Karolo ea 35
Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Fayette, New York kapa pela teng ka la 7 Ts’itoe 1830. Ka nako ena, Moporofeta o ne a phathahane letsatsi le letsatsi ho etsa phetolelo ea Bibele. Phetolelo eo e ne e qalile pelenyana ho Phuptjane 1830, ‘me ka bobeli, Oliver Cowdery le John Whitmer ba ile ba sebeletsa e le bangoli. Kaha joale ba ne ba se ba bitselitsoe mesebetsing e meng, Sidney Rigdon o ile a bitsoa ka thomo ea bomolimo ho sebeletsa e le mongoli oa Moporofeta mosebetsing oona (bona temana ea 20). E le selelekela sa sengoliloeng sa ts’enolo ena, nalane ea Joseph Smith e bolela hore: “Ka Ts’itoe, Sidney Rigdon o ile a fihla (a tsoa Ohio) ho botsa Morena, ‘me le eena o ile a fihla le Edward Patridge. …Ha khuts’oanyane kamor’a ho fihla ha baena bana, ke joana Morena a ileng a bua.”
1–2, Ke joang batho ba ka fetohang bara le barali ba Molimo; 3–7, Sidney Rigdon o bitsetsoa ho kolobetsa le ho fana ka Moea o Halalelang; 8–12, Mats’oao le mehlolo li tlisoa ka tumelo; 13–16, Bahlanka ba Morena ba tla pola lichaba ka matla a Moea; 17–19, Joseph Smith o ts’oere linotlolo tsa liphiri; 20–21, Bakhethoa ba tla mamella letsatsi la ho tla ha Morena; 22–27, Iseraele e tla pholosoa.
1 Mamelang lentsoe la Morena Molimo oa lona, esita le Alfa le Omega, qalo le qetello, eo tsela ea hae e leng pitikoe e le ‘ngoe ea bosafeleng, ea ts’oanang kajeno joaloka maobane le ka ho sa feleng.
2 Ke ‘na Jesu Kreste, Mora oa Molimo, ea ileng a thakhisoa bakeng sa libe tsa lefats’e, esita le joaloka ha ba bangata ba tlang ho lumela lebitsong la ka, hore ba ke ba fetohe bana ba Molimo, esita le ho ba bonngoe le ‘na joaloka ha ke le bonngoe le Ntate, joaloka ha Ntate a le bonngoe le ‘na, hore re ke re be bonngoe.
3 Bona, kannete-nete, ke re ho uena mohlanka oa ka Sidney, ke u talimile le mesebetsi ea hau. Ke utloile lithapelo tsa hau, ‘me ke u lokiselitse bakeng sa mosebetsi o moholo-holo.
4 U lehlohonolo, hobane u tla etsa lintho tse kholo. Bona u ile ua romeloa pele, esita le joaloka Johanne, ho lokisa tsela ka pele ho ‘na le ka pele ho Elija eo a tlang ho tla, ‘me ha ua ka ua e tseba.
5 U ile oa kolobetsa ka metsi bakeng sa pako, empa ba ile ba sitoa ho fumana Moea oa Hlalalelang;
6 Empa joale ke fana ho uena taelo eo, hore u tle u kolobetse ka metsi, ‘me ba tla fumana Moea o Halalelang ka peho ea matsoho, esita le joaloka baapostola ba khale.
7 ‘Me ho tla etsahala hore ho tla ba le mosebetsi o moholo lefats’eng, esita le har’a Balichaba, hobane booatla ba bona le manyala a bona li tla etsoa hore li bonahale mahlong a batho bohle.
8 Hobane ke Molimo, ’me letsoho ha lea khutsufala; ‘me ke tla bonts’a mehlolo, mats’oao, le limakatso ho bohle ba lumelang lebitsong la ka.
9 ‘Me mang kapa mang ea tla a kopa ka lebitso la ka ka tumelo, ba tla nts’a diabolosi; ba tla folisa ba kulang; ba tla etsa hore lifofu li fumane pono, le litholo li utloe, le limumu bue, le liritsa li tsamaee.
