Mangolo a halalelang
Selelekela


Selelekela

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane ke pokello ea ts’enolo tsa bomolimo le lipolelo tse susumelitsoeng, tse fanoeng bakeng sa ho theha le ho laola ’muso oa Molimo lefats’eng matsatsing a ho qetela. Le hoja boholo ba likarolo li lebisitsoe ho litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, melaetsa, litemoso, le likhothatso li entsoe molemong oa batho bohle, ’me li na le memo ho batho bohle, kae kapa kae, ho utloa lentsoe la Morena Jesu Kreste, le buang ho bona bakeng sa bophelo ba bona bo botle mona lefats’eng le poloko e sa feleng.

Boholo ba ts’enolo tse pokellong ena li ile tsa amoheloa ka Joseph Smith, moporofeta oa pele le mookameli oa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Tse ling li ile tsa fanoa ke bahlahlami ba hae Boetapeleng (bona lihlooho tsa Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 135, 136, le 138, hammoho le Liphatlalatso tsa Molao 1 le 2).

Buka ea Lithuto tsa Tumelo le Lilekane ke e ’ngoe ea libuka tse halalelang tsa Kereke, hammoho le Bibele e Halalelang, Buka ea Mormone, le Lehakoe la Theko e Kholo. Leha ho le joalo, Lithuto tsa Tumelo le Lilekane e ikhethile hobane ha se phetolelo ea tokomane ea khale, empa ke buka ea mehleng ea kajeno, e fanoeng ke Molimo ka baporofeta ba hae ba khethiloeng bakeng sa ho khutlisetsa mosebetsi oa hae o halalelang le ho theha ’muso oa Molimo lefats’eng matsatsing ana. Ka hare ho ts’enolo, motho o utloa lentsoe le bonolo empa le tiileng la Morena Jesu Kreste, le buang hape mokhahlelong oona oa phetheho ea linako; ’me mosebetsi o qaliloeng mona o lokisetsa ho tla ha Hae Lekhetlo la Bobeli, ho phethahatsa le ho lumellana le mantsoe a baporofeta bohle ba halalelang ho tloha ts’imolohong ea lefats’e.

Joseph Smith o hlahile ka la 23 Ts’itoe 1805, Sharon, Windsor County, Vermont. Ha a ntse a le monyenyane, o ile a falla le ba lelapa la habo ho ea Manchester ea hajoale, ka bophirima ho New York. Ke nakong eo ha a ne a phela teng ka selemo sa 1820, ha a ne a le lilemo tse leshome le metso e mene, moo a bileng le phihlello ea pono ea hae ea pele, eo ho eona a ileng a eteloa ke Molimo ka seqo, Ntate oa Bosafeleng, le Mora oa Hae Jesu Kreste. O ile a bolelloa ponong ena hore Kereke ea ’nete ea Jesu Kreste e neng e thehiloe mehleng ea Testamente e Ncha, e neng e tsamaisa evangeli e feletseng, e ne e se e le sieo lefats’eng. Ho ile ha latela lipono tse ling tsa bomolimo moo a ileng a rutoa ke mangeloi; ho ile ha bonts’oa ho eena hore Molimo o na le mosebetsi o khethehileng bakeng sa hae ho o etsa lefats’eng, le hore ka eena Kereke ea Jesu Kreste e ne e tla tsosolosoa lefats’eng.

Ha nako e ntse e ea, Joseph Smith o ile a fuoa thuso ea bomolimo ho fetolela le ho hatisa Buka ea Mormone. Ka nako eo, eena le Oliver Cowdery ba ile ba behoa matsoho hore e be baprista ba Aarone ke Johanne Mokolobetsi ka Mots’eanong 1829 (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 13), ’me haufinyane kamor’a moo ba ile ba boela ba behoa matsoho hore e be baprista ba Melkisedeke ke Baapostola ba khale Petrose, Jakobo, le Johanne (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 27:12). Peho tse ling tsa matsoho li ile tsa latela moo linotlolo tsa boprista li ileng tsa fanoa ke Moshe, Elijah, Elias, le baporofeta ba bang ba khale (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 110; 128:18, 21). Peho ena ea matsoho e ne e le tsosoloso ea matla a bomolimo ho batho lefats’eng. Ka la 6 ’Mesa 1830, ka tataiso ea leholimo, Moporofeta Joseph Smith o ile a hlophisa Kereke, ’me ka tsela ena Kereke ea ’nete ea Jesu Kreste e se e sebetsa hape e le motheo har’a batho, e na le matla a ho ruta evangeli le ho phethahatsa lits’ebeletso tsa poloko. (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20 le Lehakoe la Theko e Kholo, Joseph Smith—Nalane 1.)

