Jesu Kreste

Lithapelo tsa Selallo

  • Tse Kahare

  • Hlohonolofatso ea Bohobe

  • Hlohonolofatso ea Metsi

Lithapelo tsa Selallo


Lithapelo tsa Selallo

  • Hlohonolofatso ea Bohobe

    Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, re U kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa bohobe bona ho meea ea bohle ba bo jang, hore ba tle ba je e le khopotso ea ’mele oa Mora oa hau, ’me ba pake ho Uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, hore ba ikemiselitse ho inkela ho bona lebitso la Mora oa hau, ’me ba mo hopole ka mehla ’me ba boloke litaelo tsa hae tseo a ba fileng tsona; hore ka mehla moea oa hae o tle o be le bona. Amen.


  • Hlohonolofatso ea Metsi

    Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, re U kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa metsi ana ho meea ea bohle ba a noang, hore ba tle ba etse seo e le khopotso ea mali a Mora oa hau, a ts’olletsoeng bona; hore ba tle ba pake ho Uena, Oho Molimo, Ntate oa bosafeleng, hore ba mo hopole ka mehla, hore moea oa hae o tle o be le bona. Amen.