10 ‘Me nako e phakisa ho tla eo lintho tse kholo li tla bonahatsoa ho bana ba batho;
11 Empa ntle ho tumelo ha ho letho le tla bonahatsoa ntle le lesupi holim’a Babylona, e ts’oanang eo e entseng hore lichaba tsohle li noe veine ea bohale ba bootsoa ba hae.
12 ‘Me ha ho mang ea ka etsang botle ntle le bao ba lokileng ho fumana evangeli ea ka e feletseng, eo ke e rometseng molokong oona.
13 Ka baka leo, ke bitsa lintho tse fokolang tsa lefats’e, bao ba sa rutehang le ba nyatsehang, ho pola lichaba tsa lefats’e ka matla a Moea oa ka;
14 ‘Me letsoho la bona e tla ba letsoho la ka, ‘me ke tla ba thebe ea bona le thejana ea bona; ‘me ke tla tlama matheka a bona, ‘me ba tla loana ka sebete bakeng sa ka, ‘me lira tsa bona li tla ba ka tlas’a maoto a bona; ‘me ke tla lumella sabole e oele bakeng sa bona, ‘me ka mollo oa khalefo ea ka ke tla ba boloka.
15 ‘Me mafutsana le ba mosa ba tla rutoa evangeli, ‘me ba tla sheba pele bakeng sa nako ea ho tla ha ka, hobane e atametse—
16 ‘Me ba tla ithuta ka sets’oants’o sa sefate sa feie, hobane esita le joale lehlabula le atametse.
17 ‘Me joale ke rometse evangeli ea ka e feletseng ka letsoho la mohlanka oa ka Joseph; ‘me bofokoling ba hae ke mo hlohonolofalitse;
18 ‘Me ke fane ho eena linotlolo tsa liphiri tsa lintho tseo tse tiisitsoeng, esita le lintho tseo tse tlohang motheong oa lefats’e, le lintho tse tlang ho tla ho tloha nakong ena ho fihlela nakong ea ho tla ha ka, haeba a lula ho ‘na, ’me haeba ho sa be joalo, ke tla beha e mong sebakeng sa hae.
19 Ka baka leo, mo hlokomele hore tumelo ea hae e se ke ea fela, ’me li tla fanoa ke Mots’elisi, Moea o Halalelang, o tsebang lintho tsohle.
20 ‘Me taelo ke e fana ho uena—hore u tla ngola bakeng sa hae; ’me le mangolo a halalelang a tla fanoa, esita le joaloka ha a le ka sefubeng sa ka, ho isa polokong ea ba ka ba khethiloeng;
21 Hobane ba tla utloa lentsoe la ka, ‘me ba tla mpona, ‘me ba tla sitoa ho robala, ‘me ba tla mamella letsatsi la ho tla haka; hobane ba tla be ba hloekisitsoe esita le joaloka ha ke hloekile.
22 ‘Me joale ke re ho uena, lula le eena, ‘me o tla tsamaea le uena; u se ke ua mo lahla, ’me ruri lintho tsena li tla phethahala.
23 ‘Me ha feela le sa ngole, bonang, ho tla fanoa ho eena hore a porofete; ’me u tla ruta evangeli ea ka ’me u bitse ho baporofeta ba halalelang ho netefatsa mantsoe a hae, joaloka ha a tla fanoa ho eena.
24 Bolokang litaelo tsohle le lilekane tseo le tlanngoeng ka tsona; ‘me ke tla etsa hore maholimo a sisinyehe molemong oa lona, ‘me Satane o tla thothomela ‘me Sione e tla thaba holim’a maralla ‘me e tlokome;
25 ‘Me Iseraele e tla pholosoa ka nako ea ka e nepahetseng; ‘me ka linotlolo tseo tse ke li faneng ba tla tsamaisoa, ‘me ba se hlole ba ferekanngoa ka tsela efe kapa efe.
26 Phahamisang lipelo tsa lona ‘me le thabe, topollo ea lona e atametse.
27 Le se ke la ts’aba, mohlape o monyenyane, ‘muso ke oa lona ho fihlela ke e-tla. Bonang, ke tla ka potlako. Esita le joalo. Amen.