Ts’enolo tsena tse halalelang li ile tsa amoheloa e le karabo ho thapelo, linakong tsa tlhoko, ’me li ne li tsoa maemong a ’nete a bophelo a amang batho ba ’nete. Moporofeta le balekane ba hae ba ile ba batla tataiso ea bomolimo, ’me ts’enolo tsena li hlapants’a hore ba ile ba e fumana. Ts’enolong tsena, motho o bona tsosoloso le ho senoloa ha evangeli ea Jesu Kreste le ho khakola mokhahlelo oa phetheho ea linako. Ho falella bophirima ha Kereke ho tloha New York le Pennsylvania ho ea Ohio, ho ea Missouri, ho ea Illinois, ’me qetellong ho ea Great Basin ea Amerika e bophirima, le mathata a maholo a Bahalaleli bao ha ba ntse ba leka ho aha Sione lefats’eng mehleng ea kajeno, le tsona li hlahisoa ts’enolong tsena.

Tse ’maloa tsa likarolo tsa pele li amana le litaba tse mabapi le phetolelo le khatiso ea Buka ea Mormone (bona likarolo tsa 3, 5, 10, 17, le 19). Tse ling tsa likarolo tsa morao li bonts’a mosebetsi oa Moporofeta Joseph Smith ha a ntse a etsa phetolelo e susumelitsoeng ea Bibele, nakong eo likarolo tse ngata tsa lithuto tse kholo tsa bolumeli li ileng tsa amoheloa (bona, mohlala, likarolo tsa 37, 45, 73, 76, 77, 86, 91, le 132, tseo kaofela ha tsona li nang le likamano tse otlolohileng le phetolelo ea Bibele).

Ts’enolong tsena, lithuto tsa tumelo tsa evangeli li hlahisoa ka tlhaloso tse mabapi le litaba tsa mantlha tse kang sebopeho sa Molimo-o-mong, boleng ba motho, boteng ba Satane, morero oa bophelo ba ho shoa, bohlokoa ba ho mamela, tlhoko ea pako, mesebetsi ea Moea o Halalelang, lits’ebeletso le liketso tse amanang le poloko, qetello ea lefats’e, maemo a bokamoso ba batho kamor’a Tsoho ea bafu le Kahlolo, kamano e sa feleng ea lenyalo, le sebopeho sa lelapa sa bosafeleng. Ka mokhoa o ts’oanang, ho boela ho senoloa butle-butle hore na sebopeho sa tsamaiso ea Kereke se tsoetse pele joang, ka ho bitsoa ha babishopo, Boetapele ba Pele, Lekhotla la Ba Leshome le Metso e ’Meli, le ba Mashome a Supileng, le ho thehoa ha liofisi tse ling le makhotla a mang a okametseng. Qetellong, bopaki bo fanoang ka Jesu Kreste—bomolimo ba Hae, boholo ba Hae, phetheho ea Hae, lerato la Hae, le matla a Hae a pholosang—li etsa hore buka ena e be ea bohlokoa bo boholo ho lelapa la batho ’me e be “ea bohlokoa ho Kereke ho feta maruo a lefats’e lohle” (bona sehlooho sa Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 70).

