Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Kamorao ho Bophelo Bona: Likarabo tsa Lipotso tse Ling
Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Phupu 2025


Molaetsa oa Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Phupu 2025

Kamorao ho Bophelo Bona

Likarabo tsa Lipotso tse Ling

Morero oa Ntate ea Maholimong o ka re fa maikutlo le khotso ka bophelo kamorao ho lefu.

leri marung

Lits´oants´o ka Thomas Arnaud

Ho etsahala eng kamor´a hore re shoe?

Ena mohlomong ke potso e litumelong tsohle. Likarabo tseo re nang le tsona ka Jesu Kreste le evangeli ea Hae li matla. Bophelo bona ha se pheletso. Hobane Jesu Kreste o ile a tsoha bafung, meea ea rona e tla kopana hape le ´mele ea rona, ´me bohle re tla tsoha ka letsatsi le leng.

Ehlile, ho na le lintlha tse ling ka bophelo kamorao ho lefu tse tlileng ho rona ka ts´enolo ea morao-rao e ka arabang lipotso tse ling tseo re ka bang le tsona. Mona ke lipotso tse ´maloa tse joalo, hammoho le likarabo tse khuts´oanyane.

´Mele ea moea e joang?

Moea ke mofuta oa taba, feela “e ntle kapa e hloekileng ka ho fetisisa” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 131:7). ´Mele ea moea e shebahala joaloka ´mele ea batho ba baholo.

Lefats´e la meea le hokae?

Mona, le re pota-potile.

Ho etsahala eng lefats´eng la meea?

Har´a lintho tse ling, meea e amohetseng evangeli e hlophisetsoa ho ruta evangeli ho meea e sa kang ea amohela evangeli. Meea eo e ka khetha ho e amohela kapa ho e hana.

´Mele e tsohileng bafung e joang?

´Mele e tsohileng bafung e ke ke ea shoa, ke nama le masapo, ´me e phethahetse. Ba halalela ´me e metle. “Ha ho letho le letle ho feta ho sheba monna kapa mosali ea tsositsoeng bafung.”

Ho etsahala eng ´musong oa celestiale?

Ba boemong bo kaholimo-limo ba ´muso oa celestiale ba ba joaloka Ntate ea Maholimong ´me ba ba le phihlello ea nyakallo e feletseng. Ba fumana tsohle tseo Ntate a nang le tsona. Ba nka karolo mosebetsing oa hae le khanyeng ea Hae. Ke ba tiisitsoeng ka lenyalo bakeng sa bosafeleng ´me joale ba phela malapeng a bosafeleng, ba na le bana ba bona ba moea ba bosafeleng.

Ho thoeng ka batho ba ke keng ba nyala bophelong boo?

Ntate ea Maholimong o lokile ka ho phethahala ´me o mohau. “Morena o ts´episitse hore mehleng e sa feleng ha ho tlhohonolofatso e tlang ho haneloa bara le barali ba bolokang litaelo, ba ts´epahallang lilekane tsa bona, ´me ba lakatsa se lokileng.”

Batsoali ba ka ba ne ba tiisitsoe tempeleng, empa hajoale ba hlalane. Ke tiisitsoe ho mang?

E ka ba ne u hlahetse ka har´a selekane (ke hore, u hlahile kamor´a hore batsoali ba hau ba tiisoe hammoho tempeleng), kapa e ka ba u ne u tiisitsoe ho batsoali ba hau tempeleng kamor´a hore ba tiisoe hammoho. Boemong bofe kapa bofe, litlhohonolofatso li sala li le joalo le haeba batsoali ba khetha ho hlalana ´me ba hlakola tiiso ea bona.

Likhetho tsa batsoali ba hau ha li ame litlhohonolofatso tsa hau. Ntho ea bohlokoa ke hore u lule u ts´epahala le ho batla litlhohonolofatso tsa tempele ka bo uena. Malebana le likamano tsa lelapa la hau, u lokela ho “ts´epa Morena le ho batla mats´eliso a hae,” u tseba hore “Ntate ea Maholimong o tla netefatsa hore motho e mong le e mong o fumana tlhohonolofatso e ´ngoe le e ´ngoe eo litakatso le likhetho tsa hae li lumellang ka teng.”

Ho etsahala eng ka batho ba shoang ka ho ipolaea?

Ha re tsebe na ho etsahala eng ka batho ba shoang ka ho ipolaea ´me re sitoa ho ba ahlola (joalo feela ka batho bohle, qetellong). “Ho sa natsoe boiteko bo botle ba baratuoa ba rona, baetapele, le litsebi, ha se kamehla ho ipolaea ho qobehang. …

“Ha ho ea loka hore motho a nke bophelo ba hae. Leha ho le joalo, ke Molimo feela ea tsebang ho ahlola menahano ea motho, liketso, le boemo ba boikarabello (bona 1 Samuele 16:7; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 137:9). …

“Ba lahlehetsoeng ke baratuoa ba bona ka ho ipolaea ba ka fumana ts´epo le pholo ho Jesu Kreste le Topollo ea hae.”

Lintlha

  1. Bona Ethere 3:16; Lithuto tsa Baetapele Ba Kereke: Joseph F. Smith (1998), 131–32.

  2. See Lithuto tsa Baetapele Ba Kereke: Brigham Young (1997), 279.

  3. Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 138.

  4. Bona Alma 11:45.

  5. Bona Luka 24:39.

  6. Bona Alma 11:43.

  7. Lorenzo Snow, Lithuto tsa Lorenzo Snow, ed. Clyde J. Williams (1996), 99.

  8. Bona Moshe 1:39.

  9. Bona Pesaleme 16:11; 3 Nefi 28:10; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 76:59, 62; 130:2; 132:19–23.

  10. Dallin H. Oaks, Mphalane 1993 seboka se akaretsang (Ensign, Pulungoana. 1993, 75).

  11. Bona Buka ea Tsamaiso e Akaretsang: Ho Sebeletsa ka Kerekeng ea Jesu Kreste ea Bahalaleli Ba Mehla ea Kajeno, 38.4.2.8 , Pokello ea Libuka tsa Evangeli.

  12. Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, 38.4.2, Pokello ea Libuka tsa Evangeli.

  13. Buka ea Tsamaiso e Akaretsang: 38.6.20, , Pokello ea Libuka tsa Evangeli.