Mangolo a halalelang
Mosaia 2


Khaolo ea 2

Morena Benjamine o bua le batho ba habo—O hlalosa tekano, ho hloka leeme, le bo-moea ba puso ea hae—O ba eletsa ho sebeletsa Morena oa bona ea Maholimong—Ba fetohang khahlanong le Molimo ba tla utloa bohloko bo kang mollo o sa timeng. Ka bo 124 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore Mosaia a etse kamoo ntat’ae a neng a mo laetse, ’me a se a entse phatlalatso lefats’eng leo lohle, batho ba ile ba bokelleha hammoho lefats’eng leo lohle, hore ba tle ba nyolohele tempeleng ho utloa mantsoe ao morena Benjamine a tlang ho a bua ho bona.

2 ’Me ho ne ho na le palo e kholo haholo, esita le e ngata hoo ba neng ba sitoa ho ba bala; hobane ba ne ba atile ka ho fetisa ’me ba fetohile palo e kholo lefats’eng leo lohle.

3 ’Me hape ba ile ba nka matsibolo a mehlape ea bona, hore ba tle ba etse sehlabelo le licheso ho latela molao oa Moshe;

4 ’Me hape hore ba tle ba fane ka liteboho ho Morena Molimo oa bona, ea ba tlisitseng ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, ’me ea ba lopollotseng ho tsoa matsohong a lira tsa bona, ’me a ba behela banna ba lokileng ho ba baruti ba bona, ’me hape le monna ea lokileng ho ba morena oa bona, ea neng a thehile khotso lefatseng la Zarahemla, ’me ea neng a ba rutile ho boloka litaelo tsa Molimo, hore ba tle ba nyakalle ’me ba tlale ka lerato ho Molimo le ho batho bohle.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba nyolohetse tempeleng, ba ile ba hloma litente tsa bona ho potoloha, monna e mong le e mong ho latela lelapa la hae, ho kenyeletsa mosali oa hae, le bara ba hae, le barali ba hae, le bara ba bona, le barali ba bona, ho tloha ka ea moholo ho ea ho e monyenyane, lelapa le leng le le leng le arohane ho le leng.

6 ’Me ba ile ba hloma litente tsa bona ho potoloha le tempele, monna e mong le e mong monyako oa tente ea hae o shebile tempele, hore ka hona ba tle ba sale ba lutse litenteng tsa bona ’me ba utloe mantsoe ao morena Benjamine a tlang ho a bua ho bona;

7 Hobane bongata boo bo ne bo le boholo hoo morena Benjamine a neng a sitoa ho ba ruta ho tsoa ka hare ho mabota a tempele, ka baka leo, o ile a etsa hore tora e ahoe, hore ka hona batho ba habo ba tle ba utloe mantsoe ao a tlang ho a bua ho bona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore a qale ho bua le batho ba hae ho tsoa toreng eo; ’me ba ne ba sitoa hore kaofela ba utloe mantsoe a hae ka lebaka la boholo ba bongata ba bona; ka baka leo o ile a etsa hore mantsoe a hae ao a buileng a ngoloe ’me a romeloe har’a bao ba neng ba se tlasa molumo oa lentsoe la hae, hore ba tle ba amohele mantsoe a hae.

9 ’Me ana ke mantsoe ao a buileng ’me a etsa hore a ngoloe, a re: Bana beso, lona bohle ba kopaneng hammoho, lona ba ka utloang mantsoe a ka ao ke tla a bua ho lona ka letsatsi lena; hobane ha kea le laela ho tla mona ho tla saooa ka mantsoe ao ke tlang ho a bua, empa hore le tle le ’mamele, ’me le bule litsebe tsa lona hore le tle le utloe, le lipelo tsa lona hore le tle le utloisise, le likelello tsa lona hore liphiri tsa Molimo li tle li senoloe hore le li bone.