Ts’enolo tsena li ile tsa ngoloa qalong ke bangoli ba Joseph Smith, ’me litho tsa Kereke li ile tsa arolelana likopi tse ngotsoeng ka letsoho ka tjantjello. E le ho theha tlaleho e tsitsitseng, bangoli ba ile ba potlakela ho kopiletsa ts’enolo tsena ka har’a libuka tsa sengoliloeng se sa hatisoang, tseo baetapele ba Kereke ba li sebelisitseng ha ba lokisetsa hore ts’enolo tsena li hatisoe. Joseph le Bahalaleli ba pele ba ile ba talima ts’enolo tsena ka tsela e ts’oanang le eo ba neng ba talima Kereke ka eona: li phela, li fetoha, ’me li ka nchafatsoa ka ts’enolo tse ling tse ncha. Ba ile ba boela ba hlokomela hore mohlomong ho bile le liphoso e se ka boikemisetso nakong ea ho kopitsa ts’enolo leha ba ntse ba li lokisetsa hore li hatisoe. Ke joana, seboka sa Kereke se ile sa kopa Joseph Smith ka 1831 hore a “lokise liphoso kapa likoli tseo a ka li fumanang ka Moea o Halalelang.”

Kamor’a hore ts’enolo li lekoloe le ho lokisoa, litho tsa Kereke tse Missouri li ile tsa qala ho hatisa buka e bitsoang A Book of Commandments for the Government of the Church of Christ, e neng e kenyelletsa ts’enolo tse ngata tsa Moporofeta. Leha ho le joalo, teko ena ea pele ea khatiso ea ts’enolo e ile ea emisa ha mokhopi o senya ofisi ea khatiso ea Bahalaleli Jackson County ka la 20 Phupu 1833.

Ha ba utloa ka ts’enyo ea ofisi ea khatiso ea Missouri, Joseph Smith le baetapele ba bang ba Kereke ba ile ba qala litokisetso tsa ho hatisetsa ts’enolo Kirtland, Ohio. Ho lokisa liphoso hape, ho hlakisa mantsoe, le ho ela hloko nts’etsopele ea lithuto tsa tumelo le tlhophiso ea Kereke, Joseph Smith o ile a okamela tokiso ea mongolo oa ts’enolo tse ling ho li lokisetsa hore li hatisoe ka 1835 e le Doctrine and Covenants of the Church of the Latter Day Saints. Joseph Smith o ile a laela hore ho hatisoe tlhahiso e ’ngoe ea Lithuto tsa Tumelo le Lilekane, e ileng ea hatisoa likhoeli tse ’maloa kamor’a ho shoela-tumelo ha Moporofeta ka 1844.

Litho tsa pele tsa Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno li ile tsa nkela ts’enolo tsena holimo ’me tsa li bona e le melaetsa e tsoang ho Molimo. Ka lekhetlo le leng, qetellong ea selemo sa 1831, baholo ba ’maloa ba Kereke ba ile ba fana ka bopaki bo tebileng ba hore Morena o ne a pake ho meea ea bona ka bonnete ba ts’enolo tsena. Bopaki bona bo ile ba phatlalatsoa khatisong ea Lithuto tsa Tumelo le Lilekane ea 1835 e le bopaki bo ngotsoeng ba Baapostola ba Leshome le Metso e ’Meli:

Bopaki ba Baapostola ba Leshome le Metso
e ’Meli ka Bonnete ba
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane

Bopaki ba Lipaki ka Buka ea Litaelo tsa Morena, litaelo tseo a li fileng Kereke ea Hae ka Joseph Smith, ea khethiloeng ka lentsoe la Kereke bakeng sa morero oona:

Ka baka leo, re ikutloa re ikemiselitse ho fana ka bopaki ho batho bohle ba lefats’e, ho sebopuoa se seng le se seng se holim’a lefats’e, hore Morena o ile a paka ho meea ea rona, ka Moea o Halalelang o ts’olletsoeng holim’a rona, hore litaelo tsena li fanoe ka ts’usumetso ea Molimo, ’me li molemo ho batho bohle, ’me ruri ke ’nete.

