Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 33


Karolo ea 33

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith ho Ezra Thayre le Northrop Sweet, Fayette, New York, ka Mphalane 1830. Ha ho hlahisoa ts’enolo ena, nalane ea Joseph Smith e tiisa hore “Morena … o itokisitse kamehla ho laela bao ka mafolofolo ba batlang ka tumelo.”

1–4, Basebeletsi ba bitsoa ho phatlalatsa evangeli ka hora ea ho qetela; 5–6, Kereke e thehiloe, ‘me bakhethoa ba tla bokelloa; 7–10, Bakang, hobane ‘muso oa maholimo o haufi; 11–15, Kereke e ahiloe holim’a lefika la evangeli; 16–18, Lokisetsang ho tla ha Monyali.

1 Bonang, ke re ho lona bahlanka ba ka Ezra le Northrop, bulang litsebe tsa lona ‘me le utloe lentsoe la Morena le Molimo oa lona, eo lentsoe la hae e leng le potlakang ‘me le matla, le bohale ho feta sabole e leolitsoeng ka ng’a tse peli ho arola ka lehare manonyeletso le ‘moko; meea le moea; ’me ke ea lemohang menahano le maikemisetso a pelo.

2 Hobane kannete-nete, ke re ho lona hore le bitselitsoe ho phahamisa mantsoe a lona joaloka molumo oa terompeta, ho phatlalatsa evangeli ea ka ho moloko o khopameng le o khelohileng.

3 Hobane bona, ts’imo e ts’oeu e loketse kotulo; ‘me ke motsotso oa ho qetela, ‘me ke lekhetlo la ho qetela la hore ke tla bitsa basebeletsi ts’imong ea ka ea morara.

4 ‘Me ts’imo ea ka ea morara e se e fetohile e senyehileng ka hohle-hohle; ‘me ha ho ba etsang botle ntle le ba fokolang; ‘me ba fosa ka makhetlo a mangata ka lebaka la boprista ba bohata, bohle ba ba le mehopolo e senyehileng.

5 ‘Me kannete-nete, ke re ho lona, hore kereke ena ke e thehile ’me ke e bitsitse ho tsoa lefelleng.

6 ‘Me leha ho le joalo ke tla bokella bakhethoa ba ka ho tsoa likhutlong tse ‘ne tsa lefats’e, esita le ba bangata ba tlang ho lumela ho ‘na le ho utloa lentsoe la ka.

7 Ee, kannete-nete, ke re ho lona, hore ts’imo e ts’oeu e loketse kotulo; ka baka leo, kenyang lisekele tsa lona, ‘me le kotule ka sefutho sohle sa lona, ka mohopolo le ka matla.

8 Bulang melomo ea lona ’me e tla tlatsoa, ‘me le tla fetoha esita le joaloka Nefi oa khale, eo ea ileng a eta ho tloha Jerusalema lefelleng.

9 Ee, bulang melomo ea lona ‘me le se ke la baballa ‘me le tla belesoa ka mangata holim’a mekokotlo ea lona, hobane bonang, ke na le lona.

10 Ee, bulang melomo ea lona ‘me e tla tlatsoa, le re: Bakang, bakang, ‘me le lokise tsela ea Morena, ‘me le etse litsela tsa hae li otlolohe; hobane ‘muso oa maholimo o haufi;

11 Ee, bakang ’me le kolobetsoe e mong le e mong oa lona, bakeng sa ts’oarelo ea libe; ee, le kolobetsoe esita le ka metsi, ‘me ebe ho tla kolobetso ka mollo le ka Moea o Halalelang.

12 Bonang, kannete-nete ke re ho lona, ena ke evangeli ea ka; ‘me hopolang hore ba tla ba le tumelo ho ‘na kapa ha ho kamoo ba ka pholosoang;

13 ‘Me holim’a lefika lena ke tla aha kereke ea ka; ee holim’a lena lefika le ahiloe teng, ‘me haeba le tsoelapele likhoro tsa lihele li ke ke tsa hlola khahlanong le lona.

14 ‘Me le tla hopola litumelo tsa kereke le lilekane ho li boloka.

15 ‘Me mang kapa mang ea nang le tumelo le tla mo tiisa kerekeng ea ka, ka peho ea matsoho, ‘me ke tla fana ka mpho ea Moea o Halalelang ho bona.

16 ‘Me Buka ea Mormone le mangolo a halalelang a fanoe ke ’na bakeng sa taelo ea lona; ka matla a Moea o phelisang lintho tsohle.

17 Ka baka leo, ts’epahalang, le rapela kamehla, le e-ba le mabone a lona a lokile ‘me a tuka, ‘me le na le oli ho lona, hore le ke le lokele ho tla ha Monyali—

18 Hobane bonang, kannete-nete, ke re ho lona, hore ke tla ka potlako. Esita le joalo. Amen.