Molimo ho tsoa litlamong tsena; ee, esita le ho tsoa matsohong a morena Noe le batho ba hae, ’me le ho tsoa litlamong tsa bokhopo, esita le joale ke lakatsa hore le eme ka tieo tokolohong ena eo le entsoeng hore le lokolohe, ’me le ho se be le eo le ka mo ts’epelang ho ba morena holim’a lona.

14 ’Me hape ho se be le eo le ka mo ts’epelang ho ba tichere kapa moruti oa lona, ntle le hore e be monna oa Molimo, ea tsamaeang litseleng tsa hae le ho boloka litaelo tsa hae.

15 Ke joana Alma a ileng a ruta batho ba habo, hore motho e mong le e mong a rate oa habo joalo ka ha a ithata, hore ho se ke ha ba le likhang har’a bona.

16 ’Me joale, Alma e ne e le Moprista e moholo oa bona, eena e le mothehi oa kereke ea bona.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ho se be le ea amohelang tokelo ea ho rera kapa ho ruta ntle le hore e ne e le ka eena ho tsoa ho Molimo. Ka baka leo o ile a khetha baprista bohle ba bona le baruti bohle ba bona; ’me ho ne ho se na ea khethiloeng ntle le hore e be ke motho ea lokileng.

18 Ka baka leo ba ile ba hlokomela batho ba habo bona, ’me ba ba fepa ka lintho tse amanang le ho loka.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore ba qale ho atleha ka ho fetisisa lefats’eng leo; ’me ba ile ba bitsa lefats’e leo Helame.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ngatafale le ho atleha ka ho fetisisa lefats’eng la Helame; ’me ba ile ba aha motse, oo ba ileng bao bitsa motse oa Helame.

21 Le ha ho le joalo Morena o bone ho lokela ho khalema batho ba hae; ee, o leka mamello ea bona le tumelo ea bona.

22 Le ha ho le joalo—ea behang ts’epo ea hae ho eena, ea ts’oanang o tla phahamisoa ka letsatsi la ho qetela. Ee, ’me ho ne ho le joana ka batho bana.

23 Hobane bonang, ke tla le bonts’a hore ba ne ba tlisitsoe litlamong, ’me ho ne ho se na ea ka ba lopollang ntle le Morena Molimo oa bona, ee, esita le Molimo oa Abrahama le Isaaka le Jakobo.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a ba lopolla, ’me o ile a bonts’a matla a hae a maholo ho bona, ’me e ne e le kholo nyakallo ea bona.

25 Hobane bonang, ho ile ha etsahala hore ha ba ntse ba le lefats’eng la Helame, ee, motseng oa Helame, ha ba ntse ba lema lefats’e leo ho potoloha, bonang lebotho la Ba-Lamane le ne le le meeling ea lefats’e leo.

26 Joale ho ile ha etsahala hore bana ba bo Alma ba balehe ho tloha masimong a bona, ’me ba ipokella hammoho motseng oa Helame; ’me ba ne ba ts’ohile haholo ka lebaka la ponahalo ea Ba-Lamane.

27 Empa Alma a ea ’me a ema har’a bona, ’me a ba khothatsa hore ba se ke ba ts’oha, empa hore ba hopole Morena Molimo oa bona ’me o tla ba lopolla.

28 Ka baka leo ba ile ba theola matsoalo a bona, ’me ba qala ho llela ho Morena hore a tle a nolofatse lipelo tsa Ba-Lamane, hore ba tle ba ba qenehele, le basali ba bona, le bana ba bona.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a nolofatsa lipelo tsa Ba-Lamane. ’Me Alma le bana ba bo ba ea ho lo inehela matsohong a bona; ’me Ba-Lamane ba ile ba nka ho rua lefats’e la Helame.

30 Joale mabotho a Ba-Lamane, a ileng a latella kamor’a batho ba morena Limhi, a ne a lahlehile lefelleng bakeng sa matsatsi a mangata.

31 ’Me bonang, ba ile ba fumana baprista bano ba morena Noe, sebakeng seo ba ileng ba se bitsa Amulone; ’me ba ne ba qalile ho rua lefats’e la Amulone ’me ba ne ba qalile ho lema mobu oo.

32 Joale lebitso la moetapele oa baprista bao e ne e le Amulone.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore Amulone o ile a kopa Ba-Lamane; ’me hape o ile a romela basali ba bona, bao e neng e le barali ba Ba-Lamane, ho ea kopa bana ba bo bona, hore ba se ke ba timetsa banna ba bona.

34 ’Me Ba-Lamane ba ba le khauhelo ho Amulone le bana ba bo, ’me ha ba ka ba ba timetsa, ka lebaka la basali ba bona.

35 ’Me Amulone le bana ba bo ba ile ba kopana le Ba-Lamane, ’me ba ne ba ntse ba tsamaea lefelleng ba ntse ba batla lefats’e la Nefi ha ba tla sibolla lefats’e la Helame, le neng le ruuoe ke Alma le bana ba bo.

36 ’Me hoile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ts’epise Alma le bana ba bo, hore ha ba ka ba bonts’a tsela e isang lefats’eng la Nefi hore ba tla ba fa maphelo a bona le bolokolohi ba bona.

37 Empa kamor’a hore Alma a ba bonts’e tsela e isang lefats’eng la Nefi, Ba-Lamane ha ba ka ba boloka ts’episo ea bona; empa ba qala ho beha balebeli ho potoloha lefats’e la Helame, holim’a Alma le bana ba bo.

38 ’Me ba setseng ba bona ba ile ba ea lefats’eng la Nefi; ’me karolo enngoe ea bona e ile ea khutlela lefats’eng la Helame, ’me hape ba ba tlisa le basali le bana ba balebeli ba ileng ba salla morao lefats’eng leo.

39 ’Me morena oa Ba-Lamane o ile a fa Amulone hore e be morena le ’musi holim’a batho ba habo, ba neng ba le lefats’eng la Helame; le ha ho le joalo a se ke a ba le matla a ho etsa letho khahlanong le thato ea morena oa Ba-Lamane.