Mangolo a halalelang
Mekhoa ea ho Ntlafatsa Boithuto ba Hau ba Mangolo a Halalelang Lapeng


“Mekhoa ea ho Ntlafatsa Boithuto ba Hau ba Mangolo a Halalelang Lapeng,” Mehopolo ea ho Ithuta Mangolo a Halalelang (2021)

“Mekhoa ea ho Ntlafatsa Boithuto ba Hau ba Mangolo a Halalelang Lapeng,” Mehopolo ea ho Ithuta Mangolo a Halalelang

Setśoantśo
lelapa le bala mangolo a halalelang

Mekhoa ea ho Ntlafatsa Boithuto ba Hau ba Mangolo a Halalelang Lapeng

Boithuto ba kamehla ba mangolo a halalelang lapeng ke tsela e matla e ka thusang lelapa ho ithuta evangeli. Hore na le le lelapa le bala nako e kae kapa karolo e kae ha ho bohlokoa joaloka ho tsitsa boitekong ba hau. Ha u etsa boithuto ba mangolo a halalelang karolo ea bohlokoa ea bophelo ba lelapa, u tla thusa litho tsa lelapa la hau ho atamela ho Jesu Kreste ´me u ahe bopaki ba bona motheong oa lentsoe la hae.

Nahana ka lipotso tse latelang:

  • U ka khothalletsa litho tsa lelapa joang ho ithuta mangolo a halalelang ka bo bona?

  • U ka etsa eng ho khothaletsa litho tsa lelapa ho arolelana seo ba ithutang sona?

  • U ka hlakisa joang melaoana eo u ithutang eona mangolong a halalelang letsatsi le letsatsi ka nako ea ho ithuta?

Hopola hore lapeng ke sebaka se setle sa ho ruta le ho ithuta evangeli. U ithata le ho ruta evangeli lapeng ka litsela tse sa khoneheng Kerekeng. Ha u ntse u nahana qapa litsela tsa ho thusa lelapa ho ithuta ho tsoa mangolong a halalelang. Nahana ka mekhoa e latelang ho ntlafatsa boithuto ba mangolo a halalelang ba lelapa.

Sebelisa ´Mino

Bina lipina tse tlatsetsang melaoana e rutoang ke mangolo a halalelang.

Setśoantśo
monna le ngoanana ba ithuta mangolong a halalelang

Arolelana Mangolo a Halalelang a Nang le Moelelo

E fa litho tsa lelapa nako ea ho arolelana liratsoana tsa mangolo a halalelang tseo ba fumaneng li ena le moelelo ka nako ea bona ea boithuto.

Sebelisa Mantsoe a Hau

Mema litho tsa lelapa ho akaretsa ka mantsoe a bona seo ba ithutileng ho tsoa mangolong a halalelang.

Sebelisa Mangolo a Halalelang Bophelong ba Hau

Kamora ho bala seratsoana mangolong a halalelang, botsa litho tsa lelapa ho arolelana litsela tseo seratsoana se ka sebetsang bophelong ba bona.

Botsa Potso

Mema litho tsa lelapa ho botsa potso ea evangeli, ´me ba nke nako ho sheba litemana tse ka thusang ho araba potso.

Bontśa Lengolo le Halalelang

Khetha temana eo u e fumanang ena le moelelo, ´me u e behe moo litho tsa lelapa li tla e bona khafetsa. Mema litho tsa lelapa ho nka mekhahlelo ho khetha lengolo le halalelang ho beha pontśeng.

Etsa Lethathamo la Mangolo a Halalelang

Le le lelapa, khetha litemana tse ngata tseo le ka ratang ho bua ka tsona bekeng e hlahlamang.

Tśoara Mangolo a Halalelang ka Hlooho

Khetha seratsoana sa lengolo se nang le moelelo ho lelapa la hau, ´me u meme litho tsa lelapa ho se tśoara ka hlooho ka ho se pheta letsatsi ka letsatsi kapa ho bapala papali e ka le hopotsang.

Arolelana Thuto Ka Sesebelisoa

Batla lisebelisoa tse amanang le khaolo le litemana tseo le li balang le le lelapa. Mema litho tsa lelapa ho bua ka moo sesebelisoa ka seng se amanang le lithuto tse hlahang mangolong a halalelang.

Setśoantśo
mosali o ruta ngoana

Khetha Sehlooho

Etsa hore litho tsa lelapa linke mekhahlelo ho khetha sehlooho seo lelapa le tla se bala ´moho. Sebelisa Tataiso ea Lihlooho, Bukantsoe ea Bibele, kapa Tataiso ea Mangolo a Halalelang (scriptures.ChurchofJesusChrist.org) ho fumana liratsoana tsa mangolo a halalelang ka sehlooho.

Taka Setśoantśo

Bala litemana tse seng kae le le lelapa, ´me u fe litho tsa lelapa nako ho taka ntho e amanang le seo le se balileng. Nka nako ho bua ka setśoantśo sa e mong le e mong.

Etsa Tśoantśiso

Kamora ho bala pale, mema litho tsa lelapa ho tśoantśisa pale ka seo le se balileng. Kamora moo, qoqang kamoo pale e amanang le lintho tse le etsahallang ka bomong hape le le lelapa.

Moholo David A. Bednar a ruta a re: “Thapelo e ´ngoe le e ´ngoe ea lelapa, ketsahalo e ´ngoe le e ´ngoe ea boithuto ba mangolo a halalelang ea lelapa, le thuto ea hae ea mantsiboea ke letśoao meeeng ea rona. Ha ho ketsahalo e ka hlahang e khahla haholo kapa e hopoleha e le ´ngoe. Empa joalokaha mela e mesehla le khauta le e mesootho ea pente e tlatsetsana ´me e hlahisa seemahale se setle, le tloaelo ea rona ho etsa lintho tseo re li hopolang li le nyenyane e ka lebisa ho katleho ea bohlokoa tumelong” (“More Diligent and Concerned at Home,” Liahona, Pulungoana 2009, 19-20).