Karolo ea 2
Qotsulo ho tsoa nalaneng ea Joseph Smith e amanang le mantsoe a lengeloi Moroni ho Moporofeta Joseph Smith, ha a le ntlong ea patsi la ha Smith Palmyra, New York, phirimaneng ea la 21 Loetse 1823. Moroni e ne e le oa ho qetela oa lethathamo le letelele la bo-ranalane ba ileng ba etsa lingoliloeng tseo joale li leng ka pele ho lefats’e e le Buka ea Mormone. (Bapisa Malakia 4:5–6; hape likarolo tsa 27:9; 110:13–16; le 128:18.)
1, Elia o tla senola boprista; 2–3, Lits’episo tsa bo-ntate li jetsoe lipelong tsa bana.
1 Bonang, ke tla le senolela boprista ka letsoho la moporofeta Elia, pele ho ho tla ha letsatsi le leholo le ts’abehang la Morena.
2 ’Me o tla jala lipelong tsa bana lits’episo tse entsoeng ho bo-ntate, ’me lipelo tsa bana li tla busetsoa ho bo-ntat’a bona.
3 Haeba ho ne ho se joalo, lefats’e lohle le ne le tla senyeha kahohle ka ho tla ha hae.