Karolo ea 10
Ts’enolo e fanoeng ho moporofeta Joseph Smith, Harmony, Pennsyvania, mohlomong ka bo ’Mesa 1829, le hoja likaroloana e ka ba li ne li amohetsoe pelenyana ho lehlabula la 1828. Mona teng Morena o tsebisa Joseph ka liphetoho tse entsoeng ke batho ba khopo maqepheng a 116 a lingoliloeng tse sa hatisoang ho tsoa phetolelong ea buka ea Lehi, ka Bukeng ea Mormone. Maqephe ana a lingoliloeng tse sa hatisoang a ne a ile a lahleha ho tsoa thuong ea Martin Harris, eo maqephe ao a neng a ts’epetsoe ho eena ha nakoana. (Bona selelekela sa karolo ea 3). Morero o mobe e ne e le ho emela phetolelo bocha e neng e lebelletsoe ea taba e neng e phatlalalitsoe ke maqephe ao a utsoitsoeng, ’me ebe ho nyelisoa mofetoleli ka ho bonts’a liphoso tse entsoeng ka liphetoho tseo. Hore morero oona o khopo o ile oa nahanoa ke e mobe ’me o ne o tsebahala ho Morena esita le nakong eo Mormone, ranalane oa Mo-Nefi oa khale-khale, ha a ne a ntse a etsa qotsulo ea hae ea matlapa a bokelletsoeng, e bonts’oa ka har’a Buka ea Mormone (bona Mantsoe a Mormone 1:3–7).
1–26, Satane o hlohlelletsa batho ba khopo ho ba khahlanong le mosebetsi oa Morena; 27–33, O batla ho timetsa meea ea batho; 34–52, Evangeli e lokela ho ea ho Ba-Lamane le lichaba tsohle ka Buka ea Mormone; 53–63, Morena o tla theha kereke ea hae le evangeli ea hae har’a batho; 64–70, O tla bokella ba bakileng ka kerekeng ea hae ’me o tla pholosa ba mamelang.
1 Joale, bona, ke re ho uena, hore hobane u fane ka lingoliloeng tseo u neng u na le matla a fanoeng ho uena a ho li fetolela ka mokhoa oa Urime le Thummime matsohong a batho ba khopo, u li lahlile.
2 ’Me hape u lahlehetsoe ke neo ea hau ka eona nako eo e ts’oanang, ’me kelello ea hau e ile ea fifala.
3 Leha ho le joalo, e boetse e tsosolosoa ho uena hape; ka baka leo bona hore ua ts’epahala ’me u tsoelapele ho qetela karolo e setseng ea mosebetsi oa phetolelo joaloka ha u ile ua qala.
4 U se ke ua matha kapele kapa ua sebetsa ho feta kamoo u nang le matla le mokhoa o fanoeng ho u lumella ho fetolela; empa u be mafolofolo ho isa qetellong.
5 Rapela kamehla, hore u ke u tlohe u le mohloli; ee, hore u ke u hlole Satane, le hore u ke u phonyohe matsohong a basebeletsi ba Satane bao ba ts’ehetsang mosebetsi oa hae.
6 Bona, ba batlile ho u timetsa; ee, esita le monna eo u mo ts’epileng o batlile ho u timetsa.
7 ’Me ke ka lebaka lena ke itseng ke monna ea khopo, hobane o ile a batla ho u nkela lintho tseo u li ts’epetsoeng; ’me hape o batlile ho timetsa neo ea hau.
8 ’Me hobane u nehelane ka lingoliloeng tseo matsohong a hae, bona, batho ba khopo ba li nkile ho tloha ho uena.
9 Ka baka leo, u nehelane ka tsona, ee, seno se neng se halalela, ho bokhopo.
10 ’Me, bona, Satane o kentse ka hare ho lipelo tsa bona ho fetola mantsoe ao u entseng hore a ngoloe, kapa seo u se fetoletseng, seo se tsoileng kantle ho matsoho a hau.