10 Ha kea le laela hore le nyolohele mona hore le tle le nts’abe, kapa hore le nahane hore ’na ka bo ’na ke ho hong ho feta motho ea shoang.

11 Empa ke ts’oana le lona, ke susumetsoa ke mekhoa eohle ea mefokolo ’meleng le kelellong; le ha ho le joalo ke khethiloe ke batho bana, ’me ka tlotsoa ke ntate, ’me ka lumelloa ka letsoho la Morena hore ke be ’musi le morena holima batho bana; ’me ke bolokuoe le ho baballoa ka matla a hae a sa lekangoeng, ho le sebeletsa ka matla oohle, kelello le matla ao Morena a mphileng oona.

12 Ke re ho lona hore joaloka ha ke sotlehetse ho qeta matsatsi a ka bosebeletsing ba lona, esita le hofihlela nako ena, ’me ha kea batla khauta kapa silivera kapa mokhoa o fe kapa o fe oa maruo ho lona;

13 Le ha e le ho lumella hore le koalloe literonkong, kapa hore le iketse makhoba a e mong ho e mong, kapa hore le bolaee, kapa ho hapa, kapa ho utsoa, kapa ho etsa bohlola, kapa esita le ho le lumella hore le etse mekhoa eohle e bokhopo, ’me ke le rutile hore le boloke litaelo tsa Morena, linthong tsohle tseo a le laetseng tsona—

14 ’Me esita le ’na, ka bo ’na, ke sebelitse ka matsoho a ka hore ke tle ke le sebeletse, ’me hore le se ke la imetsoa ka likhafa, le hore ho se ka ha eba le letho le tlang holima lona le utloisang bohloko ho mamelloa—’me lintho tsena tsohle tseo ke li buileng, lona ka bo lona le lipaki ka letsatsi lena.

15 Le ha ho le joalo, bana beso, ha kea etsa lintho tsena hore ke tle ke ithorise, hape ha ke le bolelle lintho tsena hore ka hona ke tle ke le qose; empa ke le bolella lintho tsena hore le tle le tsebe hore nka araba ka letsoalo le khutsitseng ka pele ho Molimo ka letsatsi lena.

16 Bonang, ke re ho lona hore hobane ke itse ho lona hore ke qetile matsatsi a ka bosebeletsing ba lona, ha ke lakatse ho ithorisa, hobane ke ne ke le feela bosebeletsing ba Molimo.

17 ’Me bonang, ke le bolella lintho tsena hore le tle le ithute bohlale; hore le tle le ithute hore ha le le bosebeletsing ba batho ba bang le mpa feela le le bosebeletsing ba Molimo oa lona.

18 Bonang, le mpitsitse morena oa lona, ’me haeba ’na, eo le mo bitsang morena, ke sebetsa ho le sebeletsa, joale na ha lea tlameha ho sebeletsana?

19 ’Me bonang hape, haeba ’na, eo le mo bitsang morena oa lona, ea qetileng matsatsi a hae bosebeletsing ba lona, ’me le ha ho le joalo e bile bosebeletsi ba Molimo, ke ts’oaneloa ke teboho e fe kapa e fe ho tsoa ho lona, Oho kamoo le tlamehang ho leboha Morena oa lona ea maholimong!

20 Ke re ho lona, bana beso, hore haeba le tlameha ho isa liteboho tsohle le thoriso eo meea eohle ea lona e nang le matla a ho ba le tsona, ho Molimo eo ea le bopileng, ’me ea le bolokileng le ho le baballa, ’me a etsa hore le tle le nyakalle, ’me o le lumelletse hore le tle le phele ka khotso e mong le e mong—

21 Ke re ho lona hore haeba le tla mo sebeletsa eena ea le bopileng ho tloha qalong, ’me o le baballetse letsatsi le letsatsi, ka ho le alima phefumoloho, hore le tle le phele ’me le tsamaee ho latela boithatelo ba lona, ’me esita le ho le ts’ehetsa ho tloha motsotsoaneng o mong ho isa ho o mong—ke re haeba le tla mo sebeletsa ka meea eohle ea lona le ha ho le joalo le tla ba basebeletsi ba se nang molemo.