Re fana ka bopaki bona ho lefats’e, Morena e le mothusi oa rona; ’me ke ka mohau oa Molimo Ntate le Mora oa Hae, Jesu Kreste, hore re lumelletsoe ho ba le tokelo ena ea ho fana ka bopaki bona ho lefats’e, eo re e thabelang haholo, re rapela Morena ka mehla hore bana ba batho ba tle ba rue molemo ka bona.

Mabitso a ba Leshome le Metso e ’Meli e ne e le:

  • Thomas B. Marsh

  • David W. Patten

  • Brigham Young

  • Heber C. Kimball

  • Orson Hyde

  • William E. McLellin

  • Parley P. Pratt

  • Luke S. Johnson

  • William Smith

  • Orson Pratt

  • John F. Boynton

  • Lyman E. Johnson

Likhatisong tse latellanang tsa Lithuto tsa Tumelo le Lilekane, likeketso tsa ts’enolo kapa litaba tse ling tsa lingoliloeng li ile tsa eketsoa, joaloka ha li amohetsoe le ho ananeloa ke likopano kapa liboka tsa Kereke tse ts’oanelehang. Khatiso ea 1876 e lokisitsoeng ke Moholo Orson Pratt tlas’a tataiso ea Brigham Young, e ile ea hlophisa ts’enolo ka tatellano ea nako ’me ea fana ka lihlooho tse ncha tse nang le lilelekela tsa nalane.

Ho qala ka khatiso ea 1835, letoto la lithuto tse supileng tsa bolumeli le lona le ile la kenyelletsoa; tsena li ne li bitsoa Lectures on Faith. Li ne li lokiselitsoe ho sebelisoa Sekolong sa Baporofeta se Kirtland, Ohio, ho tloha ka 1834 ho isa 1835. Leha li ne li le molemo bakeng sa thuto le ho ruta, lithuto tsena li tlositsoe ho Lithuto tsa Tumelo le Lilekane ho tloha khatisong ea 1921 kaha li ne li sa fanoa kapa ho hlahisoa e le ts’enolo ho Kereke eohle.

Khatisong ea Sekhooa ea Lithuto tsa Tumelo le Lilekane ea 1981, litokomane tse tharo li ile tsa kenyelletsoa lekhetlo la pele. Tsona ke likarolo tsa 137 le 138, tse hlahisang metheo ea pholoho bakeng sa bafu; le Phatlalatso ea Molao ea 2, e phatlalatsang hore litho tsohle tse ts’oanelehang tsa banna tsa Kereke li ka amoheloa bopristeng ka peho ea matsoho ho sa natsoe hore na ke morabe kapa ’mala ofe.

Khatiso e ’ngoe le e ’ngoe e ncha ea Lithuto tsa Tumelo le Lilekane e lokisitse liphoso tsa nakong e fetileng le ho eketsa tlhahiso-leseling e ncha, haholo-holo likaroloaneng tsa nalane tsa lihlooho tsa lihlopha. Khatiso ea ha joale e boetse e nchafatsa matsatsi le mabitso a libaka le ho etsa litokiso tse ling. Liphetoho tsena li entsoe ho etsa hore litaba li lumellane le tlhahiso-leseling ea nalane e nepahetseng ka ho fetisisa. Libopeho tse ling tse khethehileng tsa khatiso ena ea morao-rao li kenyelletsa limmapa tse nchafalitsoeng tse bonts’ang libaka tsa bohlokoa tsa moo ts’enolo li amohetsoeng teng, ’moho le lits’oants’o tse ntlafalitsoeng tsa libaka tsa nalane tsa Kereke, lits’upiso tse nyallanang, lihlooho tsa karolo, le likakaretso tsa taba ea mantlha, tsohle tse reretsoeng ho thusa babali ho utloisisa le ho thabela molaetsa oa Morena o fanoeng ho Lithuto tsa Tumelo le Lilekane. Tlhahiso-leseling bakeng sa lihlooho tsa karolo e nkuoe ho tloha ho Sengoliloeng se sa hatisoang sa Nalane ea Kereke le History of the Church e hatisitsoeng (eo ka kakaretso lihloohong e bitsoang hore ke nalane ea Joseph Smith) le Joseph Smith Papers.