Mangolo a halalelang
Hobaneng U Ithuta Mangolo a Halalelang?


Hobaneng U Ithuta Mangolo a Halalelang? Mekhoa ea ho Ithuta Mangolo a Halalelang (2021)

Hobaneng U Ithuta Mangolo a Halalelang? Mekhoa ea Ho Ithuta Mangolo a Halalelang

Setśoantśo
Kreste o theha thuto ea selallo ka har´a Ba-Nefi, ka Andrew Bosley

Hobaneng U Ithuta Mangolo a Halalelang?

Ha re ithuta mangolo a halalelang ka mafolofolo, re ka atamela ho Jesu Kreste, ´me ra utloisisa haholonyane evangeli ea Hae le sehlabelo sa hae se lopollang. Moprofeta Nefi o re khothallelitse ka tsela ena:

“Le tlameha ho hahamalla pele ka tieo ho Jesu Kreste, le ena le tśepo e phethahetseng e hlakileng, le lerato la Molimo le la batho bohle. Ka lebaka leo,haeba le tla hahamalla pele, la phela ka lentsoe la Kreste, ´me la mamella ho isa qetellong, bonang,ho rialo Ntate: Le tla eba le bophelo bosafeleng.”

Setśoantśo
Lelapa le bala mangolo a halalelang

Lithuto tse hlahang mangolong a halalelang li tla re thusa ho khutlela ho Ntat´a rona ea Maholimong. Baporofeta ba rona ba mehla ea kajeno ba re kopile ho ithuta kamehla ka bomong, ´me moo ho lumellehang re le lelapa. Ba re memme ho ithuta hotsoa liketsahalong tsa ba ka mangolong a halalelang, ´me re sebelise litlaleho tsa mangolo a halalelang le lithuto bophelong ba rona kajeno, joalokaha Nefi a boletse ho 1 Nefi 19:23. Baporofeta ba pele le ba honajoale ba re memetse ho ithuta mangolo a halalelang, ´me re “je mantsoeng a Kreste” (2 Nefi 32:3).

Setśoantśo
monna o bala mangolo a halalelang

Moetapele Russell M. Nelson le eena o rutile ′nete ea bohlokoa ka ho “ja” mangolong a halalelang:

“Ho ja” ho bolela hore ho kaholimo ho ho latsoa. Ho ja ho bolela ho natefeloa. Re natefeloa ke mangolo a halalelang ka ho ithuta ka moea oa thabo ea tśibollo le kutlo e tśepahalang. Ha re ja mantsoeng a Kreste, a khoramela “matlapeng a pelo” [2 Ba-Korinthe 3:3]. A ba karolo ea boleng ba rona” (“Living by Scriptural Guidance,” Ensign, Pulungoana 2000, 17).

Ha re nka karolo ka tieo ka bomong le ka malapa ho ithuta mangolo a halalelang, rona le ba malapa a rona re ka tataisoa, ra tśireletsoa, ´me ra matlafatsoa khahlanong le liqholotso tse ngata tsa matsatsi a rona.