22 ’Me bonang, sohle seo a se batlang ho lona ke hore le boloke litaelo tsa hae; ’me o le ts’episitse hore haeba le tla boloka litaelo tsa hae le tla atleha lefats’eng; me ha a fetohe ho tloha ho seo a se buileng; ka baka leo, ha le boloka litaelo tsa hae o oa le hlohonolofatsa le ho le atlehisa.

23 ’Me joale, bakeng sa pele, o le bopile, ’me a le fa bophelo ba lona, boo ka bona le nang le sokoloto ho eena.

24 ’Me ea bobeli, o batla hore le tle le etse kamoo a le laetseng; haeba le etsa joalo, hang hang oa le hlohonolofatsa; ’me ka baka leo o se a le lefile. ’Me le ntse le na le sekoloto ho eena, ’me le, ebile le tla ba le sona, ka ho sa feleng; ka baka leo, le na le eng eo le ka ithorisang ka eona?

25 ’Me joale kea botsa, na le ka re letho ka lona? Kea le araba, Che. Le sitoa hore le ka re le joaloka esita le lerole la lefats’e; le ha ho le joalo le bopiloe ka lerole la lefats’e; empa bonang, ke la hae eena ea le bopileng.

26 ’Me ’na, esita le ’na, eo le mo bitsang morena oa lona, ha ke betere ho feta lona kamoo le leng ka teng; hobane le ’na ke oa lerole. ’Me le ea bona hore ke tsofetse, ’me ke makhatheng a ho nehela ’mele ona o shoang ho ’m’a oona lefats’e.

27 Ka baka leo, joaloka ha ke itse ho lona hore ke le sebelelitse, ke tsamaea ka letsoalo le khutsitseng ka pele ho Molimo, esita joalo ka nako ena ke entse hore le tle le kopane hammoho, hore ke tle ke fumanoe ke se na molato, ’me hore mali a lona a tle a se ke a botsoa holim’a ka, ha ke ema ho ahloloa ke Molimo ka lintho tseo a ntaetseng tsona malebana le lona.

28 Ke re ho lona hore ke entse hore le tle le kopane hammoho hore ke tle ke tlose mali a lona liaparong tsa ka, ka bolele bona ba nako ha ke le makhatheng a ho ea tlaase lebitleng la ka, hore ke tle ke ee tlaase ka khotso, ’me moea oaka o phelang ka hosafeleng o tle o kopane le lihlopha tse holimo ka ho bina lithoriso tsa Molimo ea lokileng.

29 ’Me ho feta moo, ke re ho lona ke entse hore le ipokelle hammoho, hore ke tle ke phatlalatse ho lona hore ha ke sa khona ho ba moruti oa lona, kapa morena oa lona;

30 Hobane esita le ka nako ena, ’mele oohle oaka o thothomela ka ho fetisisa ha ke leka ho bua le lona; empa Morena Molimo o nts’ehelitse, ’me o ntumelletse hore ke tle ke bue le lona, ’me o ntaetse hore ke tle ke phatlalatse ho lona hore mora oa ka Mosaia ke morena le ’musi holim’a lona.

31 ’Me joale, bana beso, ke batla hore le tle le etse joaloka ha le ile la etsa. Joaloka ha le bolokile litaelo tsa ka, ’me hape le litaelo tsa ntate, ’me le atlehile, ’me le bolokiloe ho ho oela matsohong a lira tsa lona, esita le haeba le tla boloka litaelo tsa mora oa ka, kapa litaelo tsa Molimo tseo li tlang ho fetisetsoa ho lona ke eena, le tla atleha lefats’eng lena, ’me lira tsa lona ha li na ho ba le matla holim’a lona.