11 ’Me bona, ke re ho uena, ka lebaka la hore ba fetotse mantsoe ao, a baleha khahlanong le seo u se fetoletseng le seo u ileng ua etsa hore se ngoloe;
12 ’Me, ka tsela ena, diabolose o ile a batla ho beha morero o masene, hore a tle a timetse mosebetsi oona;
13 Hobane o kentse ka hare ho lipelo tsa bona ho etsa ntho ena, hore ka ho bua leshano ba tle ba re ba u ts’oere ka mantsoe ao u entseng joaloka ha eka u a fetoletse.
14 Kannete, ke re ho uena, hore nke ke ka lumella hore Satane a tle a fihlelle moralo oa hae o mobe nthong ena.
15 Hobane bona, o kentse ka lipelong tsa bona ho etsa hore uena o leke Morena Molimo oa hau, ka ho kopa ho e fetolela hape.
16 ’Me joale, bona, ba bolela le ho nahana ka lipelong tsa bona—Re tla bona haeba Molimo o mo file matla a ho fetolela; haeba ho le joalo, o tla mo fa matla hape;
17 ’Me haeba Molimo a mo fa matla hape, kapa haeba a e fetolela hape, kapa, ka mantsoe a mang, haeba a khutlisa mantsoe a ts’oanang, bona, re na le a ts’oanang ho rona, ’me re a fetotse moelelo;
18 Ka baka leo a ke ke a lumellana, ’me re tla re o buile leshano ka mantsoe a hae, le hore ha a na neo, le hore ha a na matla;
19 Ka baka leo re tla mo timetsa, hape le mosebetsi oo; ’me re tla etsa sena hore re se ke ra soaba qetellong, le hore re ke re fumane thoriso ea lefats’e.
20 Kannete-nete, ke re ho uena, hore Satane o na le taolo e kholo lipelong tsa bona; o ba hlohleletsa bokhopong khahlanong le seno se setle;
21 ’Me lipelo tsa bona li senyehile, ’me li tletse bokhopo le manyala; ’me ba rata lefifi ho e-na le khanya, hobane liketso tsa bona li mpe; ka baka leo ba tla sitoa ho kopa ho ’na.
22 Satane oa ba hlohlelletsa, hore a ke a etelle meea ea bona ho ea timelong.
23 ’Me ke joana a behileng moralo o masene, a hopotse ho timetsa mosebetsi oa Molimo; empa ke tla batla sena matsohong a bona, ’me e tla fetohela ho ts’oabo ea bona le ho ahloloa ka letsatsi la kahlolo.
24 Ee, o hlohlelletsa lipelo tsa bona ho halefa khahlanong le mosebetsi oona.
25 Ee, o rialo ho bona: Thetsang ’me le khelose ka bohata, hore le ke le timetse; bonang, hona ha se kotsi. ’Me ke joana a neng a ba qhekella, ’me a ba joetsa hore ha se sebe ho bua leshano hore ba ke ba ts’oare motho, hore ba ke ba mo timetse.
26 ’Me ke joana a neng a ba qhekella, ’me a ba etella ho ea pele ho fihlela a hulanya meea ea bona ho ea tlase liheleng; ’me ke joana a neng a ba etsa hore ba ts’oasehe ka bo bona lerabeng la bona.
27 ’Me ke joana a eang holimo le tlase, pele le morao lefats’eng, a ntse a batla ho timetsa meea ea batho.
28 Kannete-nete, ke re ho lona, ho malimabe ea buang leshano le ho thetsa hobane a nahana hore e mong o bua leshano le ho thetsa, hobane ba joalo ha ba tlosoe ho toka ea Molimo.
29 Joale, bona, ba fetotse mantsoe ana, hobane Satane o rialo ho bona: O u thetsitse—’me ke joana a ileng a ba qhekellela hole ho etsa bokhopo, ho u etsa hore u leke Morena Molimo oa hau.
30 Bona, ke re ho uena, hore u ke ke ua fetolela hape mantsoe ao a ileng a tsamaea ho tsoa matsohong a hau;
31 Hobane, bona, ba tla sitoa ho fihlela merero ea bona e mebe ka ho bolela leshano khahlanong le mantsoe ano. Hobane, bona, haeba u ka khutlisa mantsoe a ts’oanang, ba tla re u buile leshano le hore u entse eka ua fetolela, empa hore u ikhanyelitse.
32 ’Me, bona, ba tla phatlalatsa sena, ’me Satane o tla thatafatsa lipelo tsa batho ho ba hlohlelletsa khalefong khahlanong le uena, hore ba tle ba sitoe ho lumela mantsoe a ka.
