Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Thuso e tsoang ho Jesu Kreste: ke Hobaneng le Joang
Bakeng sa Matlafalo ea Bacha ´Mesa 2025.


Molaetsa oa khoeli le khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha ´Mesa 2025

Thuso e tsoang ho Jesu Kreste:Ke Hobaneng le Joang

Utloisisa hore na ke hobaneng ha Jesu Kreste e le karabo le hore na o u thusa joang

Jesu Kreste

Lits´oants´o ka Dan Wilson

“Ke utloa eka ke lula ke senya. Hothata ho lula u leka.”

“Boemo ba ka bo boima. Ha ke tsebe hantle hore na nka ea pele joang.”

“Ke ts′oenyehile ka bokamoso. Ha ke tsebe hore na ke na le se hlokahalang hore ke atlehe.”

“Ke khathetse empa mosebtsi o ntse o le mongata.”

Na u ka amana le a mang a mathata aa? Moetapele Russell M. Nelsono rutile hore “Ho sa tsotellehe hore na u na le lipotso kapa mathata afe, karabo e lula e fumanoa bophelong le lithutong tsa Jesu Kreste” (“The Answer Is Always Jesus Christ,”´Mesa 2023 general conference [Liahona, Mots′eanong 2023, 127]).

Ho bobebe hore, “Jesu Kreste ke karabo.” Ho hloka boiteko bo eketsehileng ho utloisisa hore na ke hobaneng le hore na ke joang e leng karabo.

Hobaneng Jesu Kreste e le Karabo

Ha A mamella sehlabelo sa Hae sa topollo, Mopholosi O ile a etsa lintho tse tharo tsa bohlokoa:

  1. O hlotse lefu, a re fa monyetla oa ho tsosoa bafung.

  2. O lefile tefo ea libe tsohle, a etsa hore ho be le bokhoni ba hore re bake, re hole, ’me re khutlele ho Molimo. Seo se boetse se re thusa ho ts′oarela ba bang ha ba etsa sebe, hobane Kreste o ile a nka libe tsa bona ho Eena.

  3. O ile a utloa bohloko bohle, mahlomola, meleko, maloetse, le mefokolo (bona Alma 7:11–13). Seo se bolela hore o tseba hantle mokhoa oa ho u thusa le ho u folisa ’me a ka u matlafatsa hore u mamelle liteko le ho loanela ho ntlafala.

Khetha bothata leha e le bofe, ’me u ka hokahanya tharollo ho e’ ngoe kapa tseling tsa linnete tseo tse tharo.

Bofutsana? Hobane Jesu Kreste o bile le phihlelo ea lintho tsohle, o tseba hantle hore na bo joang. Hase kamehla a tlosang ts′itiso, empa A ka matlafatsa batho ba jereng moroalo oo (see Mosia 24:15).

Ho hloleha? Hobane Kreste o hlotse sebe, lits’ito tsa rona ha ea lokela ho ba ea ka ho sa feleng. Pako e kenyelletsa ho ntlafatsa le ho ba motho eo a tsebang hore re ka ba eena.

Bokuli? Kaha o hlotse lefu, re tla tsosoa ka ’mele e phethahetseng e ke keng ea hlola e kula le ho utloa bohloko. Kreste le eena “[a nka] … maloetsi” (Alma 7:11), a mo etsa motho ea phethahetseng ea fanang ka mats′eliso le ts′ehetso.

Kreste o Thusa Joang?

Empa le ha re tseba hore na ke hobaneng ha Mopholosi e le karabo (ka lebaka la hore na ke mang le seo a re etselitseng sona), re ntse re hloka ho tseba hore na re fumana thuso joang ho eena. Mekhoa e seng mekae ke ena:

Thapelo Ka ho rapela ka lebitso la Jesu Kreste, batho ba sa phethahalang joaloka rōna ba ka bua le Molimo ea phethahetseng. Re ka rapella matla ao re a hlokang boemong bo fe kapa bo fe, ’me Molimo o tla araba—eseng kamehla ka tsela eo re e batlang kapa eo re e lebeletseng, empa ka tsela e tla re hlohonolofatsa. Memo ea Mopholosi ke ea ’nete: “Kopa ’me u tla fuoa” (Johanne 16:24; 3 Nefi 27:29; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 4:7).

Mpho ea Moea o Halalelang. Molimo Ntate, Jesu Kreste, le Moea o Halalelang ba kopane morerong. Ba sebetsa hammoho! Nako le nako ha u utloa tataiso kapa mats′eliso ho tsoa ho Moea o Halalelang, u ka utloisisa seo joaloka ha Kreste a u thusang le eena.

Ho Boloka Lilekane. Moholo Dale G. Renlund oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli o rutile a re: “Lentsoe tsela ea selekane le bolela letoto la lilekane tseo ka tsona re tlang ho Kreste le ho hokahana le Eena. Ka tlamo ena ea selekane, re na le monyetla oa ho fumana matla a Hae a sa feleng” ( Seboka se akaretsang ’Mesa 2023 [Liahona, Mots’eanong 2023, 36]).

Mohau. Ha re sebelisa tumelo ho Jesu Kreste ´me re baka, re ka fumana thuso le matla a eketsehileng (hape a bitsoa mohau) ho phethahatsa lintho tseo re neng re ke ke ra khona ho li etsa ka borona (bona Tataiso ea Mangolo a halalelang, “Mohau”). Matla ana, kapa mohau, o ka tla ka litsela tse ngata: ho tsoa ho Moea o Halalelang, motsoalle, motho eo u sa mo tsebeng, maikutlo. Hantle-ntle eng kapa eng e ntle e tsoa ho Kreste (bona Moroni 7:22). Ha u fumana mamello e eketsehileng, matla a seng makae, matla a eketsehileng a ho mamella, hlokomela seo joalo ka ha e le Kreste ea u thusang.

Hopola Hobaneng le Joang

Ka hona, nakong e tlang ha u hloka karabo ea potso kapa bothata, sheba ho Kreste. Hopola hore ka lebaka la tlholo ea hae holim’a sebe, lefu, le liqholotso tse ling tsohle tsa lefu, ha ho letho le ka sitang. Sheba kamoo A ka u hlohonolofatsang kateng, ’me u tla bona ts’usumetso ea Hae bophelong ba hao. O le rata ka botebo!