32 Empa, Oho batho ba heso, hlokomelang ho tle ho se ke ha tsoha likhang har’a lona, ’me la khetha ho mamela moea o mobe, oo ntate oa ka Mosaia a buileng ka ona.

33 Hobane bonang, bomalimabe bo phatlalalitsoe holim’a hae ea khethang ho mamela moea o mobe, hobane haeba a khetha ho mo mamela, ’me a sala le ho shoela libeng tsa hae, ea joalo o ithuela tsuo moeeng oa hae; hobane o amohela moputso oa hae ka kotlo e sa feleng, ka ho siteloa molao oa Molimo khahlanong le tsebo ea hae.

34 Ke re ho lona, ha hona har’a lona, ntle le bana ba lona ba banyenyane ba sa rutoang malebana le ntho tsena, empa ho tseba eng hore le na le mokoloto oa bosafeleng ho ntat’a lona ea maholimong, ho mo fa sohle seo le nang le sona le sohle seo le leng sona; ’me hape le rutiloe malebana le lingoliloeng tse ts’etseng boporofeta bo builoeng ke baporofeta ba halalelang, esita le tlaase ho isa nakong eo ntat’a rona, Lehi, a tlohang Jerusalema;

35 ’Me hape, sohle se builoeng ke bo ntat’a rona hofihlela joale. ’Me bonang, hape, ba buile seo ba neng ba se laetsoe ke Morena; ka baka leo, li lokile ’me ke ’nete.

36 ’Me joale, ke re ho lona, bana beso, hore kamor’a hore le tsebe ’me le rutoe lintho tsena kaofela, haeba le tla sitoa ’me le tsamaee khahlanong le seo se builoeng, hore le ikhula ho tsoa ho Moea oa Morena, hore o se ke oa eba le sebaka ka ho lona ho le tataisa litseleng tsa bohlale hore le tle le hlohonolofatsoe, le atlehisoe, le ho baballoa—

37 Ke re ho lona, motho ea etsang sena, ea ts’oanang o tla ka ntle ka ho fetoha ho totobetseng khahlanong le Molimo; ka baka leo o khetha ho mamela moea o mobe, ’me o fetoha sera sa ho loka hohle; ka baka leo, Morena ha a na sebaka ka ho eena, hobane ha a lule litempeleng tse sa halaleleng.

38 Ka baka leo haeba motho a sa bake, ’me a sala le ho shoa e le sera ho Molimo, litlhoko tsa toka ea bo-Molimo li tsosetsa moea oa hae o phelang ka ho sa feleng ho kuitloisiso e phelang ea molato oa hae, o etsang hore a nyenyefale ho tsoa ponts’eng ea Morena, ’me li tlatsa sefuba sa hae ka molato le bohloko, le bosula, bo joaloka mollo o sa timeng, oo malakabe a teng a nyolohelang holimo kamehla le mehla.

39 ’Me joale ke re ho lona, mohau ha o na seabo ho motho ea joalo; ka baka leo timelo ea hae ea ho qetela ke ho mamella tlhokofalo e sa feleng.

40 Oho, lona bohle banna ba baholo, hape le lona bahlankana, le lona bana ba banyenyane ba ka utloisisang mantsoe a ka, hobane ke buile ka ho hlaka ho lona hore le tle le utloisise, ke rapella hore le tle le falimehele khopolong ea boemo bo bobe ba bao ba oetseng ho sitoeng.

41 ’Me ho feta moo, ke lakatsa hore le tle le elelloe boemo bo hlohonolofetseng le thabo ea bao ba bolokang litaelo tsa Molimo. Hobane bonang, ba hlohonolofalitsoe linthong tsohle, ka bobeli tsa nama le tsa moea; ’me haeba ba tsoelapele ho ts’epahala ho isa qetellong ba amoheloa leholimong, hore teng ba tle ba lule le Molimo ka boemo ba thabo e sa feleng. Oho hopolang, hopolang hore lintho tsena ke ’nete; hobane Morena Molimo o e buile.