33 Ke joana Satane a hopolang ho hlola bopaki ba hau molokong oona, hore mosebetsi o tle o sitoe ho ea pele molokong oona.
34 Empa bona, bohlale ke bona, ’me ka lebaka la hore ke u bonts’a bohlale, ’me ke u fa litaelo malebana le lintho tsena, seo u tlang ho se etsa, u se ke ua se bonts’a lefats’e ho fihlela u phethile mosebetsi oa phetolelo.
35 U se ke ua hlolloa ke hore ke itse ho uena: Bohlale ke bona, u se ke ua bo bonts’a lefats’e—hobane ke itse, se ke ua bont’sa lefats’e, hore u ke u bolokehe.
36 Bona, ha ke re hore u ke ke ua e bonts’a ba lokileng;
37 Empa joaloka ha u ka sitoa ho ahlola ba lokileng kamehla, kapa joaloka ha u ka sitoa hore kamehla u tsebe ba khopo ho ba lokileng, ka baka leo ke re ho uena, imamele ho fihlela ke bona ho lokela hore u etse hore lintho tsohle li tsebahale ho lefats’e malebana le taba eo.
38 ’Me joale, kannete ke re ho uena, pale ea lintho tseo u li ngotseng, tse ileng tsa tsoa matsohong a hau, li ngotsoe matlapeng a Nefi;
39 Ee, ’me ua hopola hore ho ne ho boletsoe ka lingoliloeng tseno hore pale e totobetseng ho feta ea lintho tsena e matlapeng a Nefi.
40 ’Me joale, hobane pale e ngotsoeng holim’a matlapa a Nefi e totobetse ho feta malebana le lintho tseo, ka bohlale ba ka, ke tla li tlisa tsebong ea batho paleng ena.
41 Ka baka leo, u tla fetolela lingoliloeng tse ngotsoeng holim’a matlapa a Nefi, ho ea tlase esita le ho fihlela u fihla pusong ea morena Benjamine, kapa ho fihlela u fihla ho seo u se fetoletseng, seo u ileng ua se boloka;
42 ’Me bona, u tla se phatlalatsa joaloka lingoliloeng tsa Nefi; ’me ke joana ke tlang ho hlola bao ba fetotseng mantsoe a ka.
43 Nkeke ka lumela hore ba tle ba timetse mosebetsi oa ka; ee, ke tla ba bonts’a hore bohlale ba ka bo boholo ho feta masene a diabolosi.
44 Bona, ba nkile karolo feela, kapa qotsulo ea pale ea Nefi.
45 Bona, lingata lintho tse ngotsoeng holim’a matlapa a Nefi tseo li lahlelang maikutlo a maholo holim’a evangeli ea ka; ka baka leo, ke bohlale ho ’na hore u tle u fetolele karolo ena ea pele ea lingoliloeng tsa Nefi, ’me u romele mosebetsi oona.
46 ’Me bona, sohle se setseng sa mosebetsi oona se ts’etse likarolo tseo tsohle tsa evangeli ea ka eo baporofeta ba ka ba halalelang, ee, hape le barutuoa ba ka, ba ileng ba lakatsa lithapelong tsa bona hore li tle ho sechaba sena.
47 ’Me ke ile ka re ho bona, hore ho tla fanoa ho bona ho latela tumelo ea bona lithapelong tsa bona;
48 Ee, ’me ena e ne e le tumelo ea bona—hore evangeli ea ka, eo ke ba fileng eona hore ba ke ba e rute matsatsing a bona, e ka tla ho bana ba bo bona Ba-Lamane, ’me hape le bohle ba ileng ba fetoha Ba-Lamane ka lebaka la liphapang tsa bona.
49 Joale, hona ha se phetho—tumelo ea bona lithapelong tsa bona e ne e le hore evangeli ena e tle e etsoe hore e tsebahale hape, haeba ho ne ho khoneha hore lichaba tse ling li rue lefats’e lena;
50 ’Me ke joana ba ileng ba siea tlhohonolofatso holim’a lefats’e lena lithapelong tsa bona, hore mang kapa mang ea tla lumela evangeli ena lefats’eng lena a ke a be le bophelo ba bosafeleng;
51 Ee, hore e ke e be le lokolohileng ho bohle ho sa tsotellehe sechaba sefe kapa sefe, leloko, leleme, kapa batho bao e ka bang bona.
52 ’Me joale, bona, ho latela tumelo ea bona lithapelong tsa bona, ke tla tlisa karolo ena ea evangeli ea ka tsebong ea sechaba sa ka. Bona, ha ke e tlise ho tla timetsa seo ba seng ba se amohetse, empa ho tla se aha.
53 ’Me hobane ka lebaka lena ke itse: Haeba moloko oona o ke ke oa thatafatsa lipelo tsa oona, ke tla theha kereke ea ka har’a bona.
54 Joale ha ke bolele sena ho timetsa kereke ea ka, empa ke bolela sena ho aha kereke ea ka;
55 Ka baka leo, mang kapa mang eo e leng oa kereke ea ka ha a hloke ho ts’aba, hobane ea joalo o tla rua ’muso oa leholimo.
56 Empa ke bao ba sa nts’abeng, leha e le ho boloka litaelo tsa ka empa ba ikahela likereke tsa bona ho fumana phaello, ee, ’me le bao bohle ba etsang bokhopo le ho aha ’muso oa diabolose—ee, kannete-nete, ke re ho uena, hore ke bona bao ke tlang ho ba khathatsa, le ho etsa hore ba thothomele le ho sisinyeha ho ea ka hare.
57 Bona, ke ’na Jesu Kreste, Mor’a Molimo. Ke ile ka tla ho ba ka, ’me ba ka ba sitiloe ho nkamohela.
58 Ke ’na leseli le khanyang lefifing, ’me lefifi le sitoa ho le utloisisa.
59 Ke ’na eena eo ea ileng a re—Tse ling linku ke na le tsona tseo e seng tsa lesaka lena—ho barutuoa ba ka, ’me ba bangata moo, ba ile ba sitoa ho nkutloisisa.
60 ’Me ke tla bont’sa sechaba sena hore ke ne ke na le linku tse ling, le hore e ne e le lekala la ntlo ea Jakobo;
61 ’Me ke tla tlisa leseling mesebetsi ea bona e tsotehang, eo ba e entseng ka lebitso la ka;
62 Ee, ’me ke tla tlisa leseling evangeli ea ka eo ba ileng ba e rutoa, ’me, bona, ba tla sitoa ho hana seo ba ileng ba se amohela, empa ba tla se aha, ’me e tla tlisa leseling lintlha tsa ’nete tsa thuto ea ka ea tumelo, ee, ’me thuto ea tumelo feela e ka ho ’na.
63 ’Me sena ke se etsa hore nke ke thehe evangeli ea ka, hore ho ke ho se be le likhang tse ngata joalo; ee, Satane o hlohlelletsa lipelo tsa batho hoba le likhang malebana le lintlha tsa thuto ea ka ea tumelo; ’me linthong tsena ba fosa, hobane ba sotha mangolo a halalelang ’me ha ba a utloisisi.
64 Ka baka leo, ke tla ba manollela sephiri sena se seholo;
65 Hobane, bona, ke tla ba bokella joaloka ha khoho e bokella litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo, haeba ha ba na ho thatafatsa lipelo tsa bona;
66 Ee, haeba ba tla tla, ba ka tla, ’me ba noa metsi a bophelo ka bolokolohi.
67 Bona, ena ke thuto ea ka ea tumelo—mang kapa mang ea bakang ’me a tla ho ’na, ea ts’oanang ke kereke ea ka.
68 Mang kapa mang ea phatlalatsang ho feta kapa hanyenyane ho mona, ea ts’oanang ha se oa ka; ka baka leo ha se oa kereke ea ka.
69 ’Me joale, bona, mang kapa mang eo e leng oa kereke ea ka, ’me a mamella kerekeng ea ka ho isa qetelong, eena ke tla mo theha holim’a lefika la ka, ’me likhoro tsa lihele li tla sitoa ho hlola khahlanong le eena.
70 ’Me joale, hopola mantsoe a hae eo e leng bophelo le leseli la lefats’e, Molopolli oa hau, Morena oa hau le Molimo oa hau